Let us know how it is going

THAROLLO YA TIKOLOHO E KOTSI

THUTO YA KAKARETSO

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Tharollo ya Tikoloho e Kotsi

Ho bonolo ho ikutlwa o tshwenyeha ka boemo ba lefatshe. Bula TV, bala koranta kapa oye saeteng efe kapa efe ya ditaba. Seo re se bonang feela ke koduwa: ditshisinyeho tsa lefatshe, dikgohola, dintwa, moferefere le botlokotsebe.

Ho bonahala e etsahala hohle—dinaheng tse ding, naheng ya habo rona esita le haufi le hae.

E ka etsa hore re ikutlwe re sa kgone ho thusa. Lefatshe le bonahala le se kotsi feela, empa ho ntse ho eketseha haholo letsatsi ka leng.

Empa ho na le ntho ya bohlokwa eo o lokelang ho e tseba ka sena sohle. Tikoloho yona ehlile ha e kotsi jwalo ka ha e ka bonahala e le kateng.

L. Ron Hubbard o fumane hore ho na le batho ba itseng ba nang le morero wa ho etsa hore tikoloho e be le tshosetso ka moo ho ka kgonehang. Mme o fane ka ditharollo tseo mang kapa mang a ka di sebedisang ho hlola tshabo ya bona le ho sebetsana le tikoloho ya bona betere.

Thutong ena, o tla ithuta mehato eo o ka e nkang ho fokotsa letshoho tikolohong. Hape o tla ithuta ho thusa ba bang ho hlola tshabo ya bona hore ba tsebe ba kgona ho sebetsana le yona tikoloho ka botlalo. Tlhahiso-leseding ka hara thuto e ka tlisa e kgolotsusumetso mme e lebisang thabong le ho feta le maphelo a atlehileng ha holo.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Thutong ena o tla ithuta:

  • Lebaka leo tikoloho ya hao e leng ho lona e ka etsa hore o ikutlwe o ferekane, o sa kgone ho thusa ebile o se thabetse.
  • O ka thusa jwang ho fokotsa tshokelo e bonahalang ya lefatshe le o potileng.
  • Disebediswa tse tla o thusa ho eketsa boitshepo le bokgoni ba ho laola tikoloho ya hao.

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.