Let us know how it is going
5.‎1 BALA SEHLOOHO

Ho Sebetsana le ho Kgena le Dikotsi tsa Ngwana

Ho na le dintho tseo wena, jwaloka motswadi o ka di etsang ho thusa ngwana wa hao ho hlaphohelwa ka potlako ho dikotomane, dikotsi, dithebo, ditshoso le diphoso tseo hangata e leng karolo ya ho hola.

Mekgwa ena e ikgethang kapa ditsela tsa ho thusa, tse kenyelleditsweng ka tlase, di sebedisa puisano pakeng tsa hao le ngwana wa hao. Puisano e bohlokwa haholo ho sebetsana le bana, jwalo ka ha ho le jwalo karolong efe kapa efe ya bophelo. Diketso tse hlalositsweng mona kaofela ke di assists. Assist ke ketso e bonolo eo o ka e nkang le motho ho thusa ho kokobetsa bohloko kapa ho thusa ho sebetsana le bothata.

Ho na le dintho tse ngata tseo o ka di etsang ho thusa ngwana ya fumanang ho sehwa kapa ya lemalang ka ho wela hanyane. Haeba potso ke hore, “Haeba ngwana a intsha kotsi, o etsa jwang hang-hang mme o etsa eng hamorao?” Karabo e ipapisitse le seo o se bolelang ka “hang-hang.”

Kgutsa

Haeba o hlile o bolela hang-hang, hang karabo ke hore o kgutse! Ha ngwana a intsha kotsi, kgaotsa ho bua. Leka hore o se ke wa re ho motho e mong le e mong ya haufi le wena, “Thola! Thola! Thola!” kapa “Kgaotsa ho bua!” kapa “Kgutsa!” O lokela ho kgutsa feela. Haeba batho ba bang ba bua ba potile ngwana ya lemetseng, ka dinako tse ding o tla ba tlosa feela, empa o se ke wa bua haholo ha o ntse o etsa jwalo. O ka thusa ngwana haholo ka ho se bue letho. Ho ka nka nakwana hore o ithute hore o se ke wa bua ha ngwana a utlwile bohloko, empa ha ho thata ho theha tlwaelo ena. Ho kgutsa ha ho fokotse lerato.

Kahoo ho kgutsa ke ntho ya pele eo o lokelang ho e etsa, hobane ho etsa lerata haholo le ho potlakela ho potoloha kapa ho bua le ngwana ya lemetseng ho ka senya menyetla ya hae ya ho hlaphohelwa.

Ka hona, o se ke wa bua kapa wa etsa lerata le potapotile ngwana ya sa tswa utlwa bohloko. Sebetsa ka kgutso ho thusa ngwana ka ho fana ka thuso ya pele e hlokahalang bakeng sa ho lemala.

Ho Etsisa

Ntho e nngwe eo o ka e etsang ho thusa ngwana ke ho leka ho etsisa hanyane. Ho etsisa ke ho kopitsa kapa ho bapisa diketso tsa motho e mong le ditshusumetso tsa mmele tse bontshang maikutlo a bona. Etsa ketsiso e kgutsitseng, e bolelang ho kopitsa ditshitshinyeho tsa ngwana feela, eseng seo a se buang. Mme o etsa jwalo ntle le ho bua. Mohlala, ngwana wa o sheba ebe o pikitla mahlo a hae. Kahoo wa mo sheba mme o pikitle mahlo a hao. O fumana mohopolo wa hore o teng moo ebile o puisanong le yena mme o tla tswa ho hlonameng ha hae.

Ho etsisa ho kgahla haholo. O ka etsisa bana ka ditereneng tse ka tlasa lefatshe le ka dibeseng le mabenkeleng le tse ding. A re re o bona ngwana e monnyane haholo. Wa bososela, le wena wa mo bososella. Kapa o ka hlokomela hore o ntse a o sosobanyetsa nko ya hae. Kahoo o mo sosobanyetsa nko ka tsela e tshwanang. O ba le thahasello haholo hobane a bona hore o na le puisano e tsamaisanang le yena.

“E Etsahetse Hokae?”

Assist e ntle ka ho fetisisa bakeng sa ngwana ya lemetseng kapa ya kwatileng ke ho mo botsa feela hore “Ho etsahetse kae?” kamora moo, mo botse, “O hokae jwale?” Ha o botsa dipotso tsena, o lokela ho etsa hore ngwana a supe sebaka nako le nako ha a araba. Assist ena e ka thusa ho fodisa matetetso a mangata ho bana kapele haholo.

O ka fetola dipotso ho latela maemo. Ha re re ngwana o o bolella hore o utlwisitse lengwele la hae bohloko. O ka botsa, “O le utlwisitse bohloko hokae?” Ebe o re “O hokae ha jwale?” Kapa “O wele kae?" Mme “O hokae ha jwale?” Pheta dipotso, e nngwe ka mora e nngwe, ho fihlela ngwana a tlohetse ho hlonama.

“Mpolelle ka Yona”

O ka botsa ngwana ya lemetseng hore, “Ho etsahetseng? Mpolelle ka yona.” Ebe o tlohela ngwana a o jwetse se etsahetseng. Ha a qeta ho o jwetsa, mo kope hore a o jwetse hape.

O ka kgutlisetsa ngwana ho yona makgetlo a mmalwa ho fihlela a tsheha kapa a thabile ka hona.

Locational Assist

E nngwe ya di assist tse bonolo tse ka fanwang ke Locational Assist. Locational Assist e etswa ka ho tlosa tlhokomelo ya motho sebakeng se bohloko sa mmele wa hae kapa ho hlonama ha hae le ho e isa sebakeng se mo potileng.

Ha re re o batla ho fana ka assist ho ngwana ya nang le bothata boo a neng a sa kgone ho bo supa kapa ho bo hlalosa. Ngwana o na le bohloko empa ha a tsebe ho bua hore hokae. Ha a tsebe se mo etsahaletseng. O utlwa bohloko feela.

Bolella ngwana hore o tlilo etsa Locational Assist mme o mo hlalosetse tsamaiso ka bokgutshwane. Mo bolelle hore na o tla reng mme o etse bonnete ba hore wa e utlwisisa.

Ebe o supa ntho ebe o re ho ngwana, “Sheba ____ (ntho eo).”

Ha ngwana a etsa seo o se kopileng, etsa acknowledge ka ho re, “Ke hantle” kapa “Kea leboha.”

Tswela pele ho fa ngwana assist, o lebisa tlhokomelo ya hae dinthong tse fapaneng tse mo potileng. Mohlala, e ka ba monyako, setulo kapa ntho ya ho bapala.

Etsa bonnete ba hore o mo etsa acknowledge nako le nako ha a etsa seo o mo kopileng sona. Mohlala, o re, “Sheba sefate seo.” O sheba sefate mme o bona hore o entse jwalo. O mo etsa acknowledge ka “Kea leboha.” Ebe o mo jwetsa hore “Sheba moaho oo.” O sheba moaho mme ha o bona hore o entse jwalo ebe o re “Ho lokile.” Ebe o a mo bolella, “Sheba seterata seo.” O sheba seterateng mme ha o bona hore o entse jwalo ebe o mo etsa acknowledge ka ho re “Ho lokile.” Ebe o mo jwetsa hore a “Shebe mohlwa.” O etsa hoo mme ha o bona hore o ho entse o mo etsa acknowledge ka ntho e jwalo ka “Hantle haholo.” Nako le nako ha o mo jwetsa hore a shebe ho hong, o lokela ho supa ntho eo.

Boloka sena ho fihlela bohloko ba ngwana bo kokobela mme a fadimehile le ho feta. Ha seo se etsahala, o ka emisa assist. Bolella ngwana hore, “Bofelo ba assist.”

Locational Assist e bonolo haholo ho fanwa. E ka etswa ha ngwana a tswile dikotsi tse itseng kapa ha a kula kapa haeba ho na le ntho e mo kudisang kapa e mo utlwisang bohloko eo a ke keng a kgona ho o hlalosetsa yona.

Ho etsa Locational Assist ho ka thusa ngwana haholo.

Directional Assist

Directional assist le yona e ntle haholo bakeng sa bana. Ka assist ena, ngwana o supa mme o bontsha tsela. Ho etsa assist ena, ngwana o lokela hore bonyane a be le dilemo tse pedi le halofo. O botsa potso, “E hokae (mme o bolele lebitso la ntho e tlwaelehileng, e kang tafole)?” Mme ebe “Setulo se kae?” Mme “Mama o Kae?” Jwalo jwalo. Ho etsa assist ena ho ngwana ho bonolo haholo.

O ka etsa assist ena hape e le karolo ya ho ruta ngwana puo. Ka potlako a ka ithuta mabitso a dintho tsohle tse ka phapusing ka ho etsa sena. O a botsa, “Tafole e kae?” Ebe o re, “Ke tafole, hona hoo. Jwale, tafole e kae? Ho lokile, tafole ke ela. Ho lokile.”

Ebe o nka ntho e nngwe kapa karolo ya sebaka se o potileng ebe wa botsa, “Mokato o hokae? Hoo ke mokato.”

Ha o etsa assist ena le ngwana, ka mora nakwana o tla o botsa, “Tafole e kae?” le hore “Mokato o hokae?” jwalo-jwalo. Se ke wa kgathatseha. Tswela pele o latele dikopo tsa hae. Hoo ho a mo thabisa, le hona.

Ho Sebetsana le Ho Sarelwa

Haeba ngwana a saretswe (a ikutlwa a hlomohile haholo, a lla, jwalo-jwalo), ho mo tlohella feela a lla ho fihlela a tswa ho yona hangata ho lekane. Sena ke nnete haholo haeba o le haufi le yena mme a tseba hore a ka o tshepa hore o tla mo tshehetsa le ho mo thusa.

Haeba o mo botsa hore na ho etsahetseng mme a sa arabe, o se ke wa tsitlella kapa wa mo laela hore a o jwetse. Hape o se ke wa leka ho thibela ngwana ho lla ka ho mo jwetsa feela hore a se ke a lla.

Mo tlohele a lle. Ke seo o lokelang ho mo etsetsa sona. Se ke wa leka ho mo hlasimolla. Mo tlohele a lle. Mo tlohele a lle ho fihlela a bona hore o teng.

Haeba o qala ho bua le ngwana ya llang, o ka etsa hore ka tshohanyetso a halefe haholo mme a itshware ka tsela e sa laoleheng kapa o tla halefa kapa o tla itahlela hohle. O tla etsa dintho tse fapaneng. O mpa a batla hore o emise ho bua le yena.

O lla hobane o lahlehetswe ke ho hong. Ho na le ho hong ho lahlehileng mono, ka tsela e nngwe kapa e itseng. Mme jwale, wena, le dipotso tsa hao, o leka ho fumana ho hong ho yena. O batla hore a bue ho hong.

Ha a utlwile bohloko ebile a lla, hobane a lahlehetswe ke ho hong, o na le tsebo e fetang ho ka bua le wena, hobane o nahana hore o tlilo lahlehelwa le ho feta. Kahoo haeba o qobella puisano ho yena, a ka nna a halefa. Empa, haeba o sebedisa puisano e ntle, e bonolo ho etsa hore a hlokomele taba ya hore ha a fellwa ke batho bao a ka buang le bona, o theha botsitso. O a bona hore o teng, o bua le yena, le hore ha o lebelle hore o tla araba.

Haeba o etsa sena ka bonolo ebile o sa bue haholo, o tla o hlokomela. O tla kgaotsa ho lla hang-hang, mme o tla phomola hobane o hlokometse hore o teng.

Ntho e nngwe eo o ka e etsang ke ho nka ntho ya ho bapala e nnyane kapa ntho ya mofuta ona ebe o e kenya letsohong la hae. O ka mo fa eng kapa eng. O tla e hana qalong. Hobaneng a e hana? Ho yena, ha eyo, ke phetho. O tshaba hore o tla bua le yena. Empa, ka pelenyana, o tla nka seo o se behileng matsohong a hae ebe o re, “O, ke hantle. Ho lokile.”

A ka nna a fetoha mohanyetsi ha o mo fa ho hong. Na o kile wa rekela ngwana wa hao khoune ya lebejana-leqhwa? O ile wa mmona a lla yaba o mo fa khoune ya lebejana-leqhwa. O ile a lla hanyane mme mohlomong a hanyetsa hanyenyane, yaba o iketsa eka ha a na thahasello ya lebejana-leqhwa mme qetellong, ha a iphihlela, ke eo, o ja lebejana-leqhwa mme o ntse a qamaka a ikutlwa hantle.

Ntho e nngwe hape eo o ka e etsang ho thusa ngwana ke ho hohela tlhokomelo ya hae ka ho etsa seo a se etsang. Mohlala, ngwana e monnyane o robetse fatshe, o utlwile bohloko haholo ebile wa lla mme a ke ke a o araba. O ka robala fatshe mme wa qala ho lla. Ka dinako tse ding o ka robala fatshe ka mokgwa oo ngwana a leng ka oona mme ngwana o tla ikutlwa a phuthulohile haholwanyane. E kanna ya utlwahala e sa tlwaeleha, empa o robala feela fatshe mme ngwana o emisa ho lla. Ngwana o ikutlwa a le betere hobane o teng, mme o tla qala ho bua le wena. Empa ha seo se sa sebetse, le wena o ka qala ho lla.

Ha re re ngwana o robetse moo mme o ntse a re boo-hoo-hoo-hoo-hoo mme le wena o robala moo ebe o re boo-hoo-hoo-hoo-hoo. Ngwana a ka bua ho hong ho tshwanang le, “Lerata le lohle ke la eng? Ho etsahalang mo?” Mme o tla o hlokomela. Ke mokgwa feela wa ho hohela tlhokomelo. Ha o etsa hore tlhokomelo ya ngwana e tsepame hannyane hodima karolo e nngwe ya sebaka se mo potileng, hoo ke mohato wa pele wa puisano.

Mohlala o mong, ngwana a ka ikutlwa a swabile. A ka ikutlwa eka bophelo bo na le dirifi tse boima haholo mme bo ntse bo tsamaya hohle hodima hae. Ngwana o ikutlwa a kula mme o a “hlwehlwetsa.” Kahoo le wena o etsa medumo e tshwanang ya ho “hlwehlwetsa.” Haeba o etsa sena, ngwana o tla o sheba mme a shebe thoko hape.

Ntho e latelang eo o e tsebang, ngwana o tla leka sena hape ebe o etsa ho “Hlwehlwetsa.” Jwale le wena o etsa ho “Hlwehlwetsa.”

Jwale ngwana o tla thaba.

Mokgwa o mong wa ho thusa ngwana ya llang ke ho etsa hore ngwana a fetelletse meokgo ya hae. Mohlala wa kamoo motswadi e mong a ileng a sebetsana le moradi wa hae ya llang ka tsela ena ke ona. O kene a lla hobane a batla ho hong mme motswadi a re, “Kgele, seo se bonahala se lokile. Ha re bone hore na o ka kgona ho se etsa hape.” Mme a lla hape yaba o sheba motswadi ka pososelo. Yaba motswadi o re, “Se hlile se lokile.” O ile a nahana jwalo le yena. Seo e bile pheletso ya meokgo.

Mofuta o bonolo wa sena o sebetsa le ho lesea: o etsa acknowledge feela seo lesea le se etsang. Lesea le lenyenyane le robetse ka tlung ya lona, ​​le ntse le lla, le lla, le lla, le lla, batho ba a le potapota mme ba ntse ba re, “Thola, thola, ho lokile moratuwa, ha ho na motho ya tsamayang mme ha ho na motho ya tla o siya,” jj. Empa moScientologist o tsamaela tlung ya ngwana mme o fa ngwana kananelo e ntle, a re ho yena “Ke hantle! Ho lokile!” Mme ngwana o emisa ho lla. Hobaneng a emisa? Hobane, ka mantswe a seng mangata haholo, moScientologist o itse, “Ke o utlwile o lla, ke tseba seo o se etsang, o robetse moo o a lla.” Ke acknowledgement e ileng ya sebetsa—ho tsebisa motho hore o ba utlwile.

Ho fana ka mohlala o qabolang wa ho ananela ngwana e monyenyane ka seo a se etsang, ho kile ha eba le lesea le lenyenyane, le neng le robetse ka tlung ya lona mme le ne le lla, le lla, le lla, le lla, le lla. MoScientologist o ile a atomela mme a re “Dumela!” Yaba o re, “Ithoballe ka tlung ya hao.” “Kea leboha.” “Ithoballe ka tlung ya hao.” “Kea leboha.” “Ithoballe ka tlung ya hao.” Ke seo ngwana a neng a se etsa, kahoo a utlwa ho phuthulloha ho hoholo ka phomolo mme a emisa ho lla. Hona ho bonolo haholo. MoScientologist o mo file ntho eo a ka e etsang ka katleho.

Kahoo tsela ya ho thusa ngwana ya saretsweng ke hore o be teng bakeng sa ngwana le ho mo ntsha mesarelong ya hae ka puisano. Haeba o ka mo kenya puisanong, o tla tswa ho hlonameng ha hae.

Kakaretso

Dintlha tsa bohlokwa ha motho a sebetsana le mathata a ngwana kapa dikotsi tsa hae ke tsena:

  1. Se ke wa bua letho mme o se ke wa etsa lerata haufi le ngwana ya lemetseng.
  2. E re ngwana a hoelle, haeba seo se bonahala se lekane.
  3. Efa ngwana thuso ho mo thusa ho fola kapele ho dikotsi kapa ho hlonameng.
HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape