Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Lenyalo

Lefatsheng la kajeno, manyalo a qhalaneng a batla a lebelletswe.

Banyalani ba nyala mme ba ba le bana ba mmalwa ebe lenyalo le qala ho senyeha. Monna o lelera le mosadi e mong mme mosadi o sebeletsa ho tshehetsa bana.

Ntle le lelapa le tlamahaneng hantle jwalo ka sehlopha, moo setho se seng le se seng se ka itshetlehang ho tse ding ho mo thusa ho feta dinakong tse boima le ho sebetsana le bophelo, ngwana a ka lahleha mme ka pele a qala ho kena mathateng.

Lelapa ke lejwe le ahang la setjhaba. Leha ho le jwalo, balekane ba bangata ba lenyalong ba na le bothata ba ho boloka lelapa mmoho. Ke ka lebaka la ho se tsebe seo ba lokelang ho se etsa hore lenyalo le atlehe le ho le boloka le tswela pele hantle.

L. Ron Hubbard o fane ka disebediswa hore re se ke ra theha lenyalo le atlehileng feela re na le balekane ba thabileng mme ba tswetse pele, empa hape le ho nka lenyalo le sa atleheng ho le boloka le ho le kgutlisetsa hape mmoho.

Disebediswa tsa ho etsa lenyalo le thabileng le le atlehileng, di bonolo haholo ho di tseba le ho di sebedisa. Ha o utlwisisa seo di leng sona mme o ithuta ho di sebedisa, seo o tla ithuta sona thutong ena, o ka etsa hore lenyalo la hao le atlehe le ho feta. Mme hape o tla ba le disebeliswa matsohong a hao ho thusa balekane ba bang ba lenyalong ba leng mathateng hore lenyalo la bona le kgutlele tseleng ya thabo.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Boithabiso ba Lenyalo

Ho nyalwa ke boithabiso. Hobane ha o nyalwa, o etsa ntho eo o sa tsebeng letho ka yona. Le ha o ka leka ka makgetlo a mmalwa, hangata o tseba ho fokolang ka yona ka lekgetlo la bobedi ho feta kamoo o neng o e etse la pele.

Lenyalo ke seo lelapa le thehilweng ho sona. Ke motheo.

Setjhabeng sena, ka nako ena, lelapa ke sehlopha se tsotellanang, se itshiireletsang mme se kgona ho ekisa nakong e tlang.

Moetlo (sehlopha sa batho ba nang le tumelo e tshwanang, tsela ya bophelo, ditlwaelo, jwalo-jwalo) o tla fediswa kapa o lahlehelwe haeba motheo wa kaho—lelapa—o ka tloswa.

Kamano ya lenyalo ke kamano e postulated. Postulated bolela qeto e entsweng hore ntho e itseng kapa e tla ba ka tsela e itseng. Ka mantsoe a mang, lenyalo ke ntho eo batho ba babedi ba e thehang hammoho. Qeto eo ba e entseng ke yona feela lebaka leo lenyalo le leng teng.

Mathata a qala ha batho ba emisa ho theha (ho etsa kapa ho kenya mosebetsi) kapa ho postulating lenyalo. Sena ke sona se etsahalang ho manyalo a mangata. Batho ba kgaotsa ho bopa sehlopha sa malapa. Mme ha ba emisa ho e bopa, lenyalo ha le sa hlola le le teng.

Mohlala, nka banyalani ba tsamaisana sebaka hang ka beke serapeng sa boikgathollo mme ba bua kgafetsa ka merero ya bona, e kang hore na ba tla kgabisa ntlo ya bona jwang, ho ntlafatsa serapa sa bona kapa ho thusa bana ba bona ka mosebetsi wa bona wa sekolo. Ha ba sebeletsa dinthong tse kang tsena, ba buisana le ba bang ka ho bopa kamano ya bona le bokamoso ba malapa a bona. Empa ha re re ka letsatsi le leng, ba kena mathateng a itseng a ditjhelete. Ba nka qeto ya hore ba phathahane haholo bakeng sa ho tsamaya ha bona beke le beke kapa ba bile ba ipha nako ya ho buisana ka merero ya bona ya bokamoso. Ha monna a fihla hae, o qeta nako yohle ya hae a araba di-imeile mme o sebedisa nako ya hae ya phomolo a bala inthaneteng a leka ho fumana ditsela tsa ho etsa tjhelete e eketsehileng ho lefella dikoloto. Ha ba buisane ka merero ya bona ya ho sebetsana le ditjhelete tsa bona mmoho. Ba kgaoditse ho bopa lenyalo la bona le lelapa. Ho so ye le kae, lenyalo le fedile.

Ha se ka lebaka la dintho tse mpe tse etswang ke batho tse etsang hore ditumellano tse kang lenyalo di senyehe, jwalo ka ha e mong wa balekane a sa tshepahale mme a qala kamano e patilweng le motho e mong. Ke ka lebaka la dintho tseo batho ba sa di etseng. Ha o na le kamano e postulated ka botlalo, o tlameha ho tswelapele ho e bopa. O tlameha ho dula o e beha moo ka diketso tsa hao. Lelapa le sa tswelleng pele ho ipopa jwale ka lelapa le tla kgaotsa ho ba teng jwalo ka lelapa. Ke ka ntho ya mantlha le ya bohlokwa eo o hlokang ho tseba ka yona.

Moo batho ba nang le bothata ba lenyalo, ke hobane ba lebelletse hore le tla imathela feela ka bo lona. Ba nahana hore e tla dula e le siyo ba sa etse letho ho e beha moo le ho e boloka e tlamahane. Ka bomadimabe, e ke ke. E tlameha ho boptjwa.

Ha ngwana a kenyelletswa lelapeng, o tla qala ho postulate lelapa e be sehlopha. Haeba batswadi ba se ba sa bope lenyalo la bona mme sehlopha sa lelapa se qala ho qhaleha, ngwana o tla leka dintho tsohle ho boloka sehlopha sa lelapa se phela.

Ebile, ho fumanoe hore le leng la mabaka a etsang hore ngwana a lemale ke ho etsa hore batswadi ba hae ba hlokomele hore ba na le mesebetsi ya lelapa. Bolwetse ba bongwana le dikotsi tsa hae hangata di etsahala ka ho toba kamora hore lelapa le utlwiswe bohloko.

Empa hore na batswali ba ngwana ba dula mmoho kapa ba arohana, sena ha se amane le bokamoso ba hae le hore na a ka etsa lenyalo le atlehileng ha a se a le moholo. Katleho ya lenyalo la hae e tla itshetleha ka hore a etse qeto mme a sebeletse ho boloka qeto eo e le jwalo.

Haeba o na le mohopolo wa hore lenyalo le thehiloe hore le atlehe ka bo lona le hore ha ho hlokahale hore o etse letho ho leka ho boloka lenyalo le tla fella ka ho se atlehe kapa tlhalo. Empa haeba o kena lenyalong o e-na le kutlwisiso ya hore lenyalo ke ntho eo o lokelang ho e postulate pele o phela mme o tswele pele o bopa, o ka etsa lenyalo le atlehileng kapa wa boloka lenyalo le sa atleheng.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape