Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Dikarolo tsa Kutlwisiso

Bophelo bohle ba rona, re hahamalla ho utlwisisa batho le dintho betere e le hore re momahane le batho ba bang, ho tseba ho sebedisa mochini betere kapa ho tseba feela se etsahalang lefatsheng.

Empa ho sa kgathaletsehe maikemisetso a rona a lokileng, ka dinako tseng re kopana le dintho tse kwatisang, maikutlo a fapaneng le ho se utlwisisane.

Haeba ho na le mokgwa o mong wa ho eketsa kutlwisiso ea rona ka batho le mathata, eo e tla ba ntho ea bohlokwa haholo ho tseba.

Ho Scientology, ho ile ha fumaneha hore dikamano tsohle tsa batho—mme ha e le hantle, ketso efe kapa efe ya bophelo—e ka ntlafatswa hang ha o tseba hore na kutlwisiso ke eng.

L. Ron Hubbard o kgethollotse dikarolo tsa ’nete tsa kutlwisiso. Ka ho tseba dikarolo tsena le kamoo di amanang mmoho le hore na ba eketsa kutlwisiso jwang, o ka etsa ho hong ka bothata bofe kapa bofe, bo boholo kapa bo bonyenyane.

Ena ke tsebo ya mantlha, e tlwaelehileng ho dikarolo tsohle tsa ho phela, ho tloha dikamanong le batho ba bang, ho isa ho tsamaisa dikhamphani, ho ba ditho tsa dihlopha, ho ithuta le thuto, mmuso, indasteri—kaofela ha tsona.

Thuto ena e o fa selelekela sa melao-motheo ena e bonolo empa e le matla e le hore o ka qala ho tlisa kutlwisiso e kgolo karolong efe kapa efe ea bophelo ba hao kapa ya batho ba bang.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Kamano e matla, Nnete le Puisano

Ho Scientology, re na le taba e ngata eo re lokelang ho e etsa mabapi le taba ena e bitswang kutlwisiso. Kutlwisiso e na le dikarolo tse ikhethang haholo. Dikarolo tsena ke: KAMANO E MATLA, NNETE le PUISANO.

Kutlwisiso e hlahiswa ke ho kopana ha kamano e matla, ’nete le puisano. Mohlala, motho o tlameha ho ba le kamano e matla e itseng (ho rata) ntho, puisano e itseng le yona le mohopolo o itseng wa nnete ea eona (o tseba ho hong ka yona) pele a ka e utlwisisa. Kahoo bokgoni ba hae ba ho utlwisisa motho, monahano kapa ntho e ngwe le e ngwe e itshetleha ho kamano e matla ya hae, le puisano le nnete ea hae.

Ho kgona ho ntlafatsa kapa ho eketsa kutlwisiso, ho bohlokwa ho tseba ka botlalo le ho utlwisisa hore na karolo e nngwe le e nngwe ea tsena tse tharo e kenyelletsa eng.

KAMANO E MATLA

Polelwana kamano e matla e sebedisitsweng mona e bolela lerato, ho rata kapa diketso tse a mang a maikutlo. Tlasa “kamano e matla” re na le hore na re rata batho kapa che, ebang re ka dula haufi le batho kapa che, hore na re na le maikutlo a batho kapa re sa ba rate. Maikutlo a fapaneng a jwalo ka ho hloka thahasello, kgalefo, bodutu, cheseho e bontsha maemo a fapaneng a kamano e matla.

Palo ya kamano e matla e ka lekanngwa ka hore na motho o ikemiseditse hakae ho ba sebakeng se le seng kapa ho tshwana le (ho tshwana le) motho e mong. Haeba o re, “Kea o rata,” o re, “Ho lokile, ke tla ba wena haufinyane.” Ho re “Kea o rata” ho ne ho tla bolela hape, “Ke tla tloha feela ka dula sebakeng sa hao.” Ha batho ba babedi ba sa ratane, ho bolela hore ba ke ke ba ba sebakeng sa emong, ba ke ke ba rata ho nka maikutlo a motho e mong. Ha ba batle ho tshwana le motho e mong. Haeba e mong a rwala e putswa, e mong o ikutlwa a tlameha ho rwala botala. Haeba banna ba babedi ba ntseng ba buisana ba sena kamano e matla, ba tla tlwaela ho ngangisana kapa ho itsamaela ho emong.

NNETE

Ka nnete re bolela “dintho tse tiileng, dintho tsa nnete tsa bophelo.” Nnete ke seo re se bonang (se bonwang, se utlwang, se utlwilweng, jj.). Nnete ke tumellano ya se eleng sona kapa se teng. Ntho ya nnete ke ntho eo re dumellanang hore e teng ebile re ka e lemoha. Phapang e tla ba ho hloka kutlwano, moo batho ba babedi kapa ho feta ba sa dumellaneng ka seo e leng nnete kapa se hlileng se etsahalang.

Seo e hlileng ele nnete ke nnete hobane feela ho dumellanwe mme ha ho na lebaka le leng.

PUISANO

Puisano ke yona ya bohlokwahadi ho dikarolo tse tharo ho tlisa kutlwisiso.

Puisano ke molaetsa kapa karolwana, e tsamayang hole le sebaka se itseng pakeng tsa dintlha tse pedi tse hlakileng.

Mokgwa o bonolo haholo oa ho bolela hore puisano e bolela phetoho (kapa motsamao) wa ntho e tswang karolong e nngwe ya sebaka ho ya karolong e nngwe ya sebaka. Karolwana ke ntho e bouwang. E ka ba ntho, molaetsa o ngotsweng, lentswe le builweng kapa mohopolo.

Mohlala, haeba o nkile baseball mme o e lahlela ho motho e mong hore a e kape, eo e tla ba puisano e tswang ho wena ho ea ho motho e mong. Haeba o re “dumela” ho motho e mong, eo le yona e tla ba puisano, hantle feela ka moelelo o kahodimo.

Puisano e ka ba ka mekga e mmedi, ha motho ya amohetseng molaetsa wa pele a romella molaetsa wa hae ho motho wa pele. Sena se baka phapanyetsano (ho fana le ho amohela kapa ho fapanyetsana) ha mehopolo kapa dikarolwana.

Puisano ha se feela ho bua le motho. Ho na le mekgwa e mengata ya ho buisana. Batho ba babedi ba ka dula ba shebana, ba ba le puisano. E e nngwe ya ditsela tsa ho kena puisanong ke ho ama. O ka pholla katse mme katse ka tshohanyetso e qala ho lla. O ntse ona le puisano le katse. O ka otlolla letsoho ho dumedisa motho mme o ntse o na le puisano le yena. Ko France, Italy le Spain batho hangata ba akgela matsaho ho batho hore ba ba dumedise. Ba amana mme kamano eo ke puisano.

Le ha ho le bohlokwa ho utlwisisa karolo ka nngwe ya tsena tse tharo tse arohaneng, di na le kamano e ikhethileng eo di kopantsweng ho eketsa kutlwisiso e kgolo kapa e nyane ea batho, dintho le bophelo ka bo bona. Ena ke taba ya thuto e latelang.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape