Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Dipheyo le Dipheo

Motho o etsa dintho jwang? O nka ditoro tsa hae le meralo ya hae jwang ebe o di etsa tsa nnete? Bongata ba rona re na le mehopolo ya seo re batlang ho se etsa kapa seo re nang le sona seo hangata se dulang e le seo re nahanang ka sona. Kapa mohlomong re na le mathata bophelong kapa dintho tseo re lokelang ho di etsa tse bonahalang di le boima haholo kapa di bile di sa kgonehe ho di fihlela.

Batho, dikgwebo esita le dinaha kaofela di ka ba le bothata ba ho rala le ho etsa dintho. Ha re sheba nalane, oka fumana mehlala e mengata ya sena. Meaho e senyehileng ya ditoropo tsa kgale e bontsha meralo e mengata e sa atlehang.

Tabeng ya mokgatlo, L. Ron Hubbard o ile a fumana mekgwa e mengata eo batho le dihlopha ba ka atlehang ka yona. O boetse a sebedisa ditsela tsa ho sebetsana le bo bong ba mathata a atileng ho feta ao batho ba nang le ona, e leng ho se kgone ho etsa hore dipheo le meralo ya bona e be ya nnete.

Kgaolong ena, o tla fumana kamoo o ka fihlelang sepheo sefe kapa sefe, se seholo kapa se senyane. Meralo e ka phethwa mme hona ho etswa ka ho latela mehato e meng e bonolo. O tla ithuta hore na mehato ena ke efe le hore na o ka e sebedisa jwang ho fihlela dipheo tsa hao, lelapa la hao, sehlopha, kgwebo le tse ding. O tla ithuta hore ditoro tsa hao di ka fetoha tsa nnete.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Sekala sa Tsamaiso

Kaofela re na le ditoro le dipheo, dintho tseo re batlang ho di etsa kapa ho ba le tsona bophelong. Ebang dipheo tsena di kgolo kapa di nnyane, re ka di fihlela ha re tsamaisana le ho hlophisa meralo le diketso tsa rona.

Sepheo ha se fihlellwe hobane feela motho a nkile qeto ya hore se ka fihlellwa. Mohlala, motho ya shebelletseng papadi ya basketball a ka nahana hore ho ka ba monate ho ba sebapadi sa basketball, empa sena ha se na ho iketsahalla ka bosona. Ho fihlela sepheo leha e le sefe, motho o tlameha ho nka mehato e tobileng, jwalo ka ho ikwetlisa ka bokgoni bo bong le bo bong bo hlokahalang nako le nako kapa ho sebeletsa ho kena sehlopheng sa sekolo ebe o ya ho itlhakisetsa basketball letsatsi le leng le le leng. Tsena le diketso tse tshwanang di tla etsa diphetoho tse hlokahalang le ntlafatso ho fihlela sepheo qetellong.

O kanna wa sebeletsa ho fihlela sepheo empa o fumane hore dintho tseo o di etsang ha di o thuse ho ba haufi le sona. Sena se ka etsahala hobane meralo le diketso ha di hokahane ho fihlela sepheo. Mohlala, motho ya batlang ho ba sebapadi sa basketball o thatafallwa ho ntlafatsa papadi ya hae. O qetile nako e ngata a bapala basketball le metswalle kamora sekolo hobane e le monate, empa ha ho na mokgwa o lekaneng wa boikwetliso ba tsebo e nngwe le e nngwe e arohaneng. Kahoo, dipapadi tsa ka mora sekolo ha di tsamaisane le ho fihlela sepheo.

Ho lokela hore ho hokahanngwe dithuto tse mmalwa e le hore o atlehe ho fihlela sepheo. Ho Scientology, tsena di hlophisitswe ka sekala. Bakeng sa sepheo leha e le sefe seo o nang le sona, o nka dintho tsa sekala sena mme o utlwisise hore na di tla ba jwang e le hore di dumellane le sepheo seo. Ebe o sheba le ho hlophisa dintho tsohle ho fihlela e nngwe le e nngwe e dumellana le dintho tse setseng le sepheo.

Ho sebedisa sekala sena le dintho tsohle tse tsamaellanang ho tla fella ka hore o fihlelle sepheo sa hao.

Dipheo

Sepheo ke ntho eo motho a batlang ho e etsa kapa ho ba le yona, kahoo o tataisa diketso tsa hae ho e fihlela. Hangata sepheo se nka nako e telele.

Merero

Morero ke sepheo se senyenyane ka bohlokwa kapa sebakeng seo se se akaretsang. Morero o sebetsa mesebetsing e ikgethang ho sepheo sa kakaretso.

Mohlala, haeba o na le sepheo sa ho ba sebapadi sa basketball se hlwahlwa, merero e ka ba ho fumana botumo le ho fumana tjhelete e ngata.

Leano-tsamaiso

Leano-tsamaiso le na le melao kapa tataiso eo motho a etsang qeto ya yona. Maano-tsamaiso ke a nako e telele ebile ha ho bonolo hore a fetohe.

Meralo

Moralo ke mokgwa wa ho fihlella ntho e itseng. O na le diketso tsa mantlha tse lokelang ho etswa ho ntlafatsa ho hong kapa ho rarolla bothata. Moralo hangata o thehilwe ho disebediswa tse fumanehang (tjhelete, basebetsi, disebediswa, jwalo-jwalo) mme ho kenyelletsa mehopolo e bohlale ya ho di sebedisa.

Mananeo

Lenaneo ke letoto la mehato ka tatellano ya ho etsa moralo.

Diprojeke

Projeke ke letoto la mehato ka tatellano la ho etsa mohato o le mong wa lenaneo.

Ditaelo

Taelo ke tataiso ho motho e mong ho etsa mohato wa lenaneo kapa projeke.

Dibaka tse Loketseng

Sebaka se loketseng se bolela hore na ketsahalo kapa sebaka se lokela ho ba eng. Ke ntho e ka fihlelwang. Ketsahalo efe kapa efe e na le sebaka se seng se ntse se le teng, e leng tsela eo ntho e itseng e leng ka yona hona jwale. Ha o bapisa sebaka se loketseng le se seng se ntse se le teng, o ka bona se hlokang ho fetolwa ho etsa hore sebaka seo se atamele haufi le se loketseng.

Dipalo

Palo ke nomoro kapa palo ha e bapiswa le nomoro ya pejana kapa palo ya ntho e tshwanang. Dipalo di lekanya tlhahiso mme di bontsha hore na ho phethelwa bokae.

Dihlahiswa tsa ho Qetela tse nang le Boleng

Sehlahiswa sa ho qetela se nang le boleng ke ntho e ka fapanyetsanwang le mesebetsi e meng. Phapanyetsano e bolela ho fa ntho ya bohlokwa bakeng sa ho kgutlelwa ke ntho ya bohlokwa. Sehlahiswa sa ho qetela se nang le boleng se ka fapanyetswa tshehetso, jwalo ka dijo, diaparo, tjhelete kapa tshebedisano.

Ho fihlela katleho, dintho tsohle tse ka hara sekala sena di tlameha ho dumellana le dintho tse ding tsohle tse ka hara sekala ka taba e le nngwe.

Mohlala, haeba motho a ne a e-na le sepheo sa ho ntlafatsa maemo setjhabeng sa habo, a ka ba le moralo wa ho fetola sebaka se se nang letho (setsha se sa sebedisweng) ho se etsa serapa moo batho ba setjhaba ba ka natefelwang ke dipapadi tse fapaneng.

Lenaneo le dumellanang le sena le ka kenyelletsa mehato ya ho fumana hore na o ka fumana tumello jwang ho tswa toropong ho sebedisa karolo e haufinyane ya sebaka se sa sebedisweng. Mehato e meng e ka ba ho bua le dihlopha tsa kereke kapa dihlopha tsa setjhaba ka ho ba le serapa le ho tseba hore na ba ka ba le seabo jwang. Mehato e meng ya lenaneo e ka kenyelletsa ho fumana disebediswa tsa dipapadi bakeng sa serapa sa boikgathollo.

Dipalo-palo tse ka eketsang tlhahiso ya sena e ka ba palo ya dihlopha tseo ho ikopantsweng le tsona le dipalo tsa dihlopha tse amohelang ho thusa ho haha ​​serapa.

Sehlahiswa sa ho qetela se nang le boleng e ka ba serapa se bulehileng se sebediswang, se hohelang ebile e le moo batho ba batlang ho dula kapa ho tsamaya kapa ho etsa mosebetsi wa dipapadi. Serapa sena ke ntho e ka fapanyetsanwang le batho ba dulang setjhabeng sena. Le tikoloho e nang le botswalle, e sireletsehileng e hlahisang phapanyetsano ya ho bea serapa moo.

Ha ntho e sekaleng e sa tsamaellane le dintho tse ding, projeke e tla thibelwa kapa mohlomong e tla hloleha. Mohlaleng o kahodimo, dipalo-palo tsa dikoloi tse tsamayang diterateng tse potileng seratswana di ka baka tshenyo haeba di ka baka sephethephethe se seholo haholo moo batho ba tsamayang mme bana ba bapalang teng.

Tsebo eo dintho tsena tsohle ketsong efe kapa efe di hokahanywang le ho kenywa tshebetsong e bitswa “bookamedi.” Hape, tshebetso efe kapa efe e ka ntlafatswa ka ho hokahanya dintho tse sekaleng sena hore di sebedisane mmoho ho fihlela sepheo.

Sekala sena le dikarolo tsa sona le bokgoni ba ho di hokela ke e nngwe ya disebediswa tsa bohlokwa ka ho fetisisa tsa mokgatlo.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape