Let us know how it is going
4.‎1 BALA SEHLOOHO

Drill ya Thupelo ya Puisano

Kaha jwale o se o fumane dikarolo tsa puisano le mofuta wa yona, o sebedisa tsebo ena jwang? O sebedisa seo o sa tswa ithuta sona ho Fomula ea Puisano jwang? O ka ithuta jwang ho sebedisa melao ya puisano habonolo jwalo le ka tlhaho hoo di bonahalang eka ke karolo ya hao? Ha e le hantle, o ba le puisano e ntle jwang?

Ho Scientology, ho na le drill e thusang mang kapa mang ho ntlafatsa tsebo ya hae ya puisano. Drill ke mokgwa wa ho ithuta kapa ho ikwetlisa moo o etsang ho hongata nako le nako ho fihlela o e tlwaela haholo mme o ka e etsa hantle le ha bonolo.

Tabeng ya puisano, re na le di drill tse ikhethang tse tla o thusa ho ntlafatsa bokgoni ba hao ba ho buisana le mang kapa mang.

Drill ya thupello ya puisano e boetse bo bitswa TRs.

Ka ho drill karolo e nngwe le e nngwe ya Fomula ya Puisano le di TR, bokgoni ba motho leha e le ofe ba ho kgona potoloho ya puisano mme ka hona e mo thusa ho buisana hantle le ba bang a ka ntlafatswa haholo.

Ka ho etsa drill tsena, o tla ithuta ho etsa hore puisano ea hao e utlwisiswe ke batho ba bang le kamoo o ka utlwisisang seo ba o bolellang sona. Di TR di tla o thusa ho ba “momamedi ya hantle,” ho o thusa ho kgona ho tsamaisa potoloho ya puisano eo o nang le motho e mong le ho o kwetlisa ho hlokomela le ho lokisa diphoso tsa potoloho ya puisano ya batho ba bang.

Tsena ke dintlha tsohle tse bohlokwa haholo ho bophelo ba letsatsi le letsatsi. Ho sa tsotelehe hore na o etsa mosebetsi ofe kapa o na le ditshebedisano dife le batho ba bang, bokgoni ba ho bua habonolo le ka bonnete ke ba bohlokwa.

FUMANA MOTHO EO O SEBETSANG LE YENA HO DI DRILL.

Di TRs ha di na ho etswa o le mong; o lokela ho di etsa ka thuso ya motho e mong. Fumana motho e mong ya tla sebetsa le wena mme le drill hammoho. Sena e ka ba motswalle kapa motho eo o mo tsebang.

Ha o etsa di drill, di etswa ho seo ho thweng ke phetoho. Phetoho e bolela hore motho ka mong o nka monyetla wa ho etsa drill, ho fetola ho tloha ho motho e mong ho ya ho o mong. Motheo o bolela mokgwa kapa tsela eo ntho e etswang ka yona. Mohlala, ha o ntse o etsa drill ya pele le motho e mong, o etsa jwalo ka moithuti (ya ithutang bokgoni bo rutwang ke drill). Motho ya sebetsang le wena o bitswa coach. Ha o kgona ho etsa drill hantle le ha bonolo, o tjeka ebe o thusa motho e mong ha a ntse a tswela pele ho drill. Ketso ya ho thusa e mong ka ho drill e bitswa coaching.

Di drill tsena di fana ka tataiso mabapi le karolo ya moithuti le ya coach. Hopola hore ha o ntse o etsa boikwetliso ba drill, o bitswa morutwana mme motho ya o thusang ho fenya drill o bitswa coach. Ha o thusa motho e mong, o ba coach, mme ke yena moithuti.

Ha ho na phapang hore na o qala pele o le moithuti kapa coach hobane wena le motho e mong le fetoha ho ba coach le moithuti. Ka ho thusana ka ho sebedisa di TRs ka mokgwa ona wa ho fapana, ka bobedi le kgona ho ithuta ho sebedisa ka botlalo potoloho ea puisano.

Pele o qala ho etsa di TRs, fumana motho e mong eo o tla etsa drill le yena motheong ona wa phetoho ya moithuti le coach.

Ho bohlokwa haholo hore wena le molekane wa hao le bale mme le utlwisise di drill tsena kaofela pele le qala ho di etsa.

E nngwe le e nngwe ya TRs e na le nomoro le lebitso, tse fanwang feela hore ho be bonolo ho di arola.

DITAELO

Drill e bolela boemo boo o lokelang ho dula ho bona.

Tsebo e khethehileng ya puisano eo o ntseng o sebeletsa ho e fumana ho TR e nngwe le e nngwe boletswe ka tlasa morero wa yona.

Patter e bolela se bolelwang ha ho etswa drill.

Ha e etswa ka botlalo le hantle, jwalo ka ha e ngotswe, di drill tsena di lebisa ho puisano e atlehileng—bakeng sa mang kapa mang.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape