Let us know how it is going

DIKARABO HO DITHETEFATSI

THUTO YA KAKARETSO

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Dikarabo ho Dithetefatsi

Ha ho na motho kajeno ya so kang a ameha ke dithetefatsi. Batho ba dimilione ba di sebedisitse mme ba tswelapele ho di sebedisa. Le motho ya e so kang a sebedisa dithetefatsi o o tseba motho ya kileng a di sebedisa. E ka nna ya ba setho sa lelapa kapa motswalle. E ka nna yaba motho eo o sa mo tsebeng mme tshebediso ya dithetefatsi e ileng ya baka lefu la hae tseleng e kgolo.

Dithetefatsi di lebisa ho ho se thabeng le ho se atleheng. Di tlisa tlolo ya molao le pefo. Di qhala malapa mme di senya maphelo.

L. Ron Hubbard o nkile qeto ya ho rarolla bothata bona.

Ho fihlela Monghadi Hubbard a theha lenaneo le sebetsang la dithehefatsi ho tlhabollo, ha ho ne ho se na tharollo. Ha ho na letho le ileng la etsa hore motho a kgone ho tlohela dithetefatsi, ho tswa ho dithetefatsi le ho kgutlisa bophelo ba hae.

Lenaneo la Monghadi Hubbard le fana ka tharollo e sebetsang. Ha ho na le pelaelo hore ke lenaneo le atlehang ka ho fetisisa lefatsheng.

Kajeno, lekgetlo la pele, ba nang le bothata ba dithetefatsi ba ka tobana le bophelo ka matla a matjha le tshepo. Kgaolo ena e na le melaotheo ya motheo ya lenaneo lena ebile e fana ka kutlwisiso ya pele ya bothata bo re amang kaofela.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Thutong ena o tla ithuta:

  • Kamoo ditlamorao tse tliswang ke ho sebedisa dithethefatsi di ka siya motho a holofetse, le ha a se a tlohetse ho kgaotsa ho di sebedisa.
  • Ditlamorao tse mpe tsa dithethefatsi di na le kelello le motho ka boyena.
  • Disebediswa tse sebetsang tseo o ka di sebedisang ho thusa motho e mong ho tlohela dithethefatsi ka mokgwa o sireletsehileng.

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.