Let us know how it is going
4.‎1 BALA SEHLOOHO

“Ho Apesa” Ngwana ka Lerato le Mofuthu

Hangata batswadi ba amehile ka ho “senya” bana ba bona. Ha o bua ka ngwana ya senyehileng, o tlameha ho utlwisisa hantle hore na sena se bolelang. Ngwana ya senyehileng ke eng?

Ngwana o senyeha ka ho mo amoha tokoloho ya hae ya diketso! Ha a senyehe ka ho mo rata kapa hona ho mo fa dintho. O ka fa ngwana ntho efe kapa efe mme ha e na ho mo senya. Empa ho mo amoha boikemelo ba hae (bolokolohi ba hae) ba diketso ho tla mo senya.

Ngwana a ka amohuwa boikemelo ba hae ba diketso ka ditsela tse ngata.

Ya pele ke ho mo thibela ho etsa ho hong kapa ho etsa hore a etse ho hong ntle le tshebelisano-mmoho le yena, moo o reng o etsetsa “molemong wa hae.” Empa sena se mo thibela feela ho iketsetsa diqeto le ho mo otla ho ya pele ha diqeto tsa hae di mo kenya kgathatsong.

Mohlala, ha re re ngwana o etsa qeto ya ho thusa motswalle dithutong tsa hae kamora sekolo. Ka lebaka leo, o siuwa ke nako bakeng sa dijo tsa mantsiboya tsa lelapa. Ntate wa hae o kgopiswa ke sena mme o mo jwetsa hore ha a dumellwa ho fihla kamora nako dijong tsa lelapa le ka—mohla! Ha re re ntate o amoha ngwana moputso wa hae o itseng e le kotlo. Jwale ngwana o fuwe kotlo bakeng sa qeto ya hae mme o hlokomela hore kannete ha a na tokoloho hodima diketso kapa diqeto tsa hae.

Phoso e nngwe e tlwaelehileng ke ho dula o bolella ngwana hore na motho e mong le e mong o lokile hakae ho yena le kamoo lefatshe le tsamaisetswang yena kateng le hore ha a lebohe (ha a bontshe teboho) ho kgutlisetsa le hore ha a bontshe kananelo ya hae ka tsela leha e le efe. Eo ke tsela e nngwe ya ho amoha ngwana boikemelo ba hae ba diketso. Ho etsa hore a ikutlwe eka wa o kolota le hore ha a lokela ho leka ho iketsetsa dintho.

Nnete ke hore ha ho ngwana ya kileng a senyeha ka baka la lerato, ka kutlwelo-bohloko, ka mosa, ka kutlwisiso kapa esita le ka ho mo kgotsofatsa (ho mo fa haholo). O ka fa ngwana wa hao koloi, sethuthuthu kapa eng kapa eng eo wena, bongwaneng ba hao, o neng o e batlile mme ngwana wa hao a ke ke a senyeha. O ka mo fa dintho tsa ho bapala tse betere ho feta tsa motho leha e le ofe wa tulo eo, mme o ke ke wa mo etsa moikgohomusi (motho ya shebelang ba bang tlase).

Se sebetsang hantle haholo ke ho dumella ngwana wa hao hore a inkele mehato le ho iketsetsa diqeto tsa hae ka metswalle eo a bapalang le ho kena sekolo le yona. A ka tswa mme a arolelane thepa ya hae haeba a batla kapa tjhe. Ho ho yena. Haeba a dumellwa ho phela jwalo, o tla iponela hore na lefatshe le sebetsa jwang. Mme seo ke ntho eo a tlamehang ho ithuta yona.

Re hloka ho roba tumela-kgwela ya kgale (tumelo e seng ya nnete) ya hore lerato le lerato di kgopisa ngwana ka ho felletseng mme di mo bakela kgathatso kapa esita le ho mo hlantsha. Batho ba dumela sena—empa ha se nnete.

O ka tiisetswa hore mokgwa o potlakileng ka ho fetisisa wa ho senya ngwana wa hao hase ka ho mo rata, empa ke ka ho mo amoha bolokolohi ba hae.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape