Let us know how it is going
5.‎1 BALA SEHLOOHO

Moralo le Dipheyo

Meralo e mengata e ka ngolwa ho fihlella dintho tse batlwang, empa tsena empa e le meralo feela. Meralo ena ha e na ho phethwa ho fihlela “neng le jwang le hore ke mang” di hlophisitswe, di rerilwe, di amohetswe kapa ho dumellanwe ka tsona.

Ke ka lebaka leo ho rala ka dinako tse ding ho nahanwang ho le boima haholo, ho sa hlokahale kapa ho senya nako.

O ka rala ho etsa didolara tse milione empa haeba neng, jwang le mang di sa ngolwa ka sebopeho sa lenaneo e le dipheyo tsa mefuta e fapaneng, di ke ke tsa etsahala.

Mohlala, ha re re ho etswa moralo o motle o akaretsang ho fetola jwang koung (sebaka se sireleditsweng sa metsi seo dikepe di ka dulang ho sona) ho ba sebaka sa dikepe tse kgolo haholo tse tsamaisang oli. E ka ba ka ditshwantsho tse nang le ntho e nngwe le e nngwe e behilweng hantle mme ho ka ba le meetso ya yona. Ho feta dilemo tse leshome empa ha e eso qale le ho qalwa. Mohlomong o kile wa bona meralo e jwalo. Bongata ba yona bo bontshwa ditshwantshong tsa lefatshe (diketsahalo tse kgolo tsa setjhaba moo dinaha tse tswang lefatshe ho pota di bontshang bonono, mesebetsi ya matsoho, dihlahiswa tsa indasteri le tsa temo, tswelo-pele ya saense, jj.).

Kapa ho ka ba le moralo o neng o hlile o reretswe sebopeho sa lenaneo, ho kenyeletswa hore neng, jwang le mang, empa o keke wa phethwa hobane dipheyo di ne di le thata ho di etsa kapa di sa phethahale.

O ka ba le moralo o neng o sena SEPHEYO SA MAEMO (sepheyo se etswang ho fumana data, kapa haeba ho ka etswa projeke, moo e ka etswang teng, jj.). Ntle le sepheyo se jwalo qalong, ho ka hlaka hore ha ho motho yaneng a hlile a e batla mme e ne e sena thuso, ka hona e kanna ya se ke ya phethelwa.

Ntho e jwalo e ne e le teng sehlekehlekeng se haufi le Greece. E ne e le lebala la diketsahalo le phethilweng halofo ho tloha dilemong tse dikete tse fetileng le neng le sa tswa tlohelwa ka tsela eo. Ha ho motho ya neng a botsitse batho hore na baa le batla kapa hore na le ya hlokahala. Jwale leha ho ne ho rarilwe hantle ebile le sepheyo se entswe hannyane mme le phethilwe halofo, ke leo le siilwe mahareng. Mme le dutse le le jwalo.

Moralo e kanna ya ba ho taka kapa mohlala (khopi e nnyane ho feta ya mantlha) wa ntho kapa sebaka se itseng. Moralo wa mofuta ona o tlameha ho etswa bakeng sa mofuta ofe kapa ofe wa kaho—kaho ha e atlehe kantle ho ona. E kanna ya amohelwa jwalo ka moralo.

Empa haeba moralo o entswe ntle le sepheyo sa maemo, o tla be o se na thuso kapa o ke ke wa dumellana le sona. Mabaka a mang a reng moralo o kanna wa se ke wa etswa ke haeba ho se na tjhelete e dumelletsweng, haeba ho se motho ya laetsweng ho e etsa kapa haeba o sa hlophiswa.

Moo motho a entseng moralo le lenaneo le tla hloka ho amohelwa, o tla tlameha ho hlahisa tlhahisoleseding e latelang mabapi le lona:

1. Sephetho sa sepheyo sa maemo (tlhahlobo ya se batlwang le se hlokahalang).

2. Dintlha tsa ntho ka boyona, ho bolela setshwantsho sa yona kapa palo ya mosebetsi o tla kenya letsoho ho yona, le hore na ho tla ba bonolo kapa ho be thata hakae ho etsa le batho bafe kapa disebediswa dife.

3. Ho bolela hore na e bohlokwa haholo kapa haeba e na le thuso.

4. Dipheyo tsa mantlha, tse bontshang mokgatlo o hlokahalang ho o etsa (mekgatlo, basebetsi le mehato ya puisano).

5. Dipheyo tsa tshebetso, di bontsha nako e kenyelletsweng le hore na di dumellana jwang le diketso tse ding (tse hlahisang tsela le diketso kapa kemiso ya diketsahalo kapa kemiso ya dinako).

6. Ditshenyehelo tsa yona le hore na e tla itshebeletsa kapa di ka lefellwa kapa hore na e tla etsa tjhelete e kae.

Lenaneo le tla tlameha ho kenyelletsa dipheyo.

Moralo e ka ba polane ya ntho ka boyona.

Sena se bontsha hore na ke hobaneng ha meralo e meng e sa hlahise letho le hore na hobaneng ha e atisa ho sa phethwe, leha e rerilwe. E ka ba hobane moralo o ne o sa hlophiswa ka dipheyo tse hlophisitsweng e le mefuta e nepahetseng ya dipheyo le ka tatellano e nepahetseng. Ka lebaka leo, moralo ha o na thuso kapa ha o etswe.

Ka dinako tse ding sepheyo sa maemo ha se a nepahala mme sena se ka thibela moralo le lenaneo hore di se ke tsa phethwa. Sepheyo sa maemo se ka nna sa se leke ho fumana hore na ho na le dithibelo tse ka thibelang moralo hore o se ke wa etswa. Kapa mohlomong ha se fumane hore na batho le bokgoni ba fumaneha.

Empa haeba dintlha tsena di utlwisiswa, taba ya ho hlophisa le ho rala e hlakile haholo. Motho ya ngolang mananeo a ka ba le bokgoni bo phahameng haholo mme a ka fihlela dintho tseo ho neng ho se mohla di ka fihlellelwang pele kapa tseo ho neng ho se mohla ho kileng ha nahanwa ka tsona.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape