Let us know how it is going
3.‎1 BALA SEHLOOHO

Meralo le Mananeo

Mohato wa pele wa ho phetha meralo e tla etsa hore ditoro tsa hao e be nnete ke ho utlwisisa ha motheo o sebedisitsweng molemong wa ho rala.

Moralo ke mokgwa wa ho fihlella ntho e itseng. O na le diketso tsa mantlha tse lokelang ho etswa ho ntlafatsa ho hong kapa ho rarolla bothata. Moralo hangata o thehilwe ho disebediswa tse fumanehang (tjhelete, basebetsi, disebediswa, jwalo-jwalo) mme o kenyelletsa mehopolo e bohlale ya ho di sebedisa.

Bakeng sa ho etsa hore moralo o etswe, o tlameha ho fetolelwa ho mehato le diketso tse hlokahalang ho fihlella seo moralo o lokelang ho se etsa. Sena se etswa ka ho sebedisa lenaneo.

Lenaneo ke letoto la mehato ka tatellano ya ho etsa moralo. Moralo o tlameha ho ba teng kelellong ya motho, ebang o ngotswe kapa tjhe, pele lenaneo le ka ngolwa.

Mohato wa lenaneo o bitswa sepheyo. Sepheyo ke ketso e tlamehang ho etswa ho fihlela sephetho se hlokwang.

Mananeo a entswe ka mefuta e fapaneng ya dipheyo tse hlophiseditsweng ho etswa ka nako. E nngwe le e nngwe ya mefuta ena ya dipheyo e hlalositswe ka tlase.

Sepheyo se Seholo

Sepheyo se seholo ke takatso e pharalletseng, e akaretsang (seo motho a batlang ho se fihlela). E kanna ya akaretsa nako e telele. Mehlala ya dipheyo tse kgolo ke “ho etsa hore metjhine yohle le disebediswa ka hara khamphani di sebetse” kapa “ho fumana mohaho o motjha bakeng sa khamphani ka theko e tlase.”

Dipheyo tsa Mantlha

Dipheyo tsa mantlha ke mehato ya mokgatlo, ya basebetsi le ya puisano e lokelang ho bolokwa ka hare. Haeba dipheyo tsena di sa fihlellwe, dipheyo tse setseng ho tla ba thata ho di etsa mme lenaneo le ka emisa mono.

Ya pele ya dipheyo tsena tsa mantlha ke: MOTHO MOO

Ebe: MORERO O MOTLE

Ebe: MOTHO YA NKANG BOIKARABELLO KAROLONG KAPA HO ETSENG

Ebe: FOROMO, SEBOPEHO KAPA MOAHO WA MOKGATLO O HLOPHISITSWENG HANTLE

Ebe: FOROMO, SEBOPEHO KAPA MOAHO WA MOKGATLO O TENG KAPA O HLOPHISITSWENG BOTJHA

Ebe: MOKGATLO O SEBETSANG

Ka dipheyo tse ka hodimo, lenaneo le ka tswela pele. EMPA HAEBA TSENA DI NYAHLATSWA KAPA DI SA BUSELETSWE, dipheyo leha e le dife tse behilweng ka mora moo ho tla ba thata ho di etsa ebile di ke ke tsa fihlellwa ho hang.

Dipheyo tsa mantlha di kenyelletsa mehlala e latelang:

“Amohela mosebetsi o o abetsweng.”

“Bala mme o utlwisise lenaneo leo o tla beng o le etsa.”

Dipheyo tsa Bohlokwa

Sepheyo sa bohlokwa ke NTHO E TLAMEHILENG HO ETSWA HORE HO SEBETSUWE KA HOHLE.

Ho supa dipheyo tsa bohlokwa, tlhahlobo ya sebaka e lokela ho etswa ho fumana hore na ho etsahalang le hore ke disebediswa, basebetsi kapa mokgatlo ofe oo re tlamehang ho sebetsa le ona.

Ho latelang re fumana dintlha tseo (ka dinako tse ding HAOLE tsebetsong) tse emisang kapa tse sokelang katleho ya kamoso. Dintlha tsena di fetoha dipheyo tseo hangata di bolelang hore ho na le ntho e tlamehang ho etswa kapa hore ho na le ntho e sa lokelang ho etswa.

Tsena ke mehlala ya dipheyo tsa bohlokwa:

“Etsa tlhahlobo ya hao; se ke wa nka tlaleho ya motho e mong.”

“O se ke wa amohela ditaelo tse tswang ho mang kapa mang ntle le motho ya ikarabellang ho wena ka kotloloho.”

Dipheyo tsa Maemo

Sepheyo sa maemo ke sona se etswang ho fumana data kapa haeba projeke e ka etswa kapa moo e ka etswang teng, jj.

O kile wa bona batho ba bang ba sebetsa bophelo bohle ba bona hore “e be barui” kapa ntho e nngwe e jwalo e le hore ba “etele lefatshe,” empa ha ho mohla ba tswellang. Leha ho le jwalo, motho e mong o etsa sepheyo sa ho “etela lefatshe” ebe o ya se toba mme a se etse. Mofuta ona wa sepheyo o tsebahala ka hore ke sepheyo sa maemo: Ha ke ne nka kgona ______ feela, re ne re ka kgona ho ______ mme ka tsela ena ra phethisa ______. Sena se nepahetse, ehlile, ho fihlela e se sa nnete.

Ho na le sehlopha sohle sa dipheyo tsa maemo tse se nang HAEBA ho tsona. Tsena ke dipheyo tse amohelehang. Di na le bo-RETLA ba bangata ho tsona, “Re tla ______ ebe re ______.”

Ka dinako tse ding ho etsahala ntho e sa lebellwang eo o ka nkang monyetla wa yona kapele. Sena ke “mahlohonolo feela.” Wa e sebedisa mme o rere hape ka potlako ha e etsahala. Mahlohonolo ha a ka a tsheptjwa, ka hona ha se mohopolo o motle ho nka sena e le tharollo.

Sepheyo sa maemo se nepahetseng e ka ba sena:

“Re tla ya moo ho bona hore na sebaka se na le thuso.”

Dipheyo tsa maemo tsohle ke diketso tsa ho bokella data pele, haeba ho lokile, ebe o kena tshebetsong.

Dipheyo tsa Tshebetso

Sepheyo sa tshebetso ke se hlalosang hantle hore na ke diketso dife tse hlokang ho etswa. Ka tlwaelo se kenyelletsa NAKO e hlophisitsweng hore se tlameha ho phethahala neng kahoo se dumellana le dipheyo tse ding.

Mehlala ya dipheyo tsa tshebetso e kenyelletsa tse latelang:

“Hwekisa ditlelase ha baithuti ba le siyo nakong ya kgefu ya lehlabula.”

“Kwetlisa basebetsi bohle ka mekgwa e metjha ya thekiso pele o ba dumella ho sebetsa le bareki.”

Dipheyo tsa Tlhahiso

Dipheyo tsa tlhahiso ke tse behang dintho tse ngata, hangata kgahlanong le nako.

Tsena ke mehlala ya dipheyo tsa tlhahiso:

“Mangolo ohle a kamohelo a romellwe ho baithuti ba hwetla e tlang ka la 15 Mmesa.”

“Dibuka tse dikete tse mashome a mahlano di hatiswe kgwedi e tlang.”

Ha dipalo di bontsha tlhahiso habonolo, sena ekaba sesosa sa hore mokgatlo kapa tshebetso e kenelle haholo ho DIPHEYO TSA TLHAHISO hoo o sitwang ho ipehela dipheyo tsa maemo, tse sebetsang kapa tsa mantlha. Ha sena se etsahala, tlhahiso e tla tlameha ho putlama ka lebaka la ho haella ha moralo o boletsweng ho mefuta e meng ya dipheyo.

O LOKELA HO HLAHLOBA LE HO LEKOLA LE HO BOKELLA DATA LE HO IPEHELA DIPHEYO TSA TSHEBETSO LE TSA MANTLHA PELE O KA BEHA DIPHEYO TSA TLHAHISO.

Lebaka le tlwaelehileng la dipalo tse theohelang tlase ke hore dipheyo tsa mantlha hadi eso etswe. Tsena dia tswa mme ha ho motho ya hlokomelang hore sena se ama tlhahiso hampe. Tlhahiso e ipapisitse le ho bolokwa ha dipheyo tse ding tsa pele ka hare.

Se latelang ke kakaretso e kgutshwane ya mefuta e fapaneng ya dipheyo se etsang lenaneo.

Mefuta ya Dipheyo

Dipheyo tse Kgolo

E nngwe le e nngwe ke takatso e akaretsang (seo motho a batlang ho se fihlela). E kanna ya akaretsa nako e telele. Mohlala: “Ho etsa hore metjhini le disebediswa kaofela tse khamphaning di sebetse.”

Dipheyo tsa Mantlha

Tsena ke mehato ya mokgatlo, ya basebetsi le ya puisano e lokelang ho bolokwa ka hare. Dipheyo tsena di sebetsana le diteishene, mekgwa ya puisano, disebediswa le sistimi ya mokgatlo. Mohlala: “Ho beha motho e mong e le molaodi ho e hlophisa mme hothwe a ipehele dipheyo tsa mantlha” kapa “Ho theha hape mokgwa wa pele wa puisano o seng o nyahladitswe.”

Dipheyo tsa Bohlokwa

Tsena ke dipheyo tse lokelang ho etswa ho sebetsa ho hang, ho ipapisitswe le tlhahlobo ya sebaka seo motho a sebetsang ho sona.

Dipheyo tsa Maemo

Tsena ke dipheyo tse behilweng e le HORE/KAPA ho fumana data kapa haeba projeke e ka etswa kapa kae kapa ho mang.

Dipheyo tsa Tshebetso

Tsena di beha ditaelo le diketso kapa lethathamo la diketsahalo kapa kemiso ya dinako.

Dipheyo tsa Tlhahiso

Tsena di beha dipalo tse kang dipalo.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape