Let us know how it is going
2.‎1 BALA SEHLOOHO

Ho Tlola Ditumellano

Nako le nako ha batho ba bokana ho sebetsa ka sehlopha, ba etsa ditumellano, ebang di boletswe kapa tjhe, mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng—ka mantswe a mang, ke eng e tla thusa pholoho ya sehlopha le se tla senya pholoho ya sona.

Sena se bitswa khouto ya boitshwaro eo motho ka mong a dumetseng ho e latela ho tiisa hore sehlopha se ya pholoha.

Boholo ba sehlopha ha bo na taba—hore na ke batho ba babeli ba bopang lenyalo kapa naha yohle e bopang—ditho tsa sehlopha di kena ditumellanong tse itseng. Ho roba e nngwe ya ditumellano tsena ho tsejwa e le ho tlola molao.

Ha molekane e mong kamanong kapa lenyalong a ka roba khouto ya boitshwaro eo ba dumellaneng ka yona, hangata o ikutlwa eka a ke ke a bolella motho e mong ka yona. Empa ditlolo tsena di ka aha ​​ ha butle mme tsa baka ho thubeha ha kamano.

Ho Scientology, lentswe le sebedisetswang ketso e kotsi kapa tlolo e kgahlanong le khouto ya boitshwaro ya sehlopha ke ketso e overt, kapa, ho overt.

Overt ke ntho e nngwe eo o neng o sa tshwanela ho e etsa eo o kapa ntho eo o sa kang wa e etsa eo o neng o tshwanetse ho e etsa ho latela khouto ya boitshwaro.

Mokgwa o mong wa ho e sheba ke hore ho overt ke ntho eo o e entseng ho e emong eo o sa batleng e etswa ho wena.

Mohlala, nka monna ya etsang tumellano le mosadi wa hae ya hore o tla kopana le yena ntlong ya ho jela bosiung boo bakeng sa mokete wa bona wa lenyalo. Hamorao hona tsatsing leo, motswalle wa hae a mo kope hore a ye ditshwantshong le yena mme a etsa qeto ya ho ya moo. Ha a ka a ba teng ho kopana le mosadi wa hae, kapa hona ho mo letsetsa mohala hore a mo tsebise, ebe mosadi o qetella a ja a le mong. Eo e ka ba ketso e overt.

Ha motho a etsa ho overt ho motho e mong, hangata o ikutlwa a ke ke a bolella motho eo ka hoo ka ho tshaba hore ho ka etsahalang. Kahoo, wa o e boloka ho yena—o withholds ka yona.

Ho withhold ke ketso e overt eo motho a e entseng ya hore a se bue ka yona.

Ho withholds ho fe kapa ho fe ho hlaha kamora overt.

Ho overts le ho withholds ho arohanya motho ho buisaneng ka bolokolohi le sehlopha se setseng kapa ba lelapa.

Mohlala, haeba monna a ya khasinong mme a lahlehelwe ke tjhelete yohle eo a e behelletseng ka thoko mme a hloka ho lefa likoloto tsa lelapa, o entse ketso e overt. Haeba a pata taba ena mme a sa e buisane le mosadi wa hae kapa ba lelapa, o tlotse tumellano eo sehlopha se thehilweng ho yona. Ona ke mofuta wa ketso o bakang karohano (ho arohana ka dikarolo) tsa lelapa.

Lenyalo le kgaohileng ho fihlela moo balekane ba arohaneng ka lebaka la overts le withholds le batla le le thata ho kgutlelaneng feela ka ho postulate hore le phele. Kamora hore batho ba arohane, ba tlameha ho ipopa hape. Ba tlameha, ka tsela e itseng, ba kgutlele puisanong mme ba kgutlele ho bopeng lenyalo la bona. Empa ba etsa jwang seo?

Batho ba bang ba ka nahana hore lenyalo le tshwana le seo ba se badileng bukeng ya ditshomo kapa seo ba se boneng ditshwantshong. Ba ka nna ba nahana hore ka letsatsi le letle la lehlabula, ba tla kopana le monna enwa ya motle kapa ngwanana enwa e motle. Ebe ba kopana mme ba re, “Ke etsa hona ho fihlela re arohanywa ke lefu.” Mme ba nahane hore ba entse lenyalo ka ho bua seo. Empa ha e le hantle, ha ba e-so qale le ho qala.

O ka nna wa nahana hore lenyalo le amana haholo le dikamano. Ha ho jwalo. E amana haholo le lintho tse kang ditlolo le mehare le diaparo le koloi le ntlo eo ba tlamehang ho e dula mmoho. Ba tlameha ho ithuta ho dudisana mmoho—haeba ba ka kgona.

Ka tekanyo e itseng, ba hlakotse kapa ba tlositse ka ketso ya lenyalo—seo ba neng ba se etsa pele. Ba etsa tumellano ena mme ba tlameha ho qala ho tloha moo. Ke se etsahalang ho tloha moo ho ya pele se bohlokwa.

Empa ka nako e nngwe dintho tseo ba di entseng pele, tseo ba di hanang ka mabifi (ka matla a maholo) withholding le mong ho e mong a sa dumele lenyalo ho qala le dihora tse mashome a mane a metso e robedi hamorao lenyalo le ya tshenyehong kapa koduweng. Lebaka ke hobane ho na le ho overts ho ho ngata haholo le ho withholds ho tswa pele ba tsebana.

Empa lenyalo leo le ka pholoswa.

Lenyalong le seng le nkile dilemo tse mmalwa, diketso tsa overt le withholds di ka aheha ho fihlela balekane ba “hola karohanong.” Ba bang ba ka ho nka e le moetlo (kamoo dintho di bileng ka teng ka nako e telele) hore qetellong ya dilemo tse tharo, banna le basadi ha ba sa natefelwa ke ho ba mmoho. Ba e nka jwalo ka tlwaelo. Empa ho bonahala eka ha ba tsebe hore na hobaneng seo se etsahala.

Ho ya etsahala ka lebaka la diketso tse overt mme di withholds balekane lenyalong ka ho ba le tsona dipakeng tsa bona.

Haeba ho le jwalo qetellong ea dilemo tseo tse tharo, o nahana hore ho tla ba hobe hakae qetellong ea dilemo tse leshome? Ka nako eo, baratani ba bangata ba se ba ithutile ho mamellana kapa ba le babedi ba kgokahanyong—e leng boemo ba ho leka ho boloka khutso le ho fokotsa bohale ba e mong ho e mong. Ba ntse ba tsamaisana tsela mme ba ka thabela hore e dule jwalo ho ena le tsela e nngwe. Ba ka mpa ba dula ba nyetse ho ena le ho fapana le hoo. Ba nahana hore ba e etsa hantle. Ha ba sa nahana haholo ka ngwanana kapa mohlanka eo ba neng ba nahana hore ba ne ba tlo nyalwa ke bona. Lenyalo la bona le tswela pele ka tsela e itseng.

Kamanong eo, Scientology e ka etsa phetoho e tshosang le e makatsang: re ka etsa lenyalo le hlake!

Tlhalo le karohano di itlela feela hobane ho na le dintho tse ngata tse overts le withholds pakeng tsa balekane lenyalong. Ho bonolo feela jwalo.

Ha e mong ho balekane a ba le kgatello ya maikutlo kapa kgatello mme a batla ho itsamaela a re, “Ke lokela ho tsamaya” kapa “Ha ke ya tshwanela ho dula” kapa “Ke lokela ho etsa ntho e nngwe” kapa “Re lokela ho arohana” kapa “Nka ba ho le betere ha re ne re sa ka” mehopolo ena kaofela e tswa hanghang ho diketso tse overt le ho withholds ha molekane ya nang le menahano eo.

Haele hantle, motheo wa lebaka leo motho a etsang sena ka lona ke hore o leka ho sireletsa molekane e mong bokgobeng ba hae. Kahoo o re ka pelong, “Ho molemo, hore ke tsamaye” kapa “Ho betere re arohane” kapa “Re lokela ho e phodisa (karohano ya nakwana).” Mme hangata ke mokgwa wa ho ya butle wa tlhalo ya lenyalo. Empa re ka tlosa dintho tsena ebe re ya di “hlakola.”

Haeba o kile wa leka ho thusa ho hlwekisa lenyalo dipakeng tsa banyalani, o tla fumana hore ba ka nka qeto ya hore ho fedlile mme ha ho na lebaka la ho tswella pele hobane motho a ke ke a kgona… Ntho e bolokang nako ka letsatsi ka leng ke ho etsa motho ka mong ho hopola seo a se entseng. Haeba batho ba babedi ba nyalaneng ba ka boloka mohopolo oo ka thata kelellong, mme ba senole dintho tse overts le tse ba withholds e mong ho e mong, lenyalo le leng le le leng le ka bolokeha.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape