Let us know how it is going
8.‎1 BALA SEHLOOHO

Maxims (Melao) ya Lenaneo

Lenaneo le bohlokwa haholo mme ho na le tlhaiso-leseding e ngata ka lona. E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa ke hore lenaneo lefe kapa lefe le na le dikarolo tse mmalwa. Dikarolo tsena di tlameha ho kopanngwa ka tsela e hlophisehileng kapa ho seng jwalo lenaneo le ke ke la atleha. Tsena ke tse ding tsa melao-motheo mabapi le mananeo.

Mona ke melao e meng ya bohlokwa eo o lokelang ho e tseba mabapi le mananeo:

Maxim Ya Pele: Kgopolo efe kapa efe (tlhahiso kapa moralo) e molemo ho feta ho hloka mohopolo ho hang, leha e sa sebediswe hantle (kenya tshebetsong).

Maxim Ya Bobedi: Ho sebetsa hantle, lenaneo le tlameha ho phethiswa.

Maxim Ya Boraro: Lenaneo le kentsweng tshebetsong le tlameha ho sebetswa eseng le se tsotellwe.

Maxim Ya Bone: Haeba ha o na nako ya ho sebetsa lenaneong, o se ke wa qala ho e etsa ebe o iphapanyetsa lona. Ho ena le hoo, etsa ho feta ho mananeo a mang ao o seng o ntse o sebetsa ho ona.

Maxim Ya Bohlano: Lenaneo lefe kapa lefe le hloka tjhelete. Kahoo pele o qala ka lenaneo, e-ba le tjhelete kapa o tsebe hore na o e fumana jwang—kapa o be le bonnete ba hore lenaneo le tla tlisa tjhelete.

Maxim Ya Botshelela: Lenaneo le tlameha ho ba le motho ya le tamaisang kapa ho seng jwalo le tla hlokomolohuwa le ho nyahlatswa mme le se ke la phethelwa.

Maxim Ya BoSupa: Lenaneo le letle ke lona le tla fihlela palo e kgolo ya batho, malapa, dihlopha, jwalo-jwalo, mme le tla etsa se molemo ho palo e kgolo ya batho, malapa, dihlopha, jj.

Maxim Ya Borobedi: Mananeo a tlameha ho iphedisa ka ditjhelete mme ha a lokela ho ba a leka ho fumana tjhelete mehloding e meng.

Maxim Ya Borobong: Mananeo a tlameha ho bopa thahasello e eketsehileng. Ha batho ba ntseng ba eketseha ba thahasella lenaneo, ba batla ho kenya letsoho ho lona. Sena se bolela hore lenaneo le tla tswela pele ho hola mme le be leholo.

Maxim Ya Leshome: Lenaneo le lebe haeba le tlosa mananeo a seng a ntse a atleha kapa haeba le sitisa batho ba ntseng ba sebetsa mananeong a mang.

Maxim Ya Leshome Nngwe: Le ka mohla o se ke wa sebedisa tjhelete e ngata lenaneong ho feta puseleletso eo o ka e fumanang hang hang.

Maxim Ya Leshome Pedi: O se ke wa qala lenaneo le letjha le tlang ho thibela lenaneo le leng le ntseng le tswela pele kapa le hulang tjhelete ya lona.

Mananeo a tlameha ho sebetswa. Batho ba etsang lenaneo ba ke ke ba tlohela lenaneo hore le nyahlatswe. Ba tsamaisang lenaneo ba tlameha ho bona hore na lenaneo le etsa dintho tseo le lokelang ho di etsa ebe le tswelapele. Ba boetse ba tlameha ho bona haeba lenaneo le lebe ebe ba emisa ho le etsa.

Mananeo a hula le ho nka nako e telele haholo ha mefuta e fapaneng ya dipheyo e sa sebetswe kapa e sa phethwa. A hlolwa hobane feela mefuta e fapaneng ya sepheyo e sa phethiswe kapa e sa bolokwe.

O ka etsa eng kapa eng eo o batlang ho e etsa haeba mefuta ya dipheyo e utlwisiswa mme e nkuwa e le ya nnete ebile e ka etsahalang. Merero e tlameha ho tshwarwa le ho se tlohelwe ho fihlela o mong le o mong phethwa.

Ka ho tswela pele ho sebetsa mananeo, o sa a tlohele hore ho lebalehe ka ona, o tla tseba ho a etsa. Mme ka tsela ena o ka fihlela dipheyo tse rerilweng e ka ba molemomg wa hao kapa wa sehlopha sa hao.

Ona ke mokgwa wa ho etsa hore moralo e be wa nnete le ho fihlella dipheyo. Ho jwalo ka motho a le mong jwaloka ha ho le jwalo ho sehlopha se seholo. Batho bohle ba ka ruwa molemo ka ho tseba dintlha tsena le ho di sebedisa.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape