Let us know how it is going
3.‎1 BALA SEHLOOHO

Ya Pele Tsitiso ya Thuto:
Absence ya Boima

Thutong ya sehlooho sefe kapa sefe, o na le tsona ka bobedi boima le bohlokwa.

Boima e bolela dintho tsa nnete tse bonahalang tseo o ithutang ka tsona, ho fapana le moelelo wa tsona kapa mehopolo ya tsona. Tsena di kenyelletsa dintho tse kang dikhomphutha, koloi, lefika, moya, kganya, motjheso, dinonyana, difate, diphoofolo, jj.

Bohlokwa ba sehlooho ho bua ka moelelo kapa mehopolo kapa melao mabapi le ho hong, ho fapana le ho ba teng ha yona jwalo ka ntho ya mmele.

Mohlala, haeba o ne o ithuta ho sesa, boima bo ne bo tla kenyelletsa metsi, letamo, boto e rahwang, veste ya polasetiki ya ho sesa ho o phahamisa, jj. Bohlokwa bo ka kenyelletsa hore o tshwara boto jwang, o raha maoto jwang, o hema jwang, jj

Haeba o ne o ntse o ithuta ho letsa katara, se seletswa e ne e tla ba boima . Bohlokwa bo ka kenyelletsa ditaelo ka mokgwa wa ho tshwara katara, ho etsa jwang dintlha tse fapa-fapaneng, mokgwa wa dikgwele katara, jj.

Motho o hloka boima le bohlokwa ho mo thusa ho utlwisisa ho hong. Ntle le leha e le bofe boima , o na le menahano fela le bohlokwa.

Kahoo, tshitiso ya pele ya ho ithuta ke ena: thuto ka hoba siko ha boima eo ho yona theknoloji e tla amehang ka thata haholo ho moithuti.

Thuto ka bosiko ba boima e etsa hore o ikutlwe:

Pepetlwa (ho ikutlwa jwalo ka ha eka motho o peteditswe kapa a bataletse ka matla)

Kobehile (o ikutlwa eka o ne o sa eme ka kotloloho, empa ka karolo e ka hodimo ya mmele wa hao o sekamela pele le tlase)

Mofuta wa ho bidikana (o utlwa e ka kelello ya hao e ya bidika, e fetoha ka potlako ho potoloha)

Mofuta wa lefu (ho ikutlwa o haellwa ke bophelo, tjheseho kapa thahasello)

Teneha (ho ikutlwa o kgathetse hape ho hloka mamello ka baka la ho lahlehelwa ke thahasello ya ho hong)

Halifiswa (ho ikutlwa o tenehile ebile o kwatile hobane dintho ha di ka tsela eo o di batlang ka yona)

Haeba o ntse o ithuta ho hong moo boima ha e yo, diphetoho le dipontsho tse ka hodimo e tla ba ditholwana.

Ho thusa ho sebetsana le ho ba siko ha boima, dinepe di ya thusa le ditshwantsho tse tsamayang di ka etsa hantle haholo, ka moo di leng ka tshepiso kapa tshepo ya boima. Empa leqephe le hatisitsweng le lentswe le buwang ha se e emelang terekere haeba o ntse o ithuta ka di terekere.

O tlameha ho utlwisisa ntlha ena ya bohlokwa: ho ba morutehi ka ntho e nngwe moo o se nang boima ho etsa hore o ikutlwe o sa phutholoha mmeleng ka ditsela tse thathamisitsweng ka hodimo.

Ke nnete feela. Ha re re o ithuta ka di terekere tsohle, mme ha o na di terekere ho leka-lekanya boima. O tla qetella ka:

Sefahleho se utlwang se hatelletswe

Ho opelwa ke hlooho

Boikutlo ba ho tsekela nako le nako

Mpa ya hao e ikutlwa e qabola

Hangata mahlo a hao a tla utlwa bohloko.

Mohlala, haeba o ne o bala ka di terekere, ntho e molemo-hadi ya ho ba le yona kahoo o fumana tekano ya boima le bohlokwa ke terekere ya sebele eo o ka e bonang, ho e ama le ho e utlwa.

Mohlala o mong ke ona. A re re o bile le ngwana ya neng a thatafallwa ke ho ithuta ho bala dipalo sekolong. Tsohle tseo a neng a ena le tsona e ne e le bohlokwa ba dipalo tseo a neng a kupuwa hore a di kopanye ka hlooho kapa a ngole fatshe ebe o di kopanye letlapeng kapa leqepeng. Basiko ba boima e ka ba tshitiso e neng e moneha bothata.

Pheko e ne e tla ba ho fa ngwana boima ba ho leka lekanya bohlokwa ba seo a ithutang sona. Mohlala, mo fumanele diapole mme neha e mong le e mong wa bona palo. Jwale o na le diapole tse mmalwa ka pela hae mme ha ho sa na bohlokwa feela. Ka ho etsa sena, o ne o tla rarolla ho ba siko ha boima le ho etsolla mathata a neng a neng ana le ona.

Tshitiso ena ya ho ithuta ho hong ntle le hore ebe le boima ho dula o le haufi ho hlahisa dikgahla le diphetoho tsa mmele tse hlakileng ka ho fetisisa.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape