Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Dikarabo ho Dithetefatsi

Ha ho na motho kajeno ya so kang a ameha ke dithetefatsi. Batho ba dimilione ba di sebedisitse mme ba tswelapele ho di sebedisa. Le motho ya e so kang a sebedisa dithetefatsi o o tseba motho ya kileng a di sebedisa. E ka nna ya ba setho sa lelapa kapa motswalle. E ka nna yaba motho eo o sa mo tsebeng mme tshebediso ya dithetefatsi e ileng ya baka lefu la hae tseleng e kgolo.

Dithetefatsi di lebisa ho ho se thabeng le ho se atleheng. Di tlisa tlolo ya molao le pefo. Di qhala malapa mme di senya maphelo.

L. Ron Hubbard o nkile qeto ya ho rarolla bothata bona.

Ho fihlela Monghadi Hubbard a theha lenaneo le sebetsang la dithehefatsi ho tlhabollo, ha ho ne ho se na tharollo. Ha ho na letho le ileng la etsa hore motho a kgone ho tlohela dithetefatsi, ho tswa ho dithetefatsi le ho kgutlisa bophelo ba hae.

Lenaneo la Monghadi Hubbard le fana ka tharollo e sebetsang. Ha ho na le pelaelo hore ke lenaneo le atlehang ka ho fetisisa lefatsheng.

Kajeno, lekgetlo la pele, ba nang le bothata ba dithetefatsi ba ka tobana le bophelo ka matla a matjha le tshepo. Kgaolo ena e na le melaotheo ya motheo ya lenaneo lena ebile e fana ka kutlwisiso ya pele ya bothata bo re amang kaofela.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Hobaneng ha Batho ba Sebedisa Dithetefatsi

Batho ba sebedisitse dithetefatsi ba leka ho kokobetsa bohloko le ho qoba mathata. Pele ho bohare ba lekgolo la ho qetela la dilemo, batho ba bangata ba ne ba sa sebedise dithetefatsi. Ho tloha mathwasong a bo-1960, sena se ile sa fetoha. Kajeno, batho ba dlimilione ba dikarolong tsohle tsa lefatshe ba sebedisa dithetefatsi.

Dithetefatsi ke ntho eo batho ba e nkang mmeleng ya bona e bakang kotsi mmeleng empa e sebediswa ke bona ho leka ho kokobetsa bohloko kapa ho tshwenyeha, ho hlahisa maikutlo a monate kapa ho ntlafatsa tshebetso ya bona ketsong.

Mehlala ya dithetefatsi e kenyelletsa heroine, khokheine le matekwane. Jwala le yona ke sethethefatsi.

Ho boetse ho na le dithetefatsi tse ngata tse laetsweng ke dingaka e le moriana wa bakudi ba tsona. Tsena di tsejwa e le ya bongaka meriana, tseo hape di bitswang meriana ya kalafo.

Ho na le mabitso a dikete le mantswe a puo ya e sebediswang ke batho diterateng bakeng sa dithetefatsi.

Dithetefatsi di ka fetoha mokgwa wa tlwaelo. Motho ha a sa kgona ho di sebedisa.

Le ha a ka emisa, mathata ha a fele ka nako eo. Ditlamorao tsa ho sebedisa dithetefatsi ka nako e telele di ka etsa hore motho a fokole mme di mo senye mmeleng (ho tsamaellana le mmele) le kelellong (ho tsamaellana le kelello).

Le motho ya sa sebediseng dithetefatsi ka dilemo o na le dinako tse se nang letho. Nako e se nang letho ke nako ya ha motho a sa tsebe letho, a sa hopole a sena tlhokomediso, mohopolo kapa ho utlwisisa se etsahalang haufi le yena, jwalo ka ha eka kelello ya hae ha e na letho. Mohlala, a ka nna a kganna tseleng e kgolo. Ka tshohanyetso le ho sa lebella tlhokomelo ya hae e a lelera mme ka nakwana e seng kae o se a se a se na taolo ya koloi hobane tlhokomelo ya hae ha e mathateng a hae. Pheleletso e ka ba kotsi. Dikotsi tse ngata di etsahala hobane motho a ntse a sebedisa dithetefatsi.

Dithetefatsi di ka lematsa bokgoni ba motho ba ho hlokomela nthong e nngwe, ho bolelang hore a ke ke a sebetsa hantle mme a thatafallwa ho ithuta.

Diphetho tsa sena di ka senya bophelo ba motho.

Haeba dithetefatsi di na le ditlamorao tsena tse mpe, hobaneng batho ba ntse ba tswelapele ho di sebedisa?

Ho etsahala ka tsela ena. Ha motho a utlwile bohloko kapa a sa thaba mme a sa fuwe phomolo (ho fokotsa bohloko kapa ho kokobetsa bohloko) phekolo, o fumana hore dithetefatsi di a mo imolla. Ka nakwana, dithetefatsi di bonahala di tlosa bohloko ba hae kapa di mo etsa hore a be betere.

Leha ho le jwalo, ho etsa hore tshusumetso ena e ntle e tswelepele, motho o tlameha ho tswelapele ho sebedisa dithetefatsi. Haufinyane o hloka le ho feta la yona. Qetellong, o tla kgaotsa ho etsa boiteko bofe kapa bofe ba ho hana ho sebedisa sethethefatsi sena. O tla itshetleha ka yona. Ha ngata e ba lekgoba, ho bolelang hore o sitwa ho kgaotsa ho di sebedisa.

Ha ho na motho ya batlang ho ba lekgoba la dithetefatsi. Haeba motho a ne a tsebile, dilemo pejana, hore ho na le mokgwa o mong wa ho kokobetsa bohloko ba hae kapa ho se thabe, o ne a tla be a nkile tsela eo. Empa ha ngata batho ba bolellwa hore ha ho na pheko le hore bohloko ba bona ke ba kelello. Bophelo bo ka fetoha bo sa thabise haholo ho mamella. Hangata motho eo o ba le tlwaelo ya ho ba mosebedisi wa dithetefatsi.

Bothata ba motho ya entseng hore a qale ho sebedisa dithetefatsi e ka nna ya ba ke “ho hlomoha” kapa “mokgathala.” Ntho efe kapa efe e tlisang phomolo kapa e etsang hore bophelo bo be bonolo ho sebetsana le yona, mmeleng kapa kelellong, e tla amoheleha. Empa bokgoni ba ho tobana le bophelo a dula a fokotsehile.

Motho ya sebedisang dithetefatsi mme a utlwa bohloko le ho fellwa ke tshepo o tswelapele ho sebedisa dithetefatsi. Le ha a sa batle ho ba lekgoba la tahi, ha a na maikutlo a hore ho na le tsela e nngwe ya ho tswa.

Le ha ho le jwalo, ho phela ka dithetefatsi ho ka sebetsanwa le hona ka botlalo.

Hang ha a ikutlwa a phetse hantle hape a kgona ho sebetsana le bophelo ntle le dithetefatsi ho feta kamoo a etsang ka dithetefatsi, motho ha a sa di hloka.

Scientology e na le theknoloji e nepahetseng (tshebediso ya tsebo ho ya ka morero o sebetsang) e kgelosang motho ntle le dithetefatsi le ho mo lokolla ditlamorao tsa tsona tse mpe tsa mmele le kelello.

Theknoloji ena e fumana le ho sebetsana le lebaka leo motho a qadileng dithetefatsing pele, kahoo ha a utlwe a hloka ho di sebedisa.

Dithetefatsi di thibela batho ho fihlela ntlafatso ya kelello le ya moya, e leng thomo ya nnete ya Scientology.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape