Let us know how it is going
2.‎1 BALA SEHLOOHO

Se ke wa Halefela Ngwana ya Halefileng

Hang ha o halefela ngwana wa hao ya halefileng kapa o leka ho mo qobella hore a o mamele, o tla qetella a hloka thahasello (a sa tsotelle letho).

Ngwana a ka feta hara maikutlo a mangata, jwalo ka ho hlasimoloha, ho halefa, ho tshoha, ho lla, ho hlonama, jwalo-jwalo, ka potlako. O tla ikutlwa a thabile, ebe, hanghang, a ka halefela ho hong.

Empa ho wena hore o halefele ngwana wa hao ha se toka. Ke ngwana e monnyane mme, ho yena, o tshwana le seqhenqha. Ho yena o shebahala jwalo ka ha eka o bolelele ba dimithara tse mashome a mabedi a metso e robedi mme o boima ba dithane tse mmalwa!

A re re moshanyana e monnyane o re ho wena, ka kgalefo, “Ha ke rate ha o mpolella hore na ke etseng!” Mme ha o araba, wena, phoofolo ya tonanahadi e kgolo ho yena, o mo nanabela o re, “O ka se buwe le nna jwalo!” Mme ebe mohlomong o bile o mo tshosetsa ka hore o tla mo otla. Empa haeba o ka etsa seo, ngwana wa hao o tla ikutlwa eka ha a na monyetla kgahlanong le wena le hore o mathateng a maholo.

Haeba o hlekefetsa ngwana wa hao, o ka mo sutuletsa tlatse ka hara kgalefo habonolo mme, haeba o mo halefela ha a halefile, o tla mo sutuletsa tlase ho fihlela a sa tsotelle.

Ke hobaneng ha ngwana a halefa? Ka mohlala, mohlomong ngwana wa hao o batla ho hong—o leka ho etsa kapa ho fumana ho hong. Ka lebaka le itseng, ha a kgone ho e fumana, kahoo o leka ka matla le ho feta. O ntse a sa e fumane, ka hona wa halefa. Mme, kamora hore a leke hape a ntse a halefile mme a ntse a sa kgone ho e fumana, o hloka thahasello.

Mona ke mohlala o tlwaelehileng wa se etsahalang hangata:

Ngwana o re, “Mme, ke batla ho ya sesa.”

Mme wa araba, “O ke ke wa ya sesa.”

Ebe ngwana o re, “Ho molemo o ntlohele ke ilo sesa. Jimmy Jones o ya sesa.”

Mme wa halefa mme o qala ho hwelehetsa ngwana, “Tjhe, o ke ke wa ya sesa!”

Jwale, ka tshohanyetso ngwana o ya halefa ebe o teneha haholo.

O tla re, “Empa ke ne ke sa batle ho ya sesa.” Ntho e latelang eo o e tsebang, ntho e makatsang e ka etsahala. Ngwana a ka qala ho o bolella, “Ha ke rate ho sesa.” Hona ke ho hanyetsa (ho hana kapa ho latola ntho kapa motho), ho ka etsahalang bongwaneng. Ngwana o nahana, “Nke ke ka ba le yona, kahoo nkampa ka lebala ka yona. Ha ke e batle!” Sena se ka qala ho ba ketsahalo ya kgafetsa.

Mohlala, ngwana o leka ho fumana kapa ho etsa ho hong, empa ha a kgone. Wa halefa. Ebe o re o ne a hlile a sa e batle le qalong. Jwale, ha ngwana a wela mothating ona wa kganyetso, o tla ba le monahano feela wa hore o batla ho hong ebe ka potlako o tlola kgalefo a hloke thahasello. O na le monahano, “Nka rata ho ya sesa. Ha ke kgone ho ya sesa.” Ka potlako sena se fetoha, “Nka rata ho ya sesa. Ha ke rate ho sesa.” Mme qetellong, ha a wela lerabeng la ho hanyetsa, ke, “Moshanyana, ke letsatsi le letle le tjhesang. Nka fela ka thabela ho—ha ke rate ho sesa. ”

Tsela eo a qalang ho hanyetsa ka yona e ka etsahala kapele haholo. O etsa sena ntle le ho nahana. O leka ho hlalosa hore na hobaneng a sa rate ho sesa. O re ho wena, “Ke hloile ho sesa le nna. Ha ho mohla ke yang ho sesa.” O re, “Ho ne ho na le moshanyana sekolong sa rona ya batlileng a kgangwa ke metsi.” Empa qalong, o ne a hlile a rata ho sesa mme o ne a hlile a batla ho e etsa seo. O ile a thibelwa feela mme a bolellwa hore a ke ke a kgona, kahoo o ile a hloka thahasello mme a hanyetsana le seo.

Kahoo hopola hore, haeba o halefela ngwana wa hao ha a halefa, o ka lebella ho mo bona a qeta nako e telele ya kganyetso.

O tlameha ho tseba hore na o lokela ho etsa eng ho thibela sena.

Ho Sebetsana le Ngwana ya Halefileng

Na o kile wa leka ho ruta ngwana wa hao ha a ne a o halefetse?

Ho keke ha sebetsa.

Karabelo e tlwaelehileng e tswang ho batswadi esale e le ya ho halefela ngwana. Feela seo le sona ha se sebetse.

Ho atleha ho ruta ngwana wa hao ho hong, le hoja a halefile, ho na le ntho e bonolo haholo eo o ka e etsang. A re re ngwana o halefile ka nako e itseng. Haeba feela o etsa hore ngwana a ame matsoho a hao, le leng kamora le leng, mme mohlomong o etse hore a ame ntlha ya nko ya hao, o tla fumana hore ho kgena ho tla tloha ka mohlolo mme o ke ke wa hlola o buwa le ngwana ya halefileng.

O etsa jwang hore ngwana ya halefileng a ame matsoho le nko ya hao? O kanna wa tlameha ho mo susumetsa hanyane, empa o se ke wa mo halefela. Sebetsa le seo feela. Haufinyane o tla bapala mmoho mme a kgaotse ho halefa. Jwale o tla kgona ho mo ruta ho hong!

Molao wa kgauta ke hore le ka mohla o se ke wa halefela ngwana ya halefileng.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape