Let us know how it is going
4.‎1 BALA SEHLOOHO

O tla Kgona ho Toba

Kamehla ho na le ntho e teng bophelong ba motho eo a ka tobanang le yona. Ho toba ho bolela ho re ho bonolo kopana le motho kapa ntho e itseng ntle le ho e qoba. Haeba motho a ka tobana le bothata bo bong kapa karolo e nngwe, a ka etsa ho hong ka hona.

Ona ke molao-motheo o sebetsang haholo ha o bula monyako wa ho thusa mang kapa mang ho tlisa ntlafatso karolong ya bophelong ba hae.

Mohlala, mosebeletsi wa kahisano o etela mosadi ya bitswang Mofumahadi O’Leary lapeng la hae. Mofuhahadi O’Leary o na le mathata a mangata mme o jwetsa mosebetsi wa boiketlo ba sechaba.

Ha re re Mofumahadi O’Leary o tletleba ka hore monna wa hae o dula tahilwe ka dinako tsohle mme ha ho mohlang a tlisang patala lapeng. Thepa yohle e robehile mme re morao ka rente.

Mosebeletsi wa moikutlo wa sechaba, ka sepheo se setle, a ka re, “Seo o lokelang ho se etsa, Mof. O’Leary, o hlwekisitse sebaka sena kaofela. E hlwekisa ho ya tlase ho tloha hodimo ho ya tlase. Ntle le moo, re o file sesepa. Hape lata bana ba hao ba hlwekile mme ba apare mese e metjha eo metle e re e rometseng tsona. Jwale, ke tla bua le monna wa hao ka taba ya jwala.”

Le ha e ka Mofumahadi O’Leary a ka be a hlwekisitse sebaka sohle mme a kenya bana diaparo tse ntle, yena le mosebeletsi wa boiketlo ba sechaba ha ba dumellane ka botlalo. Mosebeletsi wa boiketlo ba sechaba o jwetsitse Mofumahadi O’Leary ho hong hoo Mofumahadi O’Leary a tsebang ka boiphihlelo ho ke keng ha etswa. O tseba hore ha ho motho ya ka buang le monna wa hae ka jwala. Ha a nahane hore esita le tlhaselo e akaretsang ya Sesole sa United States e ka etsa letho ka ho nowa ha Monghadi O’Leary. O tseba sena. Mosebeletsi wa maiketlo a sechaba o se a le mothating wa ho fumana nnete ka Mofumahadi O’Leary ntlheng ena.

Ha re re ho fapana le hore mosebeletsi wa maiketlo wa sechaba a fumane ntho eo Mofumahadi O’Leary a ka tobanang le yona mme o mo kopile hore a etse jwalo. Leha sena se utlwahala se le bonolo haholo, se a sebetseha haholo.

E kanna yaba o hlokometse hore ka hara dipuisano tsa bona, Mofumahadi O’Leary o ne a qhadile se tshwara molora. Kahoo o re, “Ke tla o jwetsa hore nna ke tla etsa eng. Ke tla qala ho kenella nthong ena hanyane ka nako, ebe ke hlwekisa sebaka seo. Jwale, ke hobaneng o sa boloke ditshwara molora di se na letho?”

Qalong Mofumahadi O’Leary a ka halefela mosebeletsi wa sechaba. Kamora hore mosadi a tsamaye, o tla potoloha a lahla dintho tse tshwarang molora.

Hoya makatsa. Ka tshwanyetso, Mofumahadi O’Leary a ka ba le tshepo e kgolo. Ha a kopuwa hore a hlwe leralla le leholo. O kopjwa ho tobana le ho etsa ntho eo a utlwang hore a ka e etsa. Ka mora nakwana, a ka ba a ba le maikutlo a hore ho na le ho hong ho ka etswang mabapi le honwa ha Monghadi O’Leary.

Mokgwa ke ho fumana hore na mathata ke a feng ebe o etsa ho hong ka ona e ka etsuwang ke motho ya kgonang ho etsang.

Mokgahlelo wa pele wa tshepo ke “Ho na le ho hong ho lokelang ho etswa ka hona,” mme mokgwa wa bobedi ke “Ke ntho o ka e etsang.”

Molao-motheo ona wa hofa motho ntho eo ba ka tobanang le yona ho e etsa o bohlokwa haholo dibakeng tse ngata.

Batho ha ngata ha ba tsebe ho tsamaellana le bophelo ho feta moo. Ba utlwa eka ba ke ke ba ntlafala bophelong, hore ho ka se kgonehe ho ba betere. Empa ka ho sebedisa tlhahiso-leseding ena, o ka bontsha motho kapa sehlopha sohle sa batho hore ho ka kgoneha hore o fole.

Qala ka ho bolella motho eo o batlang ho mo thusa, “Ngola pampiring lethathamo le lekgutshwanyane la mathata a hao o nang le ona bophelong ba hao.”

Ha a qetile, botsa, “Ke efe ho tsona eo ho leng bonolo ka ho fetisisa hore o tobane le yona? Jwale e ngole fatshe.”

Ebe o mo jwetsa, “Jwale ngola seo o tsebang hantle hore o ka se etsa ka ntho eo ya ho qetela eo o e ngotseng.”

Qetellong, mo bolelle hore, “Jwale, na o bona seo o se ngotseng tlase leqepeng? E etse!”

O sebedisa melao-motheo ena, o ka ba moeletsi ya atlehileng haholo. Fumana tekanyetso ya seo batho ba sa nahana ka bothata le mathata a bona. Ebe o fumana ho bona hore ke efe ho tsena ba ka di utlwa hore ba ka kgahlana le yona. O qetella ona le bothata bo le bong kapa hona ho thathafallwa, mme ba tla kgona ho etsa eng ka bothata boo. Mme ba tla etsa ho hong ka hona mme ba tla hlola.

Ntho feela eo o lokelang ho e ela hloko ke hore ka dinako tse ding batho ba qala ho tsamaya ka boitsepo bo boholo, jwalo ka ngwana ya sa tse a ithuta ho tsamaya, o potlakela phapusing ka lebelo le phahameng. Hangata bawa ka sefahleho ha a nka mohato wa boraro. Ba ka ba le takatso e fetelletseng ya bophelo. Kahoo o tlameha ho fana ka keletso, “Se ke wa etsa se fetang mona hona jwale.”

Haeba o e etsa kgwebo ya hao ho (1) potlakela ho fumana tekanyetso ya seo motho a nahanang hore se fosahetse; ebe (2) fumana hore na ke efe ya dintlha tsena eo a ka tobanang le yona; ebe (3) fumana seo a tlang ho se etsa ka ntlha eo a nahanang hore a ka e etsa; ebe (4) etsa hore a e tsebe, mme ka nako eo o tsitlella haholo ntlheng ya ho etsa hore ntlha eo e fihle, o tla ba le tumellano nako le nako.

Baa tseba hore o ba eletsa ka kgakanyo ya bona ya boemo, kahoo baka bua ka teng.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape