Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Dynamics tsa Boteng

Ha ho mohla moo ho kileng ha e-ba le tsela ya ho qhetsola dikarolo tsa bophelo hore o di shebe ka tsela eo o ka lemohang hore ke dikarolo di fe tse sebetsang le tse sa sebetseng hantle tsa bophelo ba hao le hore ke dife tse tshwanelang ho hlokomelwa.

L. Ron Hubbard o fumane hore bophelo bohle, ntho enngwe le enngwe e phelang lefatsheng lena, e latela morero o le mong: wa ho pholoha!

Empa morero ona o le mong o moholo o akaretsang bophelo le ho phela o ka boela wa arolwa dikarolo tse nnyane.

Jwale ka ha o tla ithuta kgaolong ena, hang ha o tseba hore na dikarolo tsena tse nnyane ke eng, o ka bona hore na o pholoha ho di fe tsa tsona.

Ho tseba hore na dikarolo tsa bophelo ke eng hape ho tla o thusa ho etsa qeto e nepahetseng ha o tobana le bothata bofe kapa bofe—esita le bo ka lematsang kapa ba kgopisa ba bang ba batho ba ka beng ba kentse letsoho bothateng boo. Ha ho so ka ho ba le mokgwa o sebetsang le o nepahetseng wa ho rarolla mathata a kang ana le pele, haholoholo o ka rutwang ba bang hore le bona ba o sebedise. Ho fihlela moo L. Ron Hubbard a ileng a sibolla, ke hore, a re bontsha hore na di ka etswa jwang.

Kgaolong ena, o tla ithuta disebeliswa tse tla o thusa ka ho phela hantle le ho etsa liqeto tse nepahetseng.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Dynamics

Matla a kgannang ka mora diketso tsohle tsa hao le diqeto, se bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ke ho pholoha. Ho pholoha ho bolela ho dula kapa ho tswela pele o phela, ke ho phela.

Re bitsa matla ana a kgannang ho pholoha, takatso. Ho Scientology, re ithutile hore ho na le ditakatso tse robedi tse arohaneng tsa ho pholoha. E nngwe le enngwe ya tsena e bitswa dynamic. Ntho e nngwe le e nngwe eo o e etsang le boikgethelo boo o bo etsang di susumetswa ke takatso ya ho pholoha.

Dynamics tse robedi di emetse dikarolo tse fapaneng tsa bophelo ba hao tseo o pholohang ho tsona:

Dynamic ya Pele ke takatso ya ho pholoha ka bo wena o le motho a le mong. Ke takatso ya ho ba motho le mong le ho fihlella boemo bo phahameng ba ho pholoha ka nako e telele ka bo wena.

Mohlala, ka ho itlhokomela, o boloka mmele wa hao o hlwekile, o boloka meno a hao hantle, o ja hantle, o phomola le ho fumana tlhokomelo ha o kula ke dintho tsohle tseo o di etsang ho o thusa ho phela o pholohile ho Dynamic ya Pele.

Dynamic ya Bobeli ke takatso ya ho pholoha molokong wa nako e tlang. E na le dikarolo tse pedi: thobalano le lelapa, tse kenyeletsang ho hodisa bana.

Dynamic ya Boraro ke takatso ho pholoha jwale ka karolo ya sehlopha.

Mohlala, batho ba ofising ya hao, ba sekolong sa hao, ba toropong ya hao, setjhaba sa hao esita le sehlopha sa hao sa bolo kapa sehlopha sa mmino kaofela ke karolo ya Dynamic ya Boraro ya Hao.

Dynamic ya Bone ke ya takatso ya ho pholoha ka ho moloko wa Batho. Moo morabe o le mong (batho ba nang le mmala o le mong kapa setjhaba se le seng) ba ka nkuwa e le Dynamic ya Boraro, merabe yohle ya Motho e ka nkuwa e le Dynamic ya Bone.

Dynamic ya Bohlano ke yona kgothatso ya ho pholoha ho mefuta le ha e le e fe ya mokgwa wa bophelo. Sena se ka kenyelletsa dintho tsohle tse phelang, ebang ke diphoofolo kapa dimela.

Mohlala, ditlhapi, dintja, dikatse, ditau, jwang, difate, dipalesa esita le dikokwanyana kaofela ke karolo ya Dynamic ya Bohlano.

Dynamic ya bo Tshelela ke takatso ya motho ho ntlafatsa ho pholoha ha bokahohle ba tlhaho.

Mohlala, ho hlokomela diaparo tsa hao, lieta, ntlo, koloi, sekolo, ofisi kapa thepa ya motho e mong kaofela ke karolo ea liketso tsa ho pholoha ha hao ho Dynamic ya Botshelela.

Dynamic ya Bosupa e ka bitswa dynamic ya semoya. Ke takatso ya ho pholoha semoyeng ka bong kapa takatso ya bophelo ka bo bona ho pholoha. Ena e arohane le bokahohle ba tlhaho mme yona ke mohlodi wa bophelo ka sebele.

Dynamic ya Borobeli ke dynamic eo ho buisanwang ka yona haholo jwale ka ha e le Mmopi, dynamic ya Modimo kapa Motho ya Phahameng, eo e leng moya oa popo. Ke takatso ya ho ba teng ka bosakgutling.

Dynamics tsena tse robedi di kenyelletsa merero ya hao kaofela ya ho pholoha le dintho tsohle tseo o di pholohelang.

Motho o leka ho pholoha, ka tsela e fe kapa e fe, ka di dynamics tsena kaofela hang.

Dynamics tsena di ka bontshwa e le letoto la dipotoloho tse kentseng Dynamic ya Pele ka hare. Motho o atolohela kantle ha a qala ho pholoha ho di dynamics tse ding bophelong ba hae.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape