Let us know how it is going

DISEBEDISWA TSA MOSEBETSING

THUTO YA KAKARETSO

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Disebediswa tsa Mosebetsing

Se sebediswa ke ntho eo o ka e sebedisang ho ntlafatsa dintho kapa ho etsa ho hong.

Lefatsheng la kajeno, ho na le mathata a mangata mosebetsing. Kgafetsa o utlwa batho ba lelekwa mosebetsing kapa ba lahlehelwa ke mosebetsi ebe ba sa sebetseng. Mme ba sebetsang hangata ba tletleba ka ho sebetsa le basebeletsi-mmoho le bona kapa baokamedi.

Ho ba bang, mosebetsi o bonahala e le ntho eo ba tlamehang ho e etsa ho fumana tjhelete ya ho lefa dikoloto le ho phela. Ha ba ikutlwa jwalo, mosebetsi e ba phihlelo e sa thabiseng.

Mme ba bangata ba bua ka ho kgathala ke mosebetsi wa bona. Ba fihla hae bosiu, ba je dijo tsa mantsiboya, ba shebella TV ebe ba robala.

Empa ha hwa lokela ho ba ka tsela e jwalo. Ho na le ditsela tse ka ho thusa hore o hlasimolohe hape o be sedi mme o se ke wa ikutlwa o kgathetse ka mora mosebetsi wa letsatsi. Ho na le dintho tseo o ka di etsang ho thusa ho etsa hore sebaka sa mosebetsing e be sebaka se thabileng moo o etsang hore mosebetsi wa hao o etsahale le ho ikutlwa o le hantle qetellong ya letsatsi. Kgaolo ena e tla ho fa disebediswa ho etsa hore sena se etsahale.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Thutong ena o tla ithuta:

  • Sesosa sa mathata, ho hloka botsitso le ho hloleha mosebetsing le bophelong.
  • Hobaneng ha o kgathetse ke ho tshwara batho letsatsi lohle le hore o ka etsang ka hona.
  • Mehato eo o ka e nkang ho hlola mokgathala o mongata le ho fumana tjheseho ya hao mosebetsing.

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.