Let us know how it is going

PUISANO

THUTO YA KAKARETSO

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Puisano

Puisano ke e nngwe ya dikarolo tsa bohlokwahadi tsa bophelo.

Ho utlwisisa mang kapa mang kapa ho tseba ka eng kapa eng e o potileng, o tlameha ho tseba ho buisana.

Puisano ke ketsahalo e le nngwe ya bophelo eo mong le e mong a e etsang. Ke e nngwe ya dikarolo tsa bohlokwahadi tsa kutlwisiso. Mme haeba o batla ho ntlafatsa kutlwisiso ya hao, o atlehe haholwanyane, eba motho ya thabileng le ho thusa ho etsa hore ba bang ba o potileng ba thabe, o hloka ho buisana hantle.

Jwalo ka ha o ka ntlafatsa kutlwisiso ya hao ka ho bua, o ka ntlafatsa puisano ya hao ka ho utlwisisa hore na puisano ke eng le hore na o ka ntlafatsa bokgoni ba hao ba ho buisana le ba bang jwang.

L. Ron Hubbard o ile a hlahlobisisa taba ya puisano ka botebo mme a fumana dintho tsa bohlokwa tseo a di tlalehileng dithutong tsa hae, dibukeng le mangolong. O thehile mekgwa e atlehileng haholo ya ho thusa batho ho utlwisisa dikarolo tsa puisano le ho ithuta ho ntlafatsa bokgoni ba bona ba ho buisana le ba bang. Seo a se fumaneng mabapi le ele nngwe taba—puisano—se sebediswa letsatsi le letsatsi ke dimilione lefatsheng ka bophara.

Kgaolong ena, o tla ithuta hore na puisano e ntle ke eng le hore na o ka hlokomela puisano e mpe jwang. O tla ithuta hore na dikarolo tsa puisano ke eng le ho di sebedisa ho buisana le ba bang.

Ho utlwisisa dikarolo tsa puisano le ho ithuta ho di sebedisa ho tla o fa disebediswa tsa bohlokwa tseo o ka disebedisang ka ho sa feleng.

Joalokaha L. Ron Hubbard a kile a ngola, monna o ntse a phela ka mokgwa oo a kgonang ho bua.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Thutong ena o tla ithuta:

  • Mokgwa wa ho buisana le emong kaho ba mamela mme ba utlwisisa seo o se buwang.
  • Mokgwa o nepahetseng puisano e atlehileng — le wa ho ntlafatsa bokgoni ba hao ba ho buisana le mang kapa mang.
  • Disebediswa tseo o ka di sebedisang ho lokisa diphoso tsa puisano tseo o nang le tsona le e mong.

gcui_courses:welcome-thank-you

O se o loketse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta ha monate. Thuto ena e tla ho fa disebediswa tse hlwahlwa hore o disebedise bophelong ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efeng kapa efeng ho tswella pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.