Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Tharollo ya Tikoloho e Kotsi

Ho bonolo ho ikutlwa o tshwenyeha ka boemo ba lefatshe. Bula TV, bala koranta kapa oye saeteng efe kapa efe ya ditaba. Seo re se bonang feela ke koduwa: ditshisinyeho tsa lefatshe, dikgohola, dintwa, moferefere le botlokotsebe.

Ho bonahala e etsahala hohle—dinaheng tse ding, naheng ya habo rona esita le haufi le hae.

E ka etsa hore re ikutlwe re sa kgone ho thusa. Lefatshe le bonahala le se kotsi feela, empa ho ntse ho eketseha haholo letsatsi ka leng.

Empa ho na le ntho ya bohlokwa eo o lokelang ho e tseba ka sena sohle. Tikoloho yona ehlile ha e kotsi jwalo ka ha e ka bonahala e le kateng.

L. Ron Hubbard o fumane hore ho na le batho ba itseng ba nang le morero wa ho etsa hore tikoloho e be le tshosetso ka moo ho ka kgonehang. Mme o fane ka ditharollo tseo mang kapa mang a ka di sebedisang ho hlola tshabo ya bona le ho sebetsana le tikoloho ya bona betere.

Thutong ena, o tla ithuta mehato eo o ka e nkang ho fokotsa letshoho tikolohong. Hape o tla ithuta ho thusa ba bang ho hlola tshabo ya bona hore ba tsebe ba kgona ho sebetsana le yona tikoloho ka botlalo. Tlhahiso-leseding ka hara thuto e ka tlisa e kgolotsusumetso mme e lebisang thabong le ho feta le maphelo a atlehileng ha holo.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Tikoloho e Kotsi Hakae?

Tikoloho e bolela tsohle tseo potileng: batho, dintho le dibaka tse haufi kapa tse o potileng. Tikoloho ke ntho e pharalletseng haholo. Ntho engwe le engwe eo potileng: haufi le hole, e ka o amang bophelong ba hao, ke karolo ya tikoloho ya hao.

Batho bangata ha ba tsebe feela hore tikoloho e kotsi, empa hore e eketseha letsatsi ka leng. Ba bangata, ke phephetso ho feta kamoo ba neng ba nahana hore ba ka sebetsana le yona.

Nnete ya taba ke, leha ho le jwalo, ke hore tikoloho e e etswa hore e hlahe e le kotsi ho feta kamoo e leng ka yona.

Batho ba bangata haholo profeshenale baetsi ba tikoloho e kotsi. Sena se kenyelletsa diporofeshene tse hlokang tikoloho e kotsi bo teng ba tsona, jwalo ka radipolotiki, lepolesa, radikuranta, moetsi wa dipapadi le ba bang. Ba “rekisa” tikoloho e kotsi. Haeba ba sa rekise tikoloho e kotsi, ba ikutlwa ba tla sotleha. Hore, ho molemong wa bona ho etsa hore tikoloho e be kotsi ho feta kamoo e leng ka teng. Tikoloho e kotsi ho lekaneng, empa ba etsa hore e be kotsi kotsi.

Mohlala o totobetseng o ka bonnwa dikoranteng. Ha ho na dipale tsa ditaba tse monate. Ba tlaleha ditaba tse mpe le koduwa ​​mme haholo ba iphapanyetsa ditaba tse monate, ba etsa hore tikoloho e hlahe e tletse ditshoso.

Mohlala o mong ke radipolotiki ya nang le takatso ya ho khethwa ya fanang ka dipuo le hore na sebaka sena se tletse ka botlokotsebe le pefo eo yena fela aka etsang ho hong ka tsona. Ee, botlokotsebe le pefo di teng sebakeng seo. Empa o etsa hore e shebahale e le mpe ho feta ka moo eleng kateng hore batho ba mo kgethe.

Hare tlohele mohopolo ya bohata batho ba e fuweng mabapi le tikoloho. Dilemong tse mmalwa tse fetileng, motho e mong o ile a tla le kgopolo hore batho ba dikarolong tse ding tsa lefatshe ha ba tswele pele ka ho lekaneng hobane ba haellwa ke phephetso ya tikolohong ya bona. Phephetso ke ntho e lekang bokgoni ba motho e mong mme e hloka hore a sebedise matsapa matle.

Engwe ya dinaha tseo motho enwa a neng a nahana ka yona ke Mexico. Mohlomong o ne a bone postara ya mohahlaudi e nang le setshwantsho sa mo Mexican, a le letsatsing, a dutse kgahlanong le lebota a rwetse katiba ka mahlong le lesela mehetleng. Kahoo o itse lebaka la hore moMexican a se ke a atlehe ke hore ha ana e lekaneng phephetso tikolohong ya hae. A re lebaka leo batho ba Amerika Borwa ba se phathahane le dinaha tsa bona ene e le hore ha ba na phephetso e lekaneng ya tikoloho.

Ha ho bonahala eka o buile le batho ba Mexico kapa ba Amerika Borwa. Ho bonahala a hapile mohopolo wa hae mabapi le bophelo ka ho bala dibuka tse ngotsweng ke batho ba tshwanang le yena ba qetileng boholo ba nako ya bona dilaeboraring.

Mona ke mohlala o mong wa kgopolo o tshwanang. Ho tswa Philippines, monna e mosweu o tlola hodimo mme o re ho Igorrotes (morabe o dulang sebakeng se dithaba se ka lebowa), “Jwale, ha o ka etsa tsela e tlohang motseng ho theosa nokeng ebe o nka kariki hoseng, mme o theohele nokeng, mme o tlatse tanka ya metsi o e tlise mona, basadi ba moo ba ke ke ba lokela ke ho tsamaya ka maoto ho ya nokeng. Mme o tlameha ho etsa porojeke hang.” O maketse hore ha a ka a e phetha hanngwe. Oya tsamaya mme a re, “Ha-ha! Batho bao ha ba na phephetso e lekaneng tikolohong ya bona. Ha ho na letho leo ba ka lekanyang ho fihlela, ​​eseng jwalo ka rona ba Bophirima. Re na le phephetso tikolohong ya rona.”

Mohlanka enwa o bile le phephetso tikolohong ya hae? Mme wa hae o ile a ahlamisa molomo wa hae mme a kenya dijo-thollo tsa hoseng ka hara yona mme ntate wa hae o ile a ngola disheke tsohle ho lefa koletjhe. tsela ya hea katilwe ka mahlakore ohle ka motjhini le dikoloi. Tikoloho e se e shapuwe. Ehlile o ne a ka kgona ho ema hodimo mane e ba lerata mme o be sebete.

Tikoloho ya nnete ke efe ya Igorrote ka hara Philippines, mola a ntse a dutse potapotile mollo, a mametse motho a mo jwetsa hore jwang ho etsa tsela e yang tlase nokeng? O na le moshanyana e monyane mme o nahana hore enwa ke moshanyana e monyane e motle haholo. Empa wa tseba hore moshanyananyana ha a na monyetla wa ho phela ho fihlela ho tse supa ka lebaka la lefu, dijo tse mpe le mathata a mang. Wa tseba hore ha dipula di tla, di tlabe e le tse boima hore peo engwe le engwe eo a e jetseng e tla kgoholwa di tswe mobung hape le masimo a tla a hlotswe dikoto. Haeba a ka kgona ho pholosa tseding tsa dintho ho tswa ho seo, a ka nna phela dikgwedi tse mmalwa. O tseba hantle hore seo a lokelang ho se etsa ke ho tsamaya tlasa sefate se fosahetseng mme o longwe ke noha e tjhefu mme eo e tla ba pheletso ya hae oo. Ka mantswe a mang, yena se a tseba hore a ke ke a phela, jwale hobaneng o leka?

Ha se hore ha ho na phephetso tikoloho. Ke hore phephetso e sithabetsang, moelelo hore e kgolo hoo mang kapa mang a neng a ka ikutlwa hore a ke ke a sebetsana le yona.

Batho ba bang ba rata ho jwetsa mofuta ona wa pale: motaki wa ditshwantsho e monyenyane o dulang Terre Haute, toropong o nyane ya United States seterekeng sa Indiana. Ha a na metswalle mme qetellong o ya toropong e kgolo. Ba etsa phello e ntle ho sena. Tikoloho ha e na phephetso, bare, ke lebaka leo a ileng a dula toropong e kgolo hore a tlo ba le phephetso e ngata. Ehlile? Lebaka le entseng hore e be motaki pele ke hore o ne a sa batle ho sebetsa lebenkeleng la lehae le monna e mong ya bitswang Butch Gregerty, a akgela dibeili tsa furu haufi. Mohlanka enwa o mo hlorisitse nakong ya sekolo sa bana ba banyenyane, a mo hlorisa nakong a kenang sekolong sa ba phahamengnyana sa bana mme a mo hlorisa nakong eo a kenang sekolo se phahameng. Jwale o kopjwa hore a mo sebeletse lebenkeleng la moo. Ke e kgolo nyana phepetso.

Ha ho motho moo ya rekang botaki ba hae. Ha ho motho ya mo bitsang “monghadi” kapa ya mo bontshang hlompho ho seo a se etsang. Tikoloho ha e na botswalle hanyana. Ha a na bo bong bokamoso, ka moo a bo nahalang ka teng, jwalo ka sebini. Ha a kgone ho kgona ho buisana hantle le batho ba sebakeng sa habo, kahoo o ikutlwa a sa kenya thuso ho yona. Ka mola wa mosebetsi wa hae o tobana le tlala. Ke yona tikoloho e se nang botswalle. Kahoo o ya ho a nang le botswalle: Greenwich Village, New York.

Ka hona re fihlela qeto ya hore haeba motho a se a sa kgone ho etsa bophelo ba hae seo a batlang ho se etsa, jwale o tikolohong eo a e fumanang e sithabetse. Mekgwa ya hae ya ho nka hlokomelo eo ya tikoloho ha se ho se phele ha hae. Boteng ba hae ha bo jwalo ka kutlwelo-bohloko kapa a sa thaba jwaloka tikoloho eo ya hae bonahala e sithabetse.

Haeba re utlwisisa ho sibolla, re nkile mohato wa ho thusa motho ho tswara tikoloho ya hae hantle.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape