Let us know how it is going
6.‎2 BALA SEHLOOHO

Harese Fomula ya Bana

Lebaka le ka sehloohong hore lesea le se hole hantle ke phepo e sa nepahalang (dijo tse hlokahalang ho o boloka o phetse hantle). Ho lokisa seo, mona ke fomula eo motho a ka e sebedisang:

  • Di-ouno tse 15 tsa metsi a harese
  • Di-ounu tse 10 tsa lebese le kopantshitsweng (lebese leo tranelate le mafura, tseo hangata di bokellanang hodima lebese, di abuwang hohle mokedikeding)
  • Di-ouno tse tharo tsa sirapo ya poone e entsweng ka poone e sa fetolwang

Tekanyo ya sirapo e lokela ho fapana ho latela lesea—ba bang ba e rata e fokola, ba bang ba e rata e le matla haholwanyane.

Fomula ena e ka phetwa ka palo efe kapa efe ho latela palo ya dibotlolo tse hlokwang, empa karo-karolelano e ntse e tshwana.

Ho etsa metsi a harese, beha halofo ya senwelo sa harese kaofela ka hara lesela la mokotla (le lesesane, le matla ebile le theko e tlase le lohilwe ka tsela e bonolo) ebe o le tlama ka bolokolohi e le ho dumella katoloso ya harese. E phehwa butle butle ka pitseng e kwahetsweng, e kenyang moya, e sa etswang ka aluminiamo, lebakeng la dihora tse 6½ metsing a ka bang diponto tse 4. Dumella mouwane ho phonyoha ka lesoba le entsweng sekwahelong (haeba ho na le se seng) sa pitsa kapa ka ho beha sekwaelo se sekame hanyenyane (eseng se otlolohile) e le hore ho bulehe pakeng tsa sekwaelo le pitsa. Metsi a harese a tla fetoha pinki haholo. Sena se fana ka phetoho e nepahetseng ya metsi a harese a ho etsa fomula e kahodimo.

Ha o fepe ngwana ka harese, o mofa metsi feela a kopantsweng le lebese le sirapo ya poone ka karolelano ya fomula e kaholimo.

Se ke wa eketsa ntho leha e le efe ho fomula ena, e jwaloka divithamini kapa tranelate “ho etsa formula e nang le phepo.” Fomula e jwalo ka ha e boletswe kaholimo.

Sebedisa fomula ena ho ba le masea a phetseng hantle!

Mokgwa wa ho Etsa Fomula ya Harese

  1. Tshela halofo ya senwelo sa harese kaofela ho karolo ya muslin.
  2. E tlamele ka bolokolohi ho dumella ho kokomoha.
  3. E behe ka pitseng e nang le diponto tse 4 tsa metsi.
  4. Pheha butle ka dihora tse 6½ ka pitsa e kenyang moya hanyane hore mouwane o kgone ho phonyoha.
  5. Kopanya fomula o sebedisa karolelano e latelang: di-ouno tse 15 tsa metsi a harese, di-ouno tse 10 tsa lebese le kopantsitsweng, dikarolo tse tharo tsa sirapo ya poone.
  6. Boloka fomula e bata, ho fihlela nako ya ho fepa.
  7. Futhumatsa botlolo ho 98,6°F kapa 37°C (motjheso wa mmele).
  8. Fafatsa marothodi a mmalwa letsohong la hao ho netefatsa hore fomula ha e tjhese haholo ebile ha e bate haholo. Ebe o e fa lesea.
HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape Ho ba le Lesea le Thabileng le ho leka kutlwisiso ya hao hape