Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Dipatlisiso

Batho ba bangata ba nkile nako ba leka ho fumana hore ke hobaneng ba sa atlehe kapa hobaneng mathata a bona a sa fele kapa hobaneng tse ding tsa diprojeke tsa bona di atleha tse ding disa atlehe. Ditlamorao ke ho sheba sheba le ditlamorao tse mmalwa. Ntle le ho tseba hore hantle o batlisisa jwang ho fumana dintlha tsa nnete, motho ha na monyetla wa mannete wa ho fumana hore molato keng kapa ho tla ka ditharollo.

Ho sa fumaneheng ke ho etsa dipatlisiso tse maleba. Hangata, ha motho a sa utwisise ho hong, a ka amohela tlhaloso efe ka efe ya pele eo a e fumanang le ha e fosahetse hakae. Ditlamorao ke hore, mekgwa e lokileng ya ho etsa dipatlisiso ha ya latellwa. Leha hole jwalo, L. Ron Hubbard o atlehile ho kutlwisisong ena (tabeng ya kutlwisiso). Ho tswa phihlello ena ho bile ntshetsopele ya hae ya tsela ea pele e sebetsang e le kannete ya ho batla le ho fumana mabaka a sebele a dintho.

Ho tseba ho batlisisa ho o fa bokgoni ba ho kgetha hara dintlha le maikutlo a mangata mme o fumane mabaka a sebele ho atleheng kapa ho hloleheng ho karolo ya bophelo. Ka ho tseba hore na hobaneng dintho di le ka tsela eo di leng ka yona, o tla kgona ho lokisa le ho ntlafatsa boemo—boemo bofe kapa bofe. Ena ke theknoloji ya bohlokwa bakeng sa batho tsamaong efe kapa efe ya bophelo.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Dipatlisiso le Tshebediso ya Tsona

Ho tswa letsatsing le tsatsi le beke ka beke, motho a ka kopana le maemo a seng monate ho bophelo ba hae. Ka tsela e itseng o kgona ho ho feta dinakong tsena, a kgolisehile hore ha ho letho a le etsang ho ntlafatsa bophelo ba hae. Mohlomong projeke e rerilweng dikgwedi mosebetsing ha e tlise katleho e lebelletsweng, tlhahiso ka ofisi e theohile haholo dikgwedi tse mmalwa tse fetileng kapa keketso ntlong ya hae e nkile nako e telele ho kamoo ho neng ho rerilwe sethatong. Dintho tse jwalo di ya etsahala ebile ke diketsahalo tse tlwaelehileng ho ba bangata ba rona.

Empa tsena ha di hloke ho ba mefuta e tlwaelehileng ya boiphihlelo e etsahalang ho bophelo ba hao. O ka phela hamonate mme wa fihlela dipakane tsa hao karolong efe kapa efe ya bophelo—ka bo wena, le lelapa la hao, mosebetsi kapa sechaba sa heno. Dipheo tseo o neng o inahanetse tsona di ka phethahala.

Haeba dipakana tse jwalo di sa fihlelehe kapa haeba o le boemong bo ntseng bo mpefala, ho na le sesosa sa sena se ka fumanwang. Ka tlwaelo, kgopolo ena ke eo hangata batho ba sa e hlokomeleng—dintho ehlile di ya bakwa. Ha di etsahale feela. Ho na le mabaka a etsang hore o be le maemo ohle a sa thabiseng kapa a thata—mabaka ao o ka etsang ho hong ka ona.

Ntle le ho tseba sena, hangata Motho o itshetleha ka tumelo ya hore boloi kapa mahlohonolo a na le matla a ho ba le tshusumetso bophelong ba hae, kapa o sheba ho ithuta dinaledi ho tseba bokamoso ba hae, ha e le hantle a nahana hore metsamao ya dipolanete le dinaledi e ka mo jwetsa hore na ho tla jwang etsahala ho bophelo ba hae. Ha ho letho la sena le thehilweng ho lebaka kapa tsebo. Batho ba bangata ba na le tshepo ya hore ha ho na thuso (mohlomong ba ke ke ba ba le sephetho se lakatsehang) hore ha ho na letho le tla senyeha kapa ba ithetsa ka tumelo ya hore bophelo ka tlwaelo ke ntwa le hore “ke kamoo bophelo bo leng ka teng.”

Mohlala, sehwai se nang le dijalo tse futsanehileng haholo ka selemo se seng ha se na tlhaloso ya sena e etsang moelelo. Ha a tsebe hore ke yena ya bakileng boemo bona. Leha ho le jwalo, haeba o ne o ka e sheba, o tla fumana hore pejana molemi o ne a hlolehile ho boloka peo e bolokehile bakeng sa ho lema nakong ya selemo, kahoo dipeo di ile tsa lematswa ke dikokwanyana. Ha a sa hlokomele sena, a ka tla ka “mabaka” a mefuta yohle a fosahetseng kapa a ka qosa bomadimabe.

Mohlala o mong ke ona. Fekthering e nang le tlhahiso e tlase, mookamedi o ntse a tsamaisa basebetsi, o hira basebetsi ba bacha, jwalo-jwalo, ka boiteko ba ho eketsa tlhahiso pele fektheri e ka putlama. Empa mookamedi a kanna a se be le boiphihlelo bo hlokahalang ho hlahloba hore na feme e sebetsa jwang ho fumana sesosa sa tlhahiso e tlase. Haeba o hlahloba fektheri, o ka fumana hore barekisi ba dihlahiswa tsa yona tse tala ba hanne ho tla hobane ofisi e sebetsanang le ditaba tsa dichelete tsa feme ha e ne e sa lefelle dikoloto.

Ho sheba, ho sebetsana le ho ntlafatsa boemo bofe kapa bofe jwalo ka karolo efe kapa efe ya bophelo ho hloka tsebo ya ho etsa dipatlisiso—bokgoni ba ho nahana ka mokgwa o utlwisisehang kapa o nang le kelello ebe o fihla sesosa sa bothata.

Ho etsa dipatlisiso ke ho sibolla dintlha le ho di lokisa ka hloko. Ha o etsa dipatlisiso, o ntse o fuputsa le ho hlahloba dintlha tsa ho hong ho leka ho ithuta dintlha, haholoholo leka ho fumana sesosa.

Ha o etsa dipatlisiso tse nepahetseng, o fumana sesosa sa bothata boo o tobaneng le bona. Mohlala, mokgatlong o mong le o mong, o ka bona hore tlhahiso ya yona e theohile. Sena ha se boemo bo botle mme se lokela ho fuputswa le sesosa se fumanehe. Dipatlisiso di ka sebediswa ho bophelo ba hao ho ntlafatsa maemo.

Ha o etsa dipatlisiso, o lokela ho botsa potso, “Ha ke utlwisise eng?” mabapi le maemo a teng a batlang hore ke sebetsane le ona. O tla fumana hore dintlha tse pedi ha di dumellane—ho bolelang hore di fapane mme di etsa hore ho be thata hore ka bobeli e be nnete—ka hona o ke ke wa di utlwisisa. Kahoo o leka ho hlakisa dintlha tsena tse pedi: o botsa dintlha tsena tse pedi mme o tla fumana ntlha e ngwe eo o sa e utlwisiseng. Ha o leka ho utlwisisa ntlha ena, jwale o tla fumana ntlha e nngwe eo o sa e utlwisiseng. Mme ka nako e nngwe ha o le tseleng, o tla fumana lebaka kapa sesosa sa maemo ao o etsang dipatlisiso ka ona.

Patlisiso efe kapa efe e lokela ho hatela pele ka tsela ena—e tswele pele ho botsa dipotso nako le nako ha ho hong ho sa utlwahale. Ka dinako tse ding dipotso tse ngata di lokela ho botswa, ka dinako tse ding ho hloka feela hore “Lerata lefe?” ho o lebisa ho mohlodi wa mathata. Mona ke mohlala wa dipatlisiso tse entsweng kapele ka lebaka la boemo ba tshohanyetso: Moenjineri o sebetsa ka kamoreng ya enjine ya sekepe. Kaha esale e le moenjiniere ka dilemo tse ngata, o sebedisa boiphihlelo ba hae ha a bona sebaka sa hae. O utlwa molumo o sheshang o sa lokelang ho ba teng—ho hong ho fapaneng le maemo a tlwaelehileng ka kamoreng ya enjine. O sheba kapele sebakeng seo mme ha a bone letho le sa tlwaelehang ntle le leru le lenyenyane le lesweu. Moenjineri o kopanya seo a se bonang le seo a se utlwang ebe o leba ho leru le lesweu hore a tsebe ho sheba hantle. O bona valve e robehile, a kwala hang hang mola wa sekepe (mokgwa wa dipeipi tse tsamaisang mouwane bakeng sa ho futhumatsa le matla a sekepe). Ho shesha hwa emisa.

Ka mantswe a seng makae, (a) o fumana karolo e sa sebetseng hantle ya mokgatlo kapa eng kapa eng eo o e batlisisang, mme (b) o fumana ho hong hoo o sa ho utlwisiseng ka hona ebe (c) o botsa dipotso tsa batho ba sebakeng se amanang le bothata kapa o sheba kahare ho sebaka ho fumana lesedi le eketsehileng.

Ka ho latela mehato ena ka tatellano ena, o tla fumana sesosa sa mathata a ka rarollwang hore sebaka se sebetse hantle hape. Ka mokgatlong, o ka sebedisa mehato ena e meraro khafetsa, mme hangata e tla ba e lekaneng ho e boloka e sebetsa hantle haholo.

Dipalo (palo kapa tekanyo ha di bapiswa le palo kapa tekanyo ya pejana ya se tshwanang) di bapala karolo dipatlisisong. Palo e bontsha tlhahiso ya ketso, sebaka kapa mokgatlo, ha o bapiswa le motsotso o fetileng. E bontsha hore na sebaka seo se fihlela morero wa sona kapa che—haeba dipalo di ntse di eketseha, se ntse se phethahatsa morero wa sebaka seo hobane dintho di lokela ho ba kgolo, eseng tse nyane mokgatlong o mong le o mong.

Ha o etsa dipatlisiso, o sheba dipalo tse theohileng (tse fokotsehang). Sena ha se na kelello, ehlile, kahoo o botsa batho ba ikarabellang bakeng sa tlhahiso eo dipalo di lekanyang. Dikarabong tsa bona ho tla ba le ho hong ho sa utlwahaleng ho wena—ka mohlala, ba ka re “Re ke ke ra lefa dikoloto hobane Josie o ne a ntse a qeta nako mosebetsing ho etsa thupelo.” O ntse o batla feela ntho e sa etseng moelelo. Kahoo o belaella motho ya o fileng tlhahiso-leseding ena hape o bua le Josie ka dikoloto. Haufinyane o tla fumana lebaka la nnete. Maemong ana, a re re o fumana hore Josie o etsa thuto ya boikarabelo ho ditaba hobane o ne a sa tsebe ho sebetsana le diakhaonto hantle. Ka lebaka leo, o ne a tshaba ho lefa dikoloto ho fihlela a qeta thuto. Kaha jwale o fumane sesosa se nepahetseng, ho bonolo hore o sebeletse hore na o ka e etsa jwang. Khamphani e hlile e na le chelete e ngata ho lefa dikoloto mme sena se etswa hang-hang, ha ho ntse ho etswa bonnete ba hore Josie o phethela thupelo ya hae mme o tseba ho etsa accounting.

Ha o ntse o tsamaya tseleng ya dintho tseo o sa di utlwisiseng, e nngwe ya dintho tse pedi e tla etsahala. Mohlomong ke pheletso e shweleng (ketso ya tshebetso e sa hlahiseng ditholwana) mme ha e tswele pele, ka nako eo o kgutlela ntlheng ya pejana ya dipatlisiso tsa hao moo dintho di neng di qala ho utlwahala, kapa dipotso tsa hao di hlaha tlhahiso-leseding e batsi e sebetsang. Haeba e hlahisa tlhahiso-leseding e ngata, o tla fumana dintho tse ding tseo o ke keng wa di utlwisisa tseo o ka di latelang.

Ha o kopana le dintlha tse pedi tse fapaneng (tse fapaneng), o botsa dipotso ka dintlha tsena tse pedi ebe o fumana ntlha e nngwe eo o sa e utlwisiseng. O tswelapele tseleng ena ya dintho tseo o sa di utlwisiseng ho fihlela lebaka la nnete le fumaneha.

Ho e beha mokgwa o mong o tla fa setswantsho se hlakileng, bokgoni ba ho etsa dipatlisiso bo tshwana le ho fumana sekotwana sa kgwele e hlaheletseng—ntho eo o sa e utlwisiseng—mme, ka ho botsa, hula kgwele. Ha o hula, ho hlaha katse e nyane. O hula kgwele ka ho botsa dipotso tse ding ebe ngwana wa korila wa hlaha. O hula ho ya pele mme ho hlaha nkwe. Jwale o hula hape mme wow! O na le tanka ya General Sherman (tanka e kholo ya matla e rehilweng lebitso la mogenerale ya tummeng)! Ke seo o neng o se batla, lebaka la nnete la mathata ao o batlang ho a rarolla.

Wa bona, ha ho utlwahale hore batho ba be botswa kapa dithoto. Ka tlase ho bothata o tla fumana sesosa sa nnete sa batho ho sa nke kgato leha e le efe mokgatlong o thatafallwang kapa bothata boo ho neng ho sa bonahale tharollo.

Ha o na le “tanka ya General Sherman,” o ka nka bohato.

Kamehla ho na le lebaka le etsang hore ho be le dipalo tse mpe kapa boemo bo bobe. Botsa dipotso tsa batho ba amehang ho fihlela o tseba lebaka la nnete le rarollotswe. Ha ena ho ba hore “Jane ha a kganye.” Ho na le monyetla o moholo: Jane o ne a hirilwe e le mongodi empa a sa tsebe ho thaepa. Kapa motsamaise ya okametseng sebaka ha ho mohla a tlang mosebetsing.

Lebaka la nnete la palo e tlase hangata ke ntho e ka utlwisiswang habonolo. Haeba o botsa dipotso tse lekaneng, o tla fumana lebaka la nnete ebe o nka bohato bo sebetsang.

Mokgwa ona wa ho etsa dipatlisiso, leha o le bonolo haholo, o sebetsa haholo hobane o fumana ditholwana tse ntle. E ka sebediswa ha o tobana le maemo a bonolo kapa leha ho le thata ho utlwisisa mathata e le hore o ka fumana lebaka le a bakang. Sena se o thusa ho di rarolla.

Ha o ntse o etsa dipatlisiso, tsebo ya hao e tla ntlafala. O ka ntlafatsa boiphitlhelo ba hao le ho etsa hore bo sebetse haholwanyane e le hore o tsebe ho bona hanghang ntho eo o sa e utlwisiseng ebe o nka khato. Le ha bokgoni bona e se ba tlhaho ho batho—ba sa tswalwa ba ena le bona—o ka ba le boiphitlhelo habonolo.

Ho etsa dipatlisiso ka potlako le ka katleho, o tlameha ho utlwisisa le ho sebedisa melao-motheo ya kutlwahalo—taba e sa utlwisisweng hantle mme e ferekantswe ntle le lebaka le letle. Ha ho sa le jwalo. Sehloohong se latelang o tla ithuta ka dintho tsa motheo mabapi le kutlwahalo.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape