Let us know how it is going
5.‎1 BALA SEHLOOHO

Bohlokwa ba Mosebetsi

Mosebetsi ke datum e tsitsitseng ya sechaba sena. Ha ho se letho seo o ka se etsang, ha ho letho leo o ka le phelelang. Motho ya sa sebetseng o tshwana le mofu mme hangata o kgetha lefu.

Ho Scientology, diphiri tsa bophelo ha e sa le diphri ha kalo. Ha ho hlokahale hore ho be le sephiri ka bophelo. Ke batho feela ba sa sebetseng kapa ba sa nahaneng ka nepo ba batlang ho ba le diphiri tse ngata tse patilweng ho bona. Scientology e nkile dintho tse teng bophelong tseo ho neng ho le thata ho di utlwisisa ebile e se e fumane tharollo ya mathata a bophelo. Scientology, ka lekgetlo la pele paleng ya Motho, ba ka phahamisa bohlale, ba eketsa bokgoni le ho kgutlisa bokgoni ba ho bapala papadi ya bophelo. Le mosebetsi ka bowona bo ka fetoha ntho e monate e ka o thabisang.

Ho na le ntho e le nngwe e ithutileng ho Scientology eo e leng ya bohlokwa haholo hore na mosebetsi ya sebetsang o nahana le ho sheba dintho jwang. Hangata o ikutlwa setjhabeng sa habo hore o sebeletsa moputso o potlakileng le hore ha a etse letho la bohlokwa. Ho fetola tsela eo a tadimang sena ka yona, o hloka ho tseba dintho tse mmalwa. E nnge ea tsona ke hore na basebetsi ba hantle ba mmalwa ha kae. Boemong ba batsamasi, hwa thabisa ho hlokomela hore na motho ya sebetsang le ho laola mesebetsi le banna o hlile o bohlokwa hakae ho khamphani efe kapa efe e kgolo. Ho thata ho fumana basebeletsi ba molemo jwaloka bona. Taba e nngwe eo e leng ya bohlokwa ke hore lefatshe kajeno le tataisitswe ke difilosofi tsa kelello (dintho tsa bohata tse buwang ke batho ba nang le kelello jwalo ka dingaka tsa kelello le ditsebi tsa kelello)—ha o se o shwele, ho fedile hape ho phethahetswe ka wena mme ha o na boikarabello bo bong bakeng sa eng kapa eng. Ha ho na monyetla hore sena ke nnete.

Ntho e nngwe eo re e tsebang ke hore batho ba bohlokwa ebile dintho di ke ke tsa etswa ntle le mosebetsi wa bona. Ba bang ba boletse hore “Haeba batho ba nahana hore ba bohlokwa haholo ebile ba bohlokwa, ba lokela ho theohela mabitleng ho ya—sheba batho bao e ne e le ba bohlokwa ebile ba hlokahala hape.” Ena ke ntho e bowatla ho e bua. Haeba o ne o sheba ka hloko ka mabitleng, o ka fumana motho ya sebeditseng ka motjhini o entseng dinthoka dilemong tse fetileng, mme ntle le yena, ho ka be ho se na feme kapa mabenkele a motjhini kajeno. Ha ho pelaelo hore seo motho eo a se entseng le ho se fa setjhaba ha a sa phela ke ntho e ntseng e etswa ke motho e mong kajeno.

Mosebetsi ha se mosebetsi feela. Mohiriwa ha se mohiriwa feela. Mosebeletsi wa ofising hase mosebeletsi wa ofisi feela. Ke ditshiya tsa bohlokwa (dintho tse phahamisang ho itseng), tse phefumolohang, tse nang le ntho e nngwe e tshehetsang ntho e nngwe le e nngwe eo lefatshe le ahilweng ho yona. Ha se di-cogs (mabidi) motjhini o matla. Ke bona motjhini ka boona.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape