Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Disebediswa tsa Mosebetsing

Se sebediswa ke ntho eo o ka e sebedisang ho ntlafatsa dintho kapa ho etsa ho hong.

Lefatsheng la kajeno, ho na le mathata a mangata mosebetsing. Kgafetsa o utlwa batho ba lelekwa mosebetsing kapa ba lahlehelwa ke mosebetsi ebe ba sa sebetseng. Mme ba sebetsang hangata ba tletleba ka ho sebetsa le basebeletsi-mmoho le bona kapa baokamedi.

Ho ba bang, mosebetsi o bonahala e le ntho eo ba tlamehang ho e etsa ho fumana tjhelete ya ho lefa dikoloto le ho phela. Ha ba ikutlwa jwalo, mosebetsi e ba phihlelo e sa thabiseng.

Mme ba bangata ba bua ka ho kgathala ke mosebetsi wa bona. Ba fihla hae bosiu, ba je dijo tsa mantsiboya, ba shebella TV ebe ba robala.

Empa ha hwa lokela ho ba ka tsela e jwalo. Ho na le ditsela tse ka ho thusa hore o hlasimolohe hape o be sedi mme o se ke wa ikutlwa o kgathetse ka mora mosebetsi wa letsatsi. Ho na le dintho tseo o ka di etsang ho thusa ho etsa hore sebaka sa mosebetsing e be sebaka se thabileng moo o etsang hore mosebetsi wa hao o etsahale le ho ikutlwa o le hantle qetellong ya letsatsi. Kgaolo ena e tla ho fa disebediswa ho etsa hore sena se etsahale.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Ho Sebetsana le Pherekano Mosebetsing

Motho e mong a ka o jwetsa hore ho na le ho hong ho ferekanyang mabapi le mosebetsi wa hae. Mme haeba a sa tsebe ho sebetsana le pherekano eo, ka sebele o ba le maikutlo ao hobane a sena mokgwa wa ho a rarolla. Pherekano ke ntho e shebahalang e sena tharollo hanghang.

Mohlala, haeba o tsamaya kantle ho ntlo ya hao mme ka tshohanyetso hoba le moya o matla o fokang makala, dipampiri le matlakala hohle sebakeng, seo e ka ba pherekano.

Mohlala o mong o ka ba haeba o ne o sebetsa khomphuteng ya hao mme ka tshohanyetso skrini se ile sa qala ho fifala mme setshwantsho sa nyamela.

Ha o sheba dintho tse ngata tse ka o susumetsang le tseo o tenang bophelong ba hao, ka dinako tse ding ho bonahala eka mathata ohle a hlahiswa ke pherekano e itseng. Mosebeletsi a ka hlokomela hore ho na le ho etsahalang ho mo ferekanyang, empa ha a sa tsebe ho rarolla seo, o mpa a leka ho tswella pele ebe ka tsela e itseng o tswa ho yona e lokile.

Ha o na le mathata a mangata a sa rarollwang, a eketsa pherekanong ebe e kgolo. Nako le nako, mosebeletsi a ka fumana ditaelo tse sa tshwaneng tse ding—ka dinako tse ding a bile a mo jwetsa hore a etse se fapaneng—a ka ferekana haholo.

Fektheri ya sejwale-jwale e ka sebetswa bohlaswa hoo lefelo lohle le bonahala e le pherekano e kgolo hoo ho sa bonahaleng mokgwa wa ho e sebetsana le ho e ntlafatsa.

Hangata batho ba itshetleha ka lehlohonolo ho ba thusa ho tswa pherekanong efe kapa efe e boima haholo hore ba ka e sebetsa. Lehlohonolo e bolela ho latela ntho e ngwe ntle le ho iketsetsa diqeto mabapi le se tla etsahala nakong e tlang, ha o sena matla a ho e laola. Haeba o ne o ka tlohella koloi ho ikganna ha entse e tsamaya mme o tshepa hore koloi e dule tseleng ka lehlohonolo, o ne o tla nyahama kgafetsa. Ho jwalo le ka bophelo. Dintho tseo o sa di sebetseng mme o tshepa feela hore lehlohonolo le tla rarolla ha se hangata di iphedisang.

Mohlomong o kile wa utlwela kapa wa bona motswalle ya iphapang ho lefa dikoloto, a tsikitlanya meno a tshepile hore o tla hapa lotto kapa peiso ya dipere mme a etse tjhelete e ngata ho rarolla mathata a hae kaofela. Mohlomong o kile wa tseba batho ba ileng ba sebetsana le bophelo ba bona ka tsela ena ka dilemo tse ngata. Empa ho itshetleha ka lehlohonolo ho rarolleha pherekano ho tshwana le ho se tshware lebidi le ho tsamaisa koloi ya hao. Pherekano e ke ke ya itharolla.

Kahoo, e ka ba bohlale ho utlwisisa hore na pherekano ke eng le hore na e ka sebetswa jwang.

PHEREKANO LE DATUM E TSITSITSENG

Jwalokaha ho boletswe kahodimo, pherekano ke ntho e sa bonahaleng hoba le tharollo ya kapele.

Empa ho e fa moelelo o pharaletseng, PHEREKANO KE HA HO ETSAHALA NTHO EO O SAKA WABA LE HLOKOMELO HORE E TLA ETSAHALA (O NAHANELA HORE ETLA ETSAHALA).

Haeba o ne o ka ema ka hara sephethephethe se boima, mohlomong o ne o tla ikutlwa o ferekane ke ho sisinyeha ho hoholo ka hohle ho o potileng. Haeba o ne o ka ema sefefong se matla, se nang le makhasi le lipampiri tse fofang, o ne o tla ikutlwa o ferekane.

Na hwa kgoneha ho utlwisisa pherekano? Na pherekano e ka robeha dikoto? Ho jwalo, mme ho jwalo.

Mohlala, haeba o ne o le moamohedi wa baeti khamphaning e kgolo mme o letsetswe ke mehala e leshome ka nako e le ngwe, o ka ikutlwa o ferekane. Empa na ho na le karabo ho bothata bona?

Kapa, ​​haeba o ne o le foromane sa basebetsi mme o bile le maemo a tshohanyetso a mararo mme kotsi e etsahale kaofela ka nako e le ngwe, na ho na le karabo ho seo?

Ee, ho jwalo. O ka sebetsana le pherekano efe kapa efe ha o se o tseba hore na pherekano ke eng le hore na o ka e sebetsa jwang.

Pherekano ke pherekano ha feela dikarolo tsohle tsa ntho di ntse di tsamaya. Pherekano ke pherekano ha feela ho se karolo ya yona e hlakileng ho wena kapa e utlwisisehang.

Pherekano ke sesosa sa mantlha sa bothoto. Ho mang kapa mang ya hlokang kelello, dintho tsohle ntle le tse bonolo haholo dia ferekanya. Kahoo haeba o tseba hore na pherekano e entswe ka eng, ho sa tsotelehe hore o na le bohlale bo bo kae, o tla ba bohlale ho feta.

Haeba o kile wa tlameha ho ruta motho ya seng bohlale haholo, o tla utlwisisa sena hantle. O leka ho hlalosa hore na ntho e sebetsa jwang. O e hlalosa kgafetsa le kgafetsa le kgafetsa. Ebe o mo roma ho etsa ntho eo mme hang-hang o se a sentse ntho eo. O re o ne a sa “utlwisisi” kapa a sa “utlwisisa.” Nnete e bonolo ke hore o ne a ferekane.

Dinoko tse mashome a robong a metso e robong tsa thuto yohle dia hloleha, ha e hloleha, ke hobane moithuti o ferekane. Ha a ferekane feela ka seo a lekang ho ithuta ho se etsa, empa le bophelong. Ha motho a hloleha, ho etsahala hobane motho o ferekane. Ho ithuta ka motjhini kapa ho phela bophelong, o tlameha ho kgona ho nka pherekano ka thoko mme o sebetsane le hona hore e seke yaba pherekano ho wena.

Ha o sebetsana le pherekano, ho na le molao oo o ka o sebedisang. E bitswa THUTO YA SETHALA SA DATUM E TSITSITSENG. Thuto ya sethala e bolela puso kapa molao mme datum e tsitsitseng e bolela nnete kapa sengwathwana sa tlhahiso-leseding kapa ntho e tshepahalang ebile e sa fetoheng. O ka e sebelisa ho o thusa ho otlolla pherekano kapa esita le ho e thibela hore e etsahale.

Mohlala, haeba o bona maqhephe a mangata a dipampri a fofa ka phapusing, di ne di tla shebahala di ferekanya ho fihlela o khetha leqhephe ka leng hore o bapise leqhephe le leng ho le leng hore o a shebe. Jwale o ne o ka bona hore ntho e ngwe le e ngwe ka phapusing e ne e tsamaya (e ntse e tsamaya). Ka mantswe a mang, motsamao o ferekanyang o ka utlwisiswa ka ho fumana le ho etsa qeto ya hore ntho e le ngwe ha e sisinyehe.

O ka etsa sena ha o nka maqhephe a dipampiri tse nyane tse selekane sa letsoho ebe o di lahlela moyeng. Jwale nka e ngwe ya maqhephe a dipampiri ebe u e taka ebe ntsho. Lahlela maqhephe a dipampiri hape mme o shebe e ntsho. Ho bonahala ho na le pherekano e nyane hobane o sebedisa datum e tsitsitseng e le ngwe e ho hokahanya (ho hlophisa) pherekano e setseng.

Nakong ya sephethe-phethe, dikoloi tsohle tse tsamayang e tla ba pherekano ntle le haeba o ka bona koloi e le ngwe ebe o etsa qeto ya hore engwe ha e sisinyehe ha e bapiswa le dikoloi tse ding. O ka shebella dikoloi tse ding ha di bapiswa le tseo o di kgethileng, mme o bone hore na sephethe-phethe se tsamaya jwang.

Moamohedi wa baeti ya amohelang difono tse leshome ka nako e le ngwe o rarolla pherekano ka ho etsa qeto ya mehala o le mong e le mohala wa pele wa ho amohelwa. Ha ho na taba hore na o araba e feng pele. Pherekano ya “mehala e leshome kaofela ka nako e le ngwe” e fetoha e ferekanyang enyane nako eo a etsang mohala o le mong hore o arajwe.

Foromane wa lebenkele, ya hlahisitsweng ke maemo a tshohanyetso a mararo le kotsi, o hloka feela ho etsa qeto ya hore na ke mang eo a tla mo qala pele ho etsa hore boemo bo se ke ba ferekanya le ho etsa dintho taolong ya hae.

Ho fihlela o kgetha sekgetjhana sa tlhahiso-leseding, ntho e le nngwe, ntho e le nngwe ka pherekano—datum e tsitsitseng—pherekano e ntse e tswela pele. Ntho e le nngwe eo o ikgethang ebe o isebedise e ba yona ebang datum e tsitsitseng ho isa pheletsong ya dintlha tsa pherekano.

Ntho e nngwe le e nngwe eo o e tsebang—ka mohlala, hore na o ka baka dikuku jwang—e hahilwe ho tloha pokellong ya datum e le nngwe. Eo ke yona datum e tsitsitseng.

Ha o baka kuku, datum e tsitsitseng e kanna ya re ha o kenya metswako yohle ka ontong, e baka ebe e phehe kuku. Haeba o leka ho etsa hore datum e tsitsitseng e fosahale kapa e fosahetse, tsebo yohle eo o neng o e-na le yona e ka ferekanya. Ka mohlala, haeba motho e mong a ne a re lebaka la ho tjhesa ke ntho e mpe mme dikuku ha dia lokela ho phehwa ka ontong, taba eo kaofela e ka o ferekanya.

Datum e tsitsitseng ha ya lokela ho ba ee nepahetseng. Ke yona feela ntho e le nngwe e kopanyang ba bang kaofela mme e bolokang dintho e le pherekano e felletseng.

Haeba o ne o ruta motho e mong ho sebedisa motjhini, haeba a sa utlwisise le ho latela ditaelo tsa hao, o entse jwalo hobane a se na datum e tsitsitseng. Pele, o tlameha ho utlwisisa ntlha e le nngwe. Hang feela a ka utlwisisa, a bile a utlwisisa ntlha eo, o kgona ho utlwisisa ba bang. Motho e mong le e mong o tla ba le bothata maemong a ferekanyang ho fihlela a utlwisisa ntlha e le nngwe kapa ntho e le nngwe.

Dipherekano, ho sa tsotelehe hore na e ka ba e kgolo hakae ebile e le thata hakae ho e hlola, e entswe ke, melao, puso kapa dikoto tsa ntho e itseng. Utlwisisa karolo e le nngwe kapa molao kapa puso mme o tla kgona ho sebetsana le pherekano. Hang feela o se o utlwisisa ho etsa karolo e le nngwe hore e sebetse, bona hore na ba bang ba sebetsa jwang ha ba bapiswa le yona mme o tla be o tsitsitse pherekano. Mme, ha o etsa dintho tse ding ho tsamaellana le seo o se utlwisisa, haufinyane o tla kgona ho laola le ho sebetsana ka botlalo le pherekano.

Ha o ruta motho ho sebedisa motjhini, o se ke wa mo akgela dintlha tse ngata, mme o mo supe dintho tseo a di entseng hampe. Seo se ka mo ferekanya mme se tla etsa hore a etse ka bowatla. Fumana sebaka se itseng pherekanong ya hae ho qala, datum e le nngwe. Mohlala, mo jwetse, “Ona ke mokgwa wa ho qala motjhini.”

Ha o fumana motho ya ferekaneng, e kanna yaba ditsamaiso tsohle di lahletswe ho yena, ntle le yena hore a li utlwisise, ka hona ha a na lesedi le hlakileng la hore na dintho ke eng kapa di sebetsa jwang. Ho sebetsana le motho ya tjena, o ka qala ka ntho e bonolo feela e kang, “Ona ke motjhini.” Ebe o mo netefatse. Etsa hore a e utlwe, a bapale ka yona, a ikgahlametse. O tla makala hore na ho nka nako e telele hakae, empa hape o tla makala hore na bonnete ba hae bo eketseha jwang. Hara dintho tsohle tse rarahaneng kapa tse thata tseo a lokelang ho ithuta tsona hore a tsebe ho sebedisa motjhini, o lokela ho qala ka ho tseba datum e le nngwe. Ha ho bohlokwa hore na ke datum ife eo a ithutang yona pele ha feela a ithuta yona hantle. Kamehla ho molemo ho ruta motho e mong datum e bonolo ya mantlha. Mohlala, o ka mo bontsha hore na motjhini o etsang, o ka mo hlalosetsa hore na motjhini o etsang kapa o ka mo jwetsa hore hobaneng a kgethilwe hore a sebedise motjhini ona. Empa o tlameha ho hlakisetsa datum ya hao e le nngwe kapa ho seng jwalo o tla lahleha pherekanong.

Pherekano ke ho hloka botsitso. Pherekano ke bowatla. Pherekano ke ho se sireletsehe. Ha o nahana ka ho hloka botsitso, bowatla le ho se sireletsehe, nahana ka pherekano mme o tla nepahala.

Jwale, botsitso ke eng? Ho ba le botsitso ke ho hloka pherekano. Jwale bohlale ke eng? Bohlale ke bokgoni ba ho sebetsana le pherekano. Jwale, tshireletso ke eng? Tshireletso ke bokgoni ba ho feta kapa ho potoloha kapa ho lokisa pherekano. Ho ba le botsitso, bohlale le tshireletso ke ho hloka bokgoni kapa tsela ya ho sebetsana le pherekano.

Lehlohonolo le kenella jwang pherekanong? Lehlohonolo ke tshepo ya hore monyetla o mong o sa laoleheng o tla ho fetesa. Ho itshetleha ka lehlohonolo ke ho lahlehelwa. E ke ke ya ho thusa hore o atlehe.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape