Let us know how it is going
3.‎1 BALA SEHLOOHO

Puisano ka Two-way

Kgaolong e fetileng re ithutile ka potoloho ya puisano.

Mona re na le se tsebahalang e le puisano ya two-way. Potoloho ya puisano le puisano ya two-way ke dintho tse pedi tse fapaneng. Two-way ya puisano ke moo puisano e tlohang ho Joe ho ea ho Bill ebe e arohana le Bill ho ya ho Joe.

Sheba Papiso ea A ka tlase mme o tla bona potoloho ya puisano:

Joe ke moqadi, motho ea qalang puisano. Joe o bua ho hong ho Bill. Bill wa e amohela ebe Bill o fana ka karabo kapa acknowledgment. Acknowledgment e kgutlisetswa ho Joe. Ka mohlala, Joe o re, “O phela jwang?” Bill o amohela sena ebe Bill o e araba ka ho re, “Ke hantle,” e kgutlelang ho Joe. Sena se emisa potoloho ya pele ya puisano.

Jwale seo re se bitsang potoloho ya puisano ya two-way se ka etsahala, jwalo ka papiso B ka tlase:

Mona re na le Bill ya qadileng puisano le Joe. Bill o re, “O ikutlwa jwang kajeno?” Joe o amohela sena ebe Joe wa araba, “Ke ikutlwa hantle.” Sena se sebetsa e le acknowledgment ho Bill. Ena ke karolo ea bobedi ea potoloho ya puisano ya two-way.

Dipapisong tsena ka bobedi, re ka bona hore acknowledgment e boletswe kapa e bontshitswe. Ho Papiso ea A, sena e kanna ya ba ho oma ka hlooho kapa sefahleho sa kgotsofalo. Papisong ea B, ke Joe a reng, “Ke ikutlwa ke lokile.” Karabo ena e acknowledged ke Bill ka hlooho kapa polelo e bontshang hore o fumane puisano.

Joale, a re ke re hlahlobeng hore na potoloho ya two-way ya puisano e ka sebetsa jwang.

Kaha Joe a se a qadile puisano ebile a se a e phethile, a ka emela hore Bill a originate puisano le Joe. Bill o qala puisano mme sena se utluwa ke Joe, a arajwa ke Joe mme e acknowledged ke Bill. Sena se phethela karolo e setseng ya potoloho ya puisano ya two-way.

Mohlala, Joe o re ho Bill, “Ke tlo ya toropong thapameng ena.” Bill o amohela sena mme o acknowledges ka ho re, “Ho lokile.” Jwale Joe o emetse hore Bill a originate potoloho ya puisano mme Bill o qala ho Joe ka ho re, “Ke tlo dula hae thapameng ena kaha ke na le mosebetsi o mong oo ke lokelang ho o etsa.” Joe o fumana sena mme o acknowledges ka ho re, “Ho lokile. Ke tla o bona hamorao.” Seo se phethela potoloho ya puisano ya two-way.

Ka hona re fumana tlwaelo e tlwaelehileng ya potoloho ya puisano dipakeng tsa batho ba babedi.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape