Let us know how it is going

DYNAMICS TSA BOTENG

THUTO YA KAKARETSO

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Dynamics tsa Boteng

Ha ho mohla moo ho kileng ha e-ba le tsela ya ho qhetsola dikarolo tsa bophelo hore o di shebe ka tsela eo o ka lemohang hore ke dikarolo di fe tse sebetsang le tse sa sebetseng hantle tsa bophelo ba hao le hore ke dife tse tshwanelang ho hlokomelwa.

L. Ron Hubbard o fumane hore bophelo bohle, ntho enngwe le enngwe e phelang lefatsheng lena, e latela morero o le mong: wa ho pholoha!

Empa morero ona o le mong o moholo o akaretsang bophelo le ho phela o ka boela wa arolwa dikarolo tse nnyane.

Jwale ka ha o tla ithuta kgaolong ena, hang ha o tseba hore na dikarolo tsena tse nnyane ke eng, o ka bona hore na o pholoha ho di fe tsa tsona.

Ho tseba hore na dikarolo tsa bophelo ke eng hape ho tla o thusa ho etsa qeto e nepahetseng ha o tobana le bothata bofe kapa bofe—esita le bo ka lematsang kapa ba kgopisa ba bang ba batho ba ka beng ba kentse letsoho bothateng boo. Ha ho so ka ho ba le mokgwa o sebetsang le o nepahetseng wa ho rarolla mathata a kang ana le pele, haholoholo o ka rutwang ba bang hore le bona ba o sebedise. Ho fihlela moo L. Ron Hubbard a ileng a sibolla, ke hore, a re bontsha hore na di ka etswa jwang.

Kgaolong ena, o tla ithuta disebeliswa tse tla o thusa ka ho phela hantle le ho etsa liqeto tse nepahetseng.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Thutong ena o tla ithuta:

  • Motheo wa mantlha wa tshebetso le diqeto tsohle tsa hao.
  • Dikarolo tse robedi tse arohaneng tse etsang bophelo le hore na e nngwe e amana jwang le e nngwe.
  • O ka etsa diqeto tse nepahetseng jwang bophelong?

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.