Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Bana

Lefatsheng la kajeno, batswadi ba bangata ha ba fuwe thuto ya ho hodisa bana ba bona. Ha ba tsebe ho ba hlokomela, ho ba thusa jwang ha ba lemetse, ho ba tshedisa jwang ha ba utlwile bohloko le ha ba lla kapa le tsela e molemohadi ya ho fumana tshebedisano-mmoho ya ngwana.

Ka lebaka leo, bana ba kajeno hangata ba hodiswa ka tsela eo batswadi ba bona ba hodisitsweng ka yona; mme seo, maemong a mangata, e ne e se boiphihlelo bo monate kapa bo atlehileng.

Tsela eo o tsotellang ngwana le ho mo hodisa ka yona e na le tshusumetso e matla bokamosong ba hae. Mohlala, haeba ngwana a fumana lerato le puisano tse ngata ho tswa ho batswadi ba hae, o tla batla ho busetsa lerato leo le puisano ho ba lelapa la hae. Empa haeba a dula a fuwa ditaelo, a ntse a emiswa ho etsa seo a batlang ho se etsa le ho tsekisana le batswadi ba hae, a ke ke a emela hore a tlohe hae. Hangata, ha a tloha lapeng jwalo, a ka etsa setswalle le batho ba fosahetseng mme a qala ho etsa dintho tse ka mo kenyang mathateng.

L. Ron Hubbard o qapile mekgwa e mengata ya ho hlahisa se molemohadi ngwaneng—ho mo thusa hore a phahamise maoto le ho mo fa bongwana bo thabileng moo a hodiswang jwalo ka setho sa lelapa se tlatsetsang. Le ha karolo e le nngwe feela ya seo L. Ron Hubbard a se ngotseng mabapi le ho sebetsana le bana se kenyelleditswe mona, kgaolo ena e o fa disebediswa tsa bohlokwa ebile e o ruta mekgwa ya ho thusa ngwana wa hao e ke keng ya fumanwa kae kapa kae.

Tlhahisoleseding e mabapi le thuto ena e tla o thusa ho hodisa bana ba hao ka lerato le puisano mme o ba fe seo ba se hlokang ho ba etsa ditho tse thabileng, tse lerato le tse atlehileng tsa lelapa la hao—bana ba tla hola ho ba ditho tsa bohlokwa setjhabeng sa rona sa ka moso.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Tsela ya Ho Phela le Bana

Hangata batswadi baa ipotsa, “Nka hodisa bana ba ka hantle jwang?”

Motswadi ya kgabane, ya tsitsitseng ka lerato le mamello (ho ikemisetsa ho amohela ntho e sa phethahalang) ka pelong ya hae, ke ntho e ntle ka ho fetisisa eo ngwana a ka bang le yona.

Taolo e Kae?

Ntho ya pele le ya bohlokwahadi eo o lokelang ho e tseba mabapi le ho hodisa bana ba hao ke ho ba kwetlisa ntle le ho ba roba (ho ba utlwisa bohloko moyeng hoo ba fellwang ke tshepo kapa boitshepo). O batla ho hodisa ngwana wa hao ka tsela eo a ka itlhokomelang ka yona mme ha wa lokela ho dula o mo laola. Boitshwaro ba hae bo botle, bophelo ba hae bo botle le thabo ya hae di itshetlehile ka wena ho etsa sena ka nepo.

Bana ha se dintja. Ba ke ke ba kwetliswa jwalo ka ha dintja di kwetliswa. Ngwana ha se mofuta o ikgethang wa phoofolo e fapaneng le Motho. Ngwana ke monna kapa mosadi ya eso hole ka botlalo.

O ka thabela ho hulelwa hohle ka dikgoka le ho laelwa mme o hanelwa ho etsa seo o neng o batla ho se etsa? O ka halefa le ho kwata ha motho e mong a o etsa jwalo. Le ngwana o etsa jwalo, empa kaha a le monnyane, o tshaba ho bua kapa ho etsa eng kapa eng ho bontsha hore ha a rate se mo etsahallang. Empa seo ke tsela eo ngwana ya tlwaelehileng a tshwarwang ka yona. Ngwana ha a lwane hobane ha a moholo ka ho lekaneng mme wa tseba. Mme kahoo, o etsa dintho tse kang ho phara seretse fatshe, ho sitisa boroko ba hao le ho senya kgotso ka lapeng la hao. Hona ke boitshwaro bo tlwaelehileng ba ngwana. Empa ha ho hlokahale ho ba ka tsela e jwalo.

Self-determinism e bolela hore motho o na le kgetho mme a ka etsa qeto ya hore na ho etsahala eng ka yena, hore na o batla ho etsa eng, jwalo-jwalo. Ha motho a na le self-determinism, o boetse o a itshepa taolong ya hae ya dintho tse mo potileng le ditshebedisanong tsa hae le batho ba bang. Ngwana e mong le e mong o na le tokelo ya self-determinism.

Monate le lerato la ngwana di tla tswela pele ha feela a ntse a ka ba le self-determinism. Haeba o kena-kenana le self-determinism ya hae, o kena-kenana le bophelo ba hae.

Lebaka le leng leo o ka nnang wa tlameha ho kena-kenana le tokelo ya ngwana ya ho iketsetsa qeto ke ha ho ka ba le kotsi e itseng sebakeng se mo potileng. Boemong bona, wena jwaloka motswadi wa hae o lokela ho etsa hore sebaka seo a dulang kapa a bapalang ho sona se hloke dintho tse ka mo ntshang kotsi. Mohlala, o ka teratela jarete ya hao e le hore ngwana wa hao a se mathele seterateng.

Batho ba bang ba hodisitswe hampe bongwaneng hoo ba nahanang hore taolo ke yona ntho ya bohlokwahadi ho hodiseng ngwana. Empa ha o laola ngwana ka dikgoka, o tla mo etsa hore a hloke thahasello, e leng maikutlo a kelello moo a sa tsotelleng letho. O tla mamela mme a etse seo o mo bolellang sona, empa o tla be a lahlehetswe ke self-determinism mme e ke ke ya eba ngwana ya thabileng.

Kahoo, ha o hodisa ngwana wa hao, o lokela ho qoba ho mo “rupella” ka tsela ena. Ngwana wa hao o hlile o qala bophelo ba hae a na le botswalle le ho amoheleha bathong ba bang. Hape ka tlhaho o tla etsa dintho ka tsela e kgutsitseng mme a hlomphuwe. Empa ka nako e kgutshwane, haeba a sa tshwarwe hantle, ngwana o tla fetohela (a be kgahlanong le bolaodi). Bofetohedi bona bo ka mpefala hoo a ka bakang mathata a mangata. A ka nna a etsa lerata haholo mme a etsa dintho tse bontshang hore ha a tsotelle batho ba bang. A ka ba bohlaswa ka thepa ya hae kapa a iketsa ditshila mme a se hlape. O tla etsa eng kapa eng eo a ka e kgonang ho o kgupisa.

Kahoo, haeba o leka ho rupella le ho laola ngwana, o tla lahlehelwa ke lerato la hae. Mme ha o tswela pele ho laola le ho rupella ngwana wa hao, o ka qetella o lahlehetswe ke ngwana ka ho sa feleng.

Teko ke ena eo o ka e etsang: Ere ngwana wa hao a dule diropeng tsa hao. O tla dula moo, a thabile. Jwale mo sike ka matsoho a hao mme o mo tshware hore a dule moo mme a hlole a dutse moo. Etsa sena leha a ne a sa leke ho tloha. Hang-hang, o tla tsitsinyeha. O tla lwanela ho tloha ho wena. O tla halefa. O tla lla. Empa hopola, o ne a thabile pele o mo tshwara le ho etsa hore a dule moo.

Ke boiteko ba hao ba ho “rupella” le ho laola ngwana wa hao bo tla etsa hore a ipelaetse le ho etsa hantle jwalo ka ha a etsa ha o leka ho mo tshwara diropeng tsa hao.

Haeba o se o kwetlisitse, o laotse, o laetse mme wa thibela ngwana wa hao ho ba le thepa ya hae le dintho tse jwalo ka nako e itseng, o ka ba le bothata bo itseng ha o qala ho mo dumella ho etsa ho hong. Haeba, kamora ho mo laola, o leka ho mo fa tokoloho, a ka belaela mme a ba le mathata ha a leka ho tlwaela sena.

Ha re re o ne a thibelwa kgafetsa ke wena ho palama baesekele hobane a ka “lemala.” Ebe ka tshohanyetso o mo fa baesekele mme o mo jwetse hore a e palame. Ho tla nka nako hore a fetohe taolong e qobellwang ya pele mme a tsebe ho palama baesekele.

Haeba o tlohella ngwana wa hao hore a be le self-determinism mme a ahe boitshepo ba hae mme o se ke wa leka ho dula o mo rupella le ho mo laola, o tla sebetsa hantle. Mme ha feela o sebetsa le ngwana wa hao tjena, o tla qetella o na le ngwana ya mosa, ya itshwereng hantle ya o nahanelang. Mme, ho bohlokwa ka ho fetisisa, o tla ba le ngwana ya o ratang.

Ho bonolo ebile, ho molemo haholo bakeng sa ngwana ha o sa mo fe ditaelo le ditshupiso tse sa kgaotseng, empa o mo thusa ho aha self-determinism e matla le ho itshepa.

Thepa ya Ngwana

Ntho e nngwe eo o lokelang ho e hopola ke hore ha o fa ngwana ntho e itseng, ke ya hae. Ha e sa le ya hao. Ke ya hae jwale. Sena se kenyelletsa diaparo tsa hae, dintho tsa ho bapala le kamore ya hae. Seo a se filweng se tlameha ho dula tlasa taolo ya hae feela. A ka qetella a hahola hempe ya hae, a senya bethe ya hae kapa a roba sebapadiswa sa hae sa koloi ya mollo, empa seo a se etsang ka thepa ya hae ha se taba ya hao.

Wena o ka thabela jwang hore motho e mong a ofe mpho ya Keresemese ebe o o jwetsa, letsatsi le letsatsi kamora moo, hore na o lokela ho etsang ka yona mme a bile a o fa kotlo ha o hloleha ho e hlokomela ka tsela eo motho ya o fileng yona a nahanang hore e lokela ho tsotellwa ka yona? O ne o tla senya mpho eo.

Kahoo ha o kena-kenana le thepa ya ngwana, seo a tla qala ho se etsa ke ho o sithabetsa. Seo ke boiphetetso ba hae. O tla lla. O tla o hlorisa. O tla senya dintho tsa hao. O tla tsholla lebese la hae “ka phoso.” Hape, ka morero, o tla senya eng kapa eng eo o mo fileng yona ebile o mo lemosa hore a e hlokomele mme a se ke a etsa sena kapa sane ka yona. Hobaneng? O lwanela self-determinism ya hae.

Kahoo ha o fa ngwana wa hao ho hong, tseba hore jwale e se e le thepa ya hae.

Tokelo ya Ngwana ya ho Kenya Letsoho

O lokela ho fa ngwana wa hao tokelo ya ho kenya letsoho.

Motho e mong le e mong o na le maikutlo a hore o kgona ho etsa dintho, mme o di etsa hantle, ha feela a dumellwa ho etsetsa ba bang dintho tse ngata ho feta tseo yena a di etseditsweng.

Wena jwaloka motswadi, ka tlhaho o kenya letsoho haholo ho ngwana wa hao ho feta kamoo ena a kenyang letsoho kateng. O mo fa dijo, ntlo eo a ka dulang ho yona, diaparo, dibuka, dintho tsa ho bapala, tjhelete le lerato la hao. Ha e sa le ngwana, a ke ke ao kgutlisetsa ho lekana le seo o mo fang sona.

Hang ha ngwana wa hao a bona hore o amohela ho feta seo yena a se khutlisetsang, a ka hloka thabo. O tla leka ho kenya letsoho ho feta. Empa haeba a sa dumellwe ho etsa jwalo, o tla o kwatela mme a ka ba a qala ho se o rate.

Ka ho sa hlokomele se etsahalang, o ka leka ho sebetsana le bofetohedi ba ngwana wa hao (karabelo kgahlanong le bolaodi) ka ho kenya letsoho ho feta ho yena. Empa ho ka etsahalang ka nako eo, hobane jwale ha a sa kgona ho kenya letsoho ho feta ho seo o mo fang sona, ke hore ngwana wa hao o tla fetohela le ho feta. Haeba potoloho ena e ntse e tswela pele, ngwana wa hao a ka qetella a hloka thahasello. Kahoo o tlameha ho dumella ngwana wa hao ho kenya letsoho ho wena.

Empa o ke ke wa mo laela ho kenya letsoho. O ke ke wa mo laela hore a kute mohlwa ebe o bitsa seo monehelo wa hae. O tlameha ho iponela hore na monehelo wa hae ke eng ebe o fana ka ona. Haeba a entswe hore a etse ho hong ho kenya letsoho, ha a ikgethela hona ka boyena mme ha se sa hae. Ho bolellwa hore a etse eng ho kenya letsoho ho bonwa ke yena e le taolo feela e tswang ho wena.

Le lesea le kenya letsoho ka ho leka ho etsa hore o bososele. Lesea le tla itlhahisa. Ha a se a le moholwanyane dilemong, o tla o tantshetsa. O tla o tlisetsa dimpho tse nnyane jwaloka dithutswana tse ding tseo a di fumaneng fatshe kapa lejwe kapa lekgasi. O tla leka ho pheta seo o se etsang ka matsoho kapa mmele wa hao ho o thusa ha o sebetsa. Mohlala, o tla leka ho o thusa ho sutumetsa motjhini o hlwekisang kapa ho kopanya motswako ka sekotlolong ha o etsa kuku.

Haeba o sa amohele ho kenya letsoho ho tswang ho ngwana kapa lesea, jwalo ka pososelo, metjeko, dithupa, ditshwantshiso tseo tsa mosebetsi, o tla be o se o qadile ho emisa ho kenya letsoho ha ngwana wa hao. Mme ha o emisa ho kenya letsoho ha hae, o tla qala ho tshwenyeha. O tla etsa dintho tse sa tlwaelehang ho thepa ya hao ho leka ho e etsa hore e “ntlafale” ho wena. Mohlala, a kanna a nka qeto ya hore khapete e tla shebahala e le betere ha e na le enke kapa lebota le ka shebahala le le letle ha le betlilwe ka krayone Empa ha o mo omanya kapa o mo otla, o tlabe o etsa ntho e mpe ka ho fetesisa.

Tlohella feela hore ngwana wa hao a kenye letsoho mme tsohle di tla tsamaya ka toka.

Ho Utlwisisa Kamoo Lelapa le Sebetsang ka Teng

Ngwana a ka tseba jwang hore na a ka kenya letsoho jwang haeba a sa tsebe hore na lelapa la hao le sebetsa jwang?

Le ha ho sena letho leo o ka le etsang ho feta ho amohela pososelo, metjeko le “dimpho” tse nyane ha ngwana wa hao a le monnyane haholo, hang feela ha a utlwisisa, o lokela ho fuwa pale yohle ya hore na lelapa le sebetsa jwang le hore na lelapa le kopantswe jwang.

O ka mo hlalosetsa hore lelapa ke sehlotshwana se sebetsang mmoho ho thusa ho phela ha setho se seng le se seng sa leloko le ho thusana ho hatela pele le ho etsa bophelo bo betere. O ka mo hlalosetsa hore na moputso wa hae o tswa hokae. O ka mo jwetsa hore na ho etsahalang ho etsa hore ho be le dijo tafoleng bakeng sa motho e mong le e mong ho ja, moo diaparo tsa hae di tswang teng, seo o lokelang ho se etsa ho etsa ntlo e hlwekileng le hore na lelapa le na le koloi jwang mme le ka e boloka jwang e ntse e tsamaya.

O tla mo bolella hore Ntate wa sebetsa. Ntate o qeta dihora tse ngata a sebedisa matsoho le menahano ya hae ho sebetsa ka thata mme kahoo o fumana tjhelete. Tjhelete eo e sebedisetswa ho reka dijo tseo kaofela le di jang. Koloi e ya tsotellwa, hobane ho hlokahala tjhelete e ngata ho fumana e nkang sebaka sa yona. O ka hlalosetsa ngwana hore ntlo e kgutsitseng le ho hlokomela Ntate ho bolela hore Ntate o sebetsa hantle, mme ho bolela dijo le diaparo le dikoloi.

Ka mantswe a mang, fa ngwana wa hao tlhaloso e felletseng ya tsohle tse amanang le ntlo, ho sebetsa le ho bapala ka tsela eo a tla e utlwisisa.

Haeba ngwana wa hao o ne a ntse a fetohela, a ka nna a tswela pele a fetohela ka nakwana. Empa haeba a rutuwe ka ha lelapa mme a tseba seo le lekang ho se fihlela kaofela le le sehlopha, qetellong o tla utlwisisa mme e be karolo ya lelapa mme a sebetse le lona ho thusa ho etsa lelapa lohle le etse hantle le ho feta.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape