Let us know how it is going

ASSISTS

LENANE LA THUTO

acknowledge: bua kapa etsa ho hong ho bontsa motho e mong puisano ya hae e utlwilwe le ho utlwisiswa.

bohloko: bohloko bo fetelletseng.

dithibela-mafu: dintho tse kgonang ho bolaya kapa ho thibela dibaktheria mmeleng. Dithibela-mafu di tswa ho dikokwana hloko (dintho tse fokolang haholo tse phelang) kapa di hlahiswa ka mokgwa o sa tlwaelehang tshebetso ya dikhemikhale.

thipa ya butjhareng: e kgolo, e bohale haholo e seha nama.

tlhahlobo: qeto ya hore na lefu kapa boemo bo bong ke bofe, e entsweng ka mora ho bona dipontsho le matshwao.

boemong bo sa thabiseng: se sa phutholoheng kapa se sa thabiseng mmeleng kapa maikutlo a kelello.

monwana wa bo supa: monwana o haufi le o motona.

bophelo: boleng, maemo kapa boemo ba ho phela.

maikemisetso: toro eo motho e mong a lekang ho e fihlela.

tlhafu: karolo e ka pele ya leoto pakeng tsa lengole le maqaqailana.

hlaphohetswe: ha a tawa.

tsitsipano: ho lemala sebakeng se potolohileng manonyeletso (karolo ya mmele e kobehang) e kenyelletsa bohloko le ho ruruha, ho bakwang ke ho hula kapa ho sothwa manonyeletso ka matla a mangata, ntle le ho roba lesapo kapa ho tlosa masapo maemong.

leqhubu: ka tshohanyetso, e potlakileng le ntho e phallang ho hong.

X-ray: setshwantsho sa bokahare ba mmele wa motho. Di-X-ray ke maqhubu a sa bonahaleng a nang le dikarolo tse nyenyane tsa matla tse kgonang ho tsamaya ka di sebeswa tse bobebe ka tsela e tshwanang le eo lesedi le fetang kgalase. Di sebediswa hangata ke dipetlele, dingaka le dingaka tsa meno ho bontsha ditshwantsho tsa bokahare ba mmele.