Let us know how it is going
5.‎1 BALA SEHLOOHO

Mokgwa wa ho Sebetsana le Menyenyetsi le Matsholo a ho Hweshetsa

Ho na le nako eo ka yona botumo ba hao (maikutlo a batho ba bang ka wena) bo hlekefetswang ke menyenyetsi e mebe. Diphello tsa sena e tla ba hore batho ba bang ba tla fumana mohopolo o fosahetseng ka wena mme ba kanna ba ikutlwa ba sa dumellane le wena. Ka pono ya bona, ha o na nnete jwaloka kamoo o neng o le ka teng pele ba utlwa dintho tse mpe ka wena. Kahoo dikamano tsa hao le ba bang di ka fokola.

Dikamano tse ntle tsa setjhaba di lokela ho tlisa “mesebetsi e metle e phatlaladitsweng hantle.” Empa ho fumana motho e mong a phatlalatsa menyenyetsi ya mashano e fosahetseng ka wena ho tla fella ka se kgahlanong, e ka bang “mesebetsi e mebe e phatlaladitsweng ka leshano.”

Mohlala, nka motsamaisi wa ntlo ya dijo ya bolellang bareki ba hae mashano ka sebaka sa ho jella se setjha se sa tswa bulwa malebana le bona, a re se na le ditheko tse tlase hobane ba reka disebeliswa tsa theko e tlase ebile di se na phepo, kahoo dijo tsa bona di ka kudisa batho. Sena ha se nnete mme se jala menyenyetsi ya leshano mabapi le ntlo eo ya dijo.

Ka dinako tse ding motho a ka leka ho iphapanyetsa menyenyetsi ya leshano eo motho e mong a e jalang ka yena. A kanna a amohela sena e le karolo ya bophelo, a nahana hore ena ke tsela eo ho leng ka teng le hore tlhaho ya motho e ke ke ya tsheptjwa. Kapa e kanna yaba o lekile ka matla ho sireletsa botumo ba hae. Empa ntle le haeba a ne a ena le tsebo ya ho sebetsana le dikamano tsa setjhaba, ho hana ha hae ho kanna ha mpefatsa dintho le ho feta.

Ho etselletsa (ho bua dipolelo tse fosahetseng tse kotsi ka motho e mong) ha ho etsahale feela ho batho ba tummeng kapa ho batho ba bang ba tsebahalang. Menyenyetsi le mashano di ka etsa hore bophelo bo se be monate haholo sehlopheng leha e le sefe.

O etsa eng ha o tshoswa ka tlhaselo e jwalo lebitsong la hao le letle kapa lebitsong la sehlopha sa hao kapa la kgwebo?

Ho na le ditharollo tse tlwaelehileng tsa dikamano tsa setjhaba bothateng bona tseo o lokelang ho di tseba le ho di sebedisa haeba mofuta ona wa bothata o hlaha. Ke ditharollo tse tlwaelehileng hobane ke diketso tse ntle haholo mme di ka sebetsa nako le nako ho o thusa ho phetha seo o ikemiseditseng ho se etsa. Mme ntlheng ena, o batla ho kgutlisa botumo bo botle ba sehlopha sa hao, kgwebo kapa bakeng sa hao.

Pele, ho bohlokwa ho utlwisisa seo o leng kgahlanong le sona.

“Black propaganda” ke lentswe le sebediswang ho hlalosa mekgwa e sebediswang ho senya botumo kapa tumelo ya setjhaba ho batho, dikhamphani kapa ditjhabeng. Ka black ho bolewa ho hobe kapa ho kgopisang (ho rohaka kapa ho bontsha ho hloka tlhompho) mme mashano a bolela ho qobella polelo kapa mehopolo ho susumetsa (ho ba le phello kapa ho fetola boemo ba) hore batho ba nahane ka tsela e itseng.

Thekniki (mokgwa) ya black propaganda e leka ho theolela seriti sa motho, khamphani kapa setjhaba tlase hona hoo ba hanelwang ditokelo leha e le dife ka “tumellano e akaretsang” hara bongata ba batho sebakeng se amehang. Jwale ho ka etsahala ho senya motho, khamphani kapa setjhaba ka tlhaselo e nnyane haeba black propaganda ka boyona e eso etse sena.

Ha ho so be le mokgwa o atlehileng kapa o bonolo wa ho emisa tshebediso ya black propaganda. Mathata le ditshenyehelo tsa dinyewe tsa molao kgahlanong le libel (dipolelo tse phatlaladitsweng tsa leshano ho senya motho e mong) le ho etselletsa (lesedi le sa nepahalang le phatlalatswang ke ditho tsa boraditaba)—dintho tsena di etsa mang kapa mang sepheyo sa letsholo leo.

Seo o se hlokang feela ke sera. Ebile ke batho ba mmalwa historing ba sa kang ba ba le dira.

Ho na le batho ba dibakeng tse fapaneng tsa setjhaba ba sa utlwisiseng haholo mme ba ratang ho bua ka ho etselletsa (leshano le senyang) ho batho ba bang, bao le bona ba fetisetsang ditaba tsena ho ba bang. Setjhabeng seo ho sona batho ba bangata ba sa tsebeng ho bala le ho ngola (ba sa tsebeng ho bala) kapa ba utlwisisang mantswe a mmalwa feela, ha ba fumane tsebo e ngata mme ha ba utlwisise dintho tse ngata tseo ba di bolellwang.

Sena ha se boemo ba bao ba sa tsebeng ho bala feela.

Seo ba sa se utlwisiseng ba se tlatsa ka ho qapa dintho tse sa kang tsa etsahala. Batho ba jwalo ha ba mamele ho etselletsa feela empa ba boetse ba ho sotha mme ba mpefatsa le ho feta. Ka tsela ena menyenyetsi e ka fetela setjhabeng e sa thehwa nneteng.

Ha ho na le menyenyetsi e mengata e jwalo e tswelang pele, o ka belaella “letsholo la ho hweshetsa.” Polelwana e reng, “letsholo la ho hweshetsa” e bolela tsela e hlophisitsweng ya ho jala mashano a mabe ka motho e mong. Polelo ena e tswa mohopolong wa moya o bonahalang o na le tshusumetso e mpe kae kapa kae moo o fokelang teng mme o bonahala o sena mohlodi.

Black propaganda e sebedisa boikemisetso ba batho ba jwalo ho fetisa mashano le ho etsa hore a mpefale le ho feta.

Boholo ba black propaganda bo sebete le ho feta mme bo hlaha pepeneneng dikoranteng tse sa tsotelleng kapa tse laolwang ka lekunutu le radio le seyalemoya pono.

Empa le kamora hore pale e mpe e hatiswe kapa e hlahiswe ka seya-le-moya kapa TV, “letsholo la ho hweshetsa” ho itshetlehilwe ka lona ke babui ba leshano le letsho ho hasanya leshano setjhabeng.

Kahoo motho ofe kapa ofe o kotsing.

O kanna wa tshaba ha ho buuwa dintho tse mpe ka wena, sehlopha sa hao kapa kgwebo ya hao. Haeba ho bonahala eka letsholo la ho hweshetsa le tobisitswe ho wena, o ka atisa ho itlosa, wa fokotsa ho sebetsa mme wa fihlella ho honyane.

Ho jwalo le ka dikhamphani esita le ditjhaba.

Kahoo, ntle le haeba o ka tseba ho sebetsana le tlhaselo e jwalo, ka nnete o ka etswa ya sa thabang mme wa kula.

Molao wa Dintlha tse Siilweng

Ho na le molao wa tlholeho (dipolelo tsa nnete tse thehilweng ka ho bonwa) o sebetsang oo ka bomadimabe o ratang black propaganda.

MOO HO SE NANG DINTLHA TSE FUMANEHANG, BATHO BA TLA IQAPELA TSONA.

Ho siilweng ho bolela hore ho na le ho hong ho haellang kapa ho sa bolelwang kapa ho sa kenyeletswang, empa ho ne ho lokela ho ba teng.

Lephaka (sebaka se se nang letho hohang) le tlwaetse ho itlatsa. Bo-rafilosofi ba kgale ba re “tlhaho e hanana (e hloile) lephaka.” Hantlentle, se etsahalang ke hore kgatello e potileng e phallela sebakeng se se nang kgatello.

Ho jwalo ka motho, khamphani kapa setjhaba. Hona ho sebetsa ka tsela ena:

Ha mashano a buuwa ka motho, a ka batla ho itlosa mme a se ke a bua ka hona. Sena se na le tshekamelo ya ho hohela mathata a mangata le ditaba tse mpe. Motho eo ha a batle ho hlahisa ditaba kapa tlhahisoleseding e ka thibelang mashano. Ka lebaka leo, o qala ho fetoha sephiri ho ba bang. Kahoo batho ba ka qala ho iketsetsa tlhahisoleseding hobane ba sa e utlwe ho tswa ho motho ka boyena.

Sena ke nnete ka batho, dikhamphani kapa ditjhaba.

Mona ke moo dikamano tsa setjhaba di hlokahalang e le ka nnete.

Ha e le hantle dikamano tsa setjhaba ke bonono (boiphihlelo kapa bokgoni) ba ho etsa hore mesebetsi e metle e tsebahale.

Ke phoso e tebileng ho nahana hore mesebetsi e metle e ya ipuella. Ha e etse jwalo. E tlameha ho phatlalatswa. E tlameha ho bapatswa ka botlalo le ho tsebiswa.

Sena ke seo dikamano tsa setjhaba e leng sona mme ke ka hoo e leng—ho tlatsa lephaka la dintlha tse sa bolelwang. Ha motho a le ka hara letsholo la black propaganda, menyetla e tlwaelehileng ya puisano (mekgwa ya puisano, jwalo ka dikoranta, seya-le-moya kapa seyalemoya pono) e atisa ho kwaleha. Metjha ya ditaba e ke ke ya tsamaisa dipale tse monate, hobane letsholo la black propaganda le sebedisa metjha ya phatlalatso ho jala mashano le tlhahiso-leseding ya leshano. Mang kapa mang ya nahanang hore metjha ya ditaba e tla ba thusa o a hlanya, hobane metjha ya ditaba e sebeletsa batho ba nang le tjhelete le matla mme ba ikemiseditseng ho senya botumo ba motho ya hlasetsweng ke letsholo la black propaganda.

Dipolelo tsa “Nang le Matla,” jwalo ka ditaba tse mpe le mashano a phatlalatswang metjheng ya ditaba, di thibela nnete hore e tsebahale. Kahoo batho ba dikamano tsa setjhaba ba tlameha ho ba ditsebi tse hlwahlwa mesebetsing ya bona ya ho sebetsana le black propaganda.

Ho Sebetsana

Ha o sa lwane ntwa kgahlanong le black propaganda, dikamano tsa setjhaba di bonolo.

O kanna wa hira motlalehi ya sebetsang ka ho nahana mehopolo le ho hlahisa ditaba (dipale tse ngotsweng kapa ditaba). Ke kahoo hangata baqolotsi ba ditaba ba nkwang e le batho ba dikamano tsa setjhaba, empa ha se seo ba leng sona.

Leha ho le jwalo, ha letsholo la black propaganda le ntse le sebediswa kgahlanong le wena, ditaba tsa hao di a sothwa, di a hanwa mme ke pheletso ya tsona.

Ho na le bokgoni bo bongata ba dikamano tsa setjhaba ho feta bona.

Ena ke e meng ya melao e sebetsang:

Tlatsa Lephaka

Pele ho tsohle, kgaotsa ho ikgula. Dikamanong tsa setjhaba ho netefaditswe, ntle le pelaelo, hore ho sebetsana le black propaganda, ntho e sebetsang ka ho fetisisa ke ho phatlalatsa tlhahisoleseding. Ho se re letho ho ka utlwahala e le ntho e sebete kapa e hlomphehang eo motho a ka e etsang, empa e ya bolaya ho dikamano tsa setjhaba.

Ho hana feela ha ho atlehe hantle, hobane ho ka sebediswa kgahlanong le wena e le mofuta wa nnetefatso, jwalo ka ha eka leshano e ne e le nnete. Mohlala, haeba ho hasitswe ditaba tse mpe ka motho ya itseng, ho thwe ha a lokela ho hirwa hobane a halefela basebetsi ba bang, motho eo o tla ba le bothata ba ho etsa hore ba bang ba mo kgolwe haeba a hana feela ka ho re, “Tjhe, ha ke halefele basebetsi ba bang.”

Ha wa tlameha ho phatlalatsa kapa ho hasanya mathata, jwalo ka ho bolella motho e mong le e mong ofising ya hao kapa sehlopha ka ditaba tse mpe. Ha wa lokela ho etsa jwalo ho hang. Hantlentle, batho ba dikamano tsa setjhaba hangata ba baka mathata ka ho tlola sena.

Empa o seke wa nahana hore sena se bolela hore “ho kgutsa ho a hlokahala.” O tlameha ho ba sebakeng se sireletsehileng mme o bue.

Sebedisa motjha ofe kapa ofe wa puisano ho bua ka seo, jwalo ka TV, radio, dimakasine, mangolo a ditaba, diboka tsa sehlopha, diketsahalo tsa setjhaba, dipuo, jwalo-jwalo—kae kapa kae moo molaetsa wa hao o fetisetswang teng ka mokgwa o tshepahalang le o nepahetseng. Empa o seke wa leka ho sebedisa metjha ya puisano e tla mpefatsang seo o se buang ka ho se pheta, jwalo ka metjha ya ditaba e hlohlelletsang letsholo la phatlalatso ya black propaganda.

Ntho e nngwe eo o lokelang ho e tseba ke hore ha wa tlameha ho dula ntlheng eo o hlaselwang ka yona.

Ona ke mohlala wa ho bua ntle le ho latola tlhahiso-leseding ya leshano, hobane ho hana ho tla ba le phello ya ho etsa hore e bonahale eka ke nnete. O ka mpa wa kgutla ka kganyetso, polelo e pakang hore polelo e nngwe e fosahetse kapa ha se ya nnete:

POLELO: “Ke badile hore khamphani ya hao e wele kgweding e fetileng.”

KGANYETSO: “Modimo wa ka. Wa mpolella! Haeba re ne re sa tswa konterakeng eo le khamphani e nngwe, re ka be re ile ra wa. Ho bile le ntwa ya dihele ka ofising. Empa Jones o ile a hlola. O ile a re, ‘Nkeke ka e saena!’ O batlile ho hahola hlooho ya mopresidente ka lerata. Ntwa ya dihele. Ho bonahala eka re na le dimilione tse 80 tse patilweng kae kae mme Jones ke yena molaodi, mme a ke ke a sutha le ha nnyane ho sena.”

Motho ya tlisitseng menyenyetsi ena jwale o se a nka qeto ya hore ha le ya wa hohang. O na le data. Lephaka le tlatlitswe ka pale ya dintwa tsa botsamaisi le tjhelete ya khamphani e dimilione tse 80 e beilweng polokelong.

Qoba Data e Fosahetseng

Mona ke moo o hanang ka botlalo polelo ya leshano ka ho hlahisa ditokomane kapa dipontsho. O tlameha ho ba le pokello (pokello ya ditokomane) kapa o tsebe ho bontsha kapa o be le ho hong hoo o ka ho hlahisang. Mohlala ke ona:

POLELO: “Ke bolelletswe hore o bothateng le Boto ya Setereke sa Bophelo bo Botle.”

KGANYETSO: “Mona ke setifikeiti sa rona sa bophelo bo botle se sa tswa fanwa le lengolo la pabatso le tswang ho Boto ya Bophelo bo Botle.” O bontsha setifikeiti le lengolo.

Sephetho sa ketso ena ke hore motho ya mo bolelletseng menyenyetsi ena ha a sa kgolwa ebile a ke ke a tsheptjwa.

Ha mang kapa mang a bua polelo eo o ka bontshang hore ha se nnete, fumana hore na ke mang ya mo bollelletseng sena e le hore o ka lebisa tlhokomelo ya hae ho motho eo, mme o fane ka karabo ya hao e bontshang hore seo ke leshano.

POLELO: “Ke utlwa hothwe ha o a nyala le monna eo o dulang le yena.”

KGANYETSO: “Ke mang ya o bolelletseng seo?”

SEBOLEDI: “Ke a lebala.”

MOHANYETSI: “Ke hantle, o tla hopola mme ke tla o bontsha bopaki.”

SEBOLEDI: “Hantle, e ne e le monna…”

MOHANYETSI: “Mang?”

STATER: “Joe Schmo.”

MOHANYETSI: “Ho lokile. Lengolo la ka la lenyalo ke lena. Ke mang Joe Schmo eo?”

Jwale ke Joe Schmo ya makatsang. Hobaneng a bua leshano? Hobaneng a bua leshano ka wena? Naa o fumana molemo o itseng ka ho jala mashano aa?

Ha o sena tokomane empa o ka e fumana, o ka re, “O ka mpolella lebitso la mang kapa mang ya buileng jwalo mme nakong e tlang ha ke o bona ke tla o bontsha ntho e nngwe e kgahlisang haholo mabapi le sena.”

Mme etsa bonnete ba hore o fumana tokomane eo mme o mmone hape.

Ho na le ditsela tse diketekete tse fapaneng.

Motho e mong o re ho wena “E ke ke ya fofa.” O ntano e fofisa. Motho e mong o re ho wena “Sebaka ha se na letho.” O mo bontsha hore se tletse.

Sehloho sa taba ena ke bopaki ba mofuta ofe kapa ofe.

O phephetsa feela dipolelo tseo o ka pakang hore di fosahetse, mme puisanong efe kapa efe o iphapanyetsa tse ding.

Hanyetsa Leshano le Leng le le Leng

Ho paka se kgahlanong ho batla ho le thata. Mohlala, “Ke tseba jwang hore ha o sebeletse CIA (US Central Intelligence Agency)?” O ka paka seo jwang? O ke ke wa ntsha betjhe ya sepolesa sa lekunutu ya Russia hobane le hona ho ka ba hobe ka ho tshwanang. Ha ho motho ya kileng a ngola tokomane e reng, “Bill Till ha se setho sa CIA.” Hape sena ha se na thuso hobane ke ho latola. Ke mang ya neng a tla se dumela?

Leha, ka dinako tse ding ho re feela, “Ha ke” ho ka sebetsa.

Empa karabo e nepahetseng ho ntho e hanyetsang, ntho eo o se nang bopaki ba ho bontsha hore ha e jwalo, ke ho “tlatsa lephaka” ka ho bua ka mesebetsi yohle ya hao e metle.

Mme hanngwe ka nako e itseng o ka paka se hanyetsang. Ha o qoswa ka ho rekisa dithethefatsi o ka bontsha hore o setho sa sehlopha se lwanang kgahlanong le tshebediso ya dithethefatsi. Polelo e pakang hore ntho e itseng ke leshano e tlameha ho tshepahala, ho bolelang hore e ka tsheptjwa ebile ya amoheleha e le nnete.

Ho na le dimilione tsa mekgwa e fapaneng eo o ka e sebedisang ho hanana le ho hong. Ntlha ya mantlha le ha hole jwalo ke hore o se be ntho eo ho buuwang ka yona, ho bolelang eng kapa eng eo o qositsweng ka yona eo o sa e etsang, mme o kgone ho e paka ka potlako.

Tswela Pele ho Tlatsa Lephaka

Ho bohlokwa haholo hore o tswele pele ho hlahisa mesebetsi e metle mme o fane ka boitsebiso leha e le bofe bo hasang ditaba tse monate mabapi le mesebetsi ya hao.

Dipampitshana, dibukana, dikgatiso tsa kgatiso ya ditaba, koranta ya hao le makasine, tsena le tse ding tse ngata, di tlameha ho fuwa ho fana ka tlhahisoleseding e bontshang boitshwaro ba hao, ntho e nngwe le e nngwe ho etsa hore mesebetsi ya hao e utlwisisehe le ho tsebahala.

Ka ho tsamaisa kapa ho sebedisa dibukana tsena le disebediswa tse ding, o phatlalatsa mesebetsi ya hao e metle.

Mme o boetse o lokela ho etsa mesebetsi e metle. O tlameha, bonyane ka mesebetsi le diketso tsa hao tse ntle, o bonahale.

Kahoo molapo o phoroselang wa nnete (phallo e pharalletseng) wa dikamano tsa setjhaba o tlameha ho romelwa. Dikotwana tsena di tlameha ho bua ka bohlale tlhahiso-leseding e nepahetseng e hlokang ho tsebiswa.

Ebe ka tsatsi le leng ha ho na sera.

Mme botumo ba hao bo phahameng.

Ho kanna ha ba le ditlhaselo tse ding, empa jwale o ka sebetsana le tsona jwaloka mollo o monnyane eseng e le moru o tukang kaofela.

O a bona hore black propaganda ke tlhaselo e patilweng e sebedisang diketselletso le mashano ho leka ho fokodisa kapa ho senya botumo ba motho, khamphani kapa setjhaba.

Hore motho (kapa sehlopha kapa setjhaba) o tlameha ho sireletswa ha ho na le menyenyetsi e mebe e haswang hohle ho bontsha hore ho tlameha ho ena le ho hong ho hotle. Ka tlwaelo, ke dinokwane tse felletseng feela, batho kapa dihlopha tseo ho seng motho ya ka buang hantle ka tsona, tse se nang mang kapa mang ya buang ho di sireletsa.

Ha wa tlameha ho ba ya phethahetseng ho mamella tlhaselo e jwalo, empa seo seya thusa.

Empa le haeba o ne o phethahetse, seo e ne e ke ke ya ba tshireletso. E batla e le bahalaledi bohle ba nalane e leng bona bao ditlhaselo tse jwalo di ileng tsa lebiswa ho bona. Mme boholo ba bona ba shwele ka hona.

Karabo ya nnete ya ho sebetsana le menyenyetsi efe kapa efe ya bo-raditaba kapa matsholo a ho hweshetsa le ho etsa hore mesebetsi ya hao e metle e tsejwe ke ho sebedisa ka bohlale mekgwa ya dikamano tsa setjhaba.

Ho ba le tsebo ya eng kapa eng, o lokela ho e tseba le ho ba le boiphihlelo ba yona le ho e etsa.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape