Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Dikamano tsa Setjhaba

Dikamano tsa setjhaba di o fa mokgwa wa ho bua maikutlo a hao le ho etsa hore a amohelwe. Ke bokgoni bo hlokahalang ha o leka ho fumana tshehetso bakeng sa merero ya hao le dintho tseo o batlang ho di fihlela.

Ha o utlwa mantswe ana “dikamano tsa setjhaba” o ka nahana ka dikoranta, TV kapa ditlaleho tsa radio ka motho kapa ho hong, jwalo ka motshwantshisi kapa sebapadi se bapatsang difilimi tsa bona tse tlang. Kapa o kile wa bona batho le mekgatlo e leka ho sebedisa dikamano tsa setjhaba ka morero o fosahetseng, jwalo ka radipolotiki ya etsang ditshepiso tsa bohata hore feela a fumane dikgetho. Kapa kgwebo e kgolo e lekang ho laola kapa ho fetola seo batho ba se nahanang ka mesebetsi ya yona e sa tshepahaleng.

Ha e le nnete, dikamano tsa setjhaba ke ntho eo o ka e sebedisang ho fumana tshehetso ya batho ba bang bakeng sa merero ya hao, mokgatlo kapa mesebetsi.

Batho ba kileng ba ngola le ho bua ka dikamano tsa setjhaba nakong e fetileng ba ne ba sa utlwisise dintho tse itseng tsa motheo ka taba ena. Jwale, ho Scientology, dintho tsa bohlokwa tse sibolotsweng di entse hore ho kgonehe ho ntlafatsa tshebetso ena yohle le ho e etsa hore e be le thuso hape e atlehe haholo.

Mosebetsi wa L. Ron Hubbard lefapheng la dikamano tsa setjhaba o etsa hore Dikamano tsa Setjhaba e be ntho eo sehlopha se seng le se seng le motho e mong le e mong a ka di sebedisang habonolo. Leha mekgwa le ditshebetso tse fapaneng tse hlahisang taba ena di pharaletse, mehopolo ya mantlha le mekgwa e boletsweng mona e tla ba molemo haholo ho wena ho fihlella dipheyo tsa hao kapa dipheyo tsa mokgatlo wa hao, morero kapa tshebetso.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Kamano ya Setjhaba ke eng?

Ha o sebetsana le ba bang ho fumana tumellano ya bona kapa tshebedisano (boikemisetso ba ho sebetsa mmoho), kapa tshehetso ya bona bakeng sa ho hong, o sebedisa mekgwa (tsela ya ho etsa ho hong) ya dikamano tsa setjhaba, ho sa tsotelehe hore o tseba sena kapa tjhe.

Mohato wa pele wa ho sebedisa dikamano tsa setjhaba ka katleho, kapa PR ka bokgutshwanyane, ke ho tseba ditlhaloso tsa PR. Ha e se e hlalositswe hantle, ke: MESEBETSI E METLE E PHATLALADITSWENG HANTLE.

Ka mesebetsi e metle ho bolelwa diketso kapa mesebetsi eo o e etsang ho thusa ba bang.

Ho etsa mesebetsi e metle ha ho a lekana haeba o batla ho hodisa tshebetso ya hao. O tlameha ho e phatlalatsa ho fumana tshebedisano kapa tumellano. Ho Phatlalatsa ho bolela ho tsebisa batho, hangata ka ho bapatsa le mekgwa e meng ya ho fetisa molaetsa sebakeng sa heno kaofela.

Mohlala, a re re o nkile qeto ya ho etsa projeke ya ho hlwekisa tikoloho ya hao, mme o qale ho penta ditshwantsho mehahong ya setjhaba. Haeba ha o eso bolelle mang kapa mang ka projeke ya hao, batho ba o boneng o etsa ketsahalo ena ba ka nahana hore o laetswe ke lekgotla la molao hore o etse sena bakeng sa ho fumana ditekete tse ngata haholo tsa sephethephethe kapa ho hong. Leha ho le jwalo, haeba o hatisitse dipampiri tse kgothaletsang Morero wa ho Hlwekisa Tikoloho mme o di fetisetsa ho batho mme o ba kopa ho nka karolo, batho ba tla tseba hore na o etsang, mme maemong a mangata, ba ka nka qeto ya ho nka karolo. Ho na le mekgwa e meng e mengata ya ho etsa hore projeke ya hao e tsejwe haholo mme o fumane tumellano le tshebedisano. Tsena tsohle di lefapheng la dikamano tsa setjhaba.

Dikamanong tsa setjhaba o fihlella batho ba nang le mohopolo wa mofuta o itseng ho fumana tumellano le tshehetso ya bona. Katleho ya hao ya ho sebetsana le ba bang, ka hona, e itshetlehile ka hore na o fihlella jwang setjhabeng ka mohopolo wa hao.

Dikamano tsa setjhaba ke sesebediswa se hlileng se hlokahala ho o thusa ho ntlafatsa maikutlo a hao. Mme motho ofe kapa ofe ya sebetsang ho etsa lefatshe sebaka se setle haholo o tla atleha haholo ho tswa tshebedisong ya dikamano tsa setjhaba.

Ha ho kgathalletsehe hore na o etsang—ho tloha ka ho nka kgato ya ho ntlafatsa tikoloho ya heno ho thusa batho ho theoha dithethefatsi—ka ho sebedisa disebediswa tsa dikamano tsa setjhaba o ka fihlella ba bang ka molaetsa wa hao. Jwale o tla fumana tumellano ya bona le tshebedisano ya bona ho sena. Dikamano tsa setjhaba di o nolofalletsa ho amohelwa le ho tshehetswa mosebetsing oo o batlang ho o etsa.

Dikamano tsa setjhaba hase ntho e ntjha. E bile teng e le taba e amohelwang ka molao mehleng ya Baroma dilemong tse dikete tse mmalwa tse fetileng, ha e ne e sebedisetswa morero wa ho kgothaletsa diketsahalo tse fapaneng. Le mehleng eo, melaetsa e ne e ngotswe maboteng a Colosseum (moaho o moholo, o se nang marulelo o nang le ditulo tse hahilweng Roma o neng o sebedisetswa boithabiso ba setjhaba) hore batho ba o bone.

Ho theosa le makgolo a dilemo PR e ile ya dula e ntlafaditswe karolo e itseng feela hobane e ile ya emiswa ho tswela pele ke ba nang le sepheyo se sebe. Ba ne ba thahasella feela ho e sebedisa ho sebeletsa mabaka a bona a patilweng a ho etsa dintho tse ba tswelang molemo ebile hangata di utlwisa ba bang bohloko.

E ne e se ho fihlela Scientology, ka dintho tseo e di sibollotseng mabapi le puisano le tlhaho ya nnete (ditshwaneleho tsa mantlha tseo motho a nang le tsona) ya Motho, ha dikamano tsa setjhaba di fetoha taba e felletseng e ka thusang setjhaba le motho ofe kapa ofe.

Dikamano tsa setjhaba ke mokgwa wa ho tsebahatsa merero ya hao mme e na le melao ya ona.

Ho qala ho ithuta ho etsa dikamano tsa setjhaba, o tlameha ho qala ka kutlwisiso ya hore dikamano tsa setjhaba ke eng le hore na di ama eng.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape