Let us know how it is going
2.‎1 BALA SEHLOOHO

Ho Pholoha le Dynamics tsa Hao

Ka ho itlhahloba ha Motho ka bo yena, motho ka mong o bonahala a e na le kgothatso ya ho pholoha ho di dynamics ka bonngwe. Mohlala, motho a ka kgahlwa ke ho pholoha ha dihlopha (Dynamic ya Boraro) jwale ka moo a ratang dynamic ya hae ya ho pholoha (Dynamic ya Pele). A kanna a rata ho ikwetlisa le ho boloka mmele oa hae o lekane hantle jwalo ka ha a thabela ho sebetsa ka thata ho thusa sehlopha sa hae sa bolo ho hlola papali.

Hang ha o lahla kapa o tlosa enngwe ya dynamics, motho o qala ho ba le maiphihlelo a kgathatso. Mohlala, haeba motho a sa dumellwe ho ba karolo ea sehlopha se fe kapa se fe (Dynamic ya Boraro), a ka qala ho ikutlwa a sa batlwe mme Dynamic ya Pele ya fokotseha. Ho thusa le ho etsetsa lelapa ho ya ho fokotseha mme hoo ho ama (Dynamic ya Bobedi) e utlwa bohloko mme e ya e timela. Dynamics kaofela tsa hae di ya fokotseha. Kahoo re ya bona hore ha ho ka ba le ho etsahalang ho fokotsa ho pholoha ha dynamic e le nngwe, e ka ama di dynamics tse ding. Haeba o ka itematsa mme wa qetella o le sepetlele, ka hona wa ntsha ho pholoha ha dynamic ya pele kotsi, ho ka etsahala o lahlehelwe ke mosebetsi mme wa se hlole o e-ba karolo ya sehlopha sa hao sa mosebetsing (Dynamic ya Boraro ya Hao). O ka lahlehelwa ke moputso, mme le sekoloto sa ngaka se be hodimo seo se ka bolela hore ba lelapa tjhelete e ya fokotsehá ya ho reka diaparo, dijo le bodulo (Dynamic ya Bobedi).

Sephuthelwana sa dynamics tse robedi se bohlokwa ho pholoheng ha motho ofe kapa ofe.

Setjhabeng sa kajeno, batho ba rutilwe ho dumela hore “Motho o inahanela a le mong.” Batho ba bang ba tlameha ho qobelloa, ho shapuwa, ho otlwa le ho rutwa ho ba le Dynamic ya Boraro. Di tlameha ho kenngwa teronkong. Di tlameha ho romellwa sekolong. Ba tlameha ho fuwa kotlo, ho lefiswa, ho lefiswa lekgetho le ho etswa hore ba voute. Batho ba ka nahana hore dintho tsena tsohle di tlameha ho etswa feela ho etsa hore motho a be le Dynamic ya Boraro.

Ke tsela e tshwanang le ya Dynamic ya Bone ya (Moloko wa Batho). Na o kile o wa tseba ka motho ya neng a nahana hore ke lintja feela tseo e leng metsoalle e molemo ya motho mme batho ba phelang le yena ha ba loka? Motho enwa o tsepamisitse maikutlo feela ho Dynamic ya Bohlano (ditlhapi, dintja, dikatse, ditau, jwang, difate, dipalesa, jwalo-jwalo). Ho ka ba hantle hore motho a tswelepele ho ba le mohopolo ona, empa ho fihlela feela mohopolo oo o hloleha, kaha e se wa nnete. Mohlala, e re motho enwa o ile a kula haholo ka tsatsi le leng mme a kopa likatse le lintja tsa hae ho mo thusa hore a fole. Empa ha ho jwalo, ho ke se kgonehe mme motho ya kopang liphoofolo thuso wa hloleha. O tlameha ho ya sepetlele mme a kope batho ba bang ho mo thusa hore a pholohe.

Ha se nnete hore e le nngwe ya dynamics tse robedi e bohlokwa ho feta tse ding. Tsohle ke dikarolo tsa papadi ya bophelo ka kakaretso. Leha ho le jwalo, ho tla fumanwa hara batho ba fapaneng hore motho ka mong o lebisa tlhokomelo ho dynamics e le enngwe ho feta tse ding. Mohlala, sebini se ka e la hloko ho mmino ka ho sebetsa motshehare le bosiu, matsatsi a supileng a beke, ho leka ho ba sebapadi se phethahetseng sa violini lefatsheng, se sa tsotelle lelapa la sona kapa metswalle. Di dynamics tse ding di ya lemala mme sena se ka mo bakela mathata.

Lebaka lohle la ho ba le di dynamics tse arotsweng ka ho ya ka dikgothatso tse robedi ke ho eketsa kutlwisiso ya hao ya bophelo ka ho e arola ka dikarolo. Ha re arotse bophelo ka tsela ena, karolo ka nngwe e ka hlahlojwa ka bo yona mme ya hlahlojwa ho bona hore na e sebetsa jwang le ba bang. Ha kutlwisiso ea hao ya bona e ntse e hola, o kgona ho phela hantle hammoho le dynamics.

Jwalo ka mohlala wa sena, nka ngwana ya sa hlokomeleng ho tlola ho Dynamic ya Pele (Dynamic ya Bonna) ha a hlaha. Empa ha ngwana a ntse a hola le ho ba le thahasello ya dintho tse ding, a ka bonwa a qala ho phela ka di dynamics tse ding. O ithuta hore lelapa la hae ke sehlopha le hore o na le dihlopha tsa metswalle (Dynamic ya Boraro) ebe o ya sekolong mme o ithuta ka batho ba bang ba dulang dinaheng tse ding mme o elellwa Meloko ya Batho (Dynamic ya Bone). O ithuta ka diphoofolo le dikokonyane (Dynamic ya Bohlano) mme jwale o ruile ntja le nonyana jwalo ka diphoofolo tsa lapeng, jwalo-jwalo.

Ha o hanyetsa jwale ka mohlala ho sena, nahana ka motho ya sa kgoneng ho phela hantle ho Dynamic ya Boraro (Dynamic ya Sehlopha) mme a sa rateng ho ba karolo ya sehlopha. Motho ya jwalo o nkuwa a se na botswalle—o phela bophelo ba hae a le mong mme ha se karolo ya sehlopha leha e le sefe sa ba bang.

Jwale o etsa jwang hore o sebetse ka katleho ho sebedisang di dynamics hammoho? Mokgwa wa ho etsa sena ke ho ithuta ho iphedisa kamoo o ka kgonang ka dynamics ka nngwe. Mmoho dynamics tse robedi di eketsa ho pholoha bophelong ba hao kaofela.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape