Let us know how it is going

DIKAROLO TSA KUTLWISISO

THUTO YA KAKARETSO

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Dikarolo tsa Kutlwisiso

Bophelo bohle ba rona, re hahamalla ho utlwisisa batho le dintho betere e le hore re momahane le batho ba bang, ho tseba ho sebedisa mochini betere kapa ho tseba feela se etsahalang lefatsheng.

Empa ho sa kgathaletsehe maikemisetso a rona a lokileng, ka dinako tseng re kopana le dintho tse kwatisang, maikutlo a fapaneng le ho se utlwisisane.

Haeba ho na le mokgwa o mong wa ho eketsa kutlwisiso ea rona ka batho le mathata, eo e tla ba ntho ea bohlokwa haholo ho tseba.

Ho Scientology, ho ile ha fumaneha hore dikamano tsohle tsa batho—mme ha e le hantle, ketso efe kapa efe ya bophelo—e ka ntlafatswa hang ha o tseba hore na kutlwisiso ke eng.

L. Ron Hubbard o kgethollotse dikarolo tsa ’nete tsa kutlwisiso. Ka ho tseba dikarolo tsena le kamoo di amanang mmoho le hore na ba eketsa kutlwisiso jwang, o ka etsa ho hong ka bothata bofe kapa bofe, bo boholo kapa bo bonyenyane.

Ena ke tsebo ya mantlha, e tlwaelehileng ho dikarolo tsohle tsa ho phela, ho tloha dikamanong le batho ba bang, ho isa ho tsamaisa dikhamphani, ho ba ditho tsa dihlopha, ho ithuta le thuto, mmuso, indasteri—kaofela ha tsona.

Thuto ena e o fa selelekela sa melao-motheo ena e bonolo empa e le matla e le hore o ka qala ho tlisa kutlwisiso e kgolo karolong efe kapa efe ea bophelo ba hao kapa ya batho ba bang.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Thutong ena o tla ithuta:

  • Dintho tse tharo tse tlisang kutlwisiso ya eng kapa eng le hore di amana jwang.
  • O ka ntlafatsa dikamano le mang kapa mang.
  • Disebediswa tse nepahetseng tseo o di hlokang ho eketsa kutlwisiso ya hao ho motho e mong le e mong eo o mo tsebang le lefatshe le o potileng.

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.