Let us know how it is going
4.‎1 BALA SEHLOOHO

Touch Assist

Touch Assist e ka sebediswa bakeng sa mahlaba, mahloko kapa ho hlonama hoo e ka bang karolo efe kapa efe ya mmele. (Touch Assist ha e sebetse bakeng sa hlooho.)

KGOPOLO

Touch Assist e boetse e theha puisano ya mmele. E tlisa hlokomelo ya motho dibakeng tse amehang tsa mmele. Sena se etswa ka ho pheta-pheta o ntse o thetsa mmele wa motho le ho mo kenya puisanong le dikarolo tsa mmele tse mo amang. Puisano ya hae e eketsehileng le mmele wa hae e thusa ho kokobetsa bohloko ba hae ba mmele kapa le ho utlwisang bohloko.

TSAMAISO

0. Neha motho thuso ya pele leha e le efe e ka hlokwang pele o qala assist.

1. Etsa hore motho a dule fatshe kapa a bothe—boemo bofe kapa bofe bo tla ba bonolo ha ho lwanyane ho yena.

2. Bolella motho eo hore o tla be o etsa Touch Assist mme o hlalose ka bokgutshwanyane tsamaiso ena. Mo bolelle hore o tla mo kopa, kgafetsa hore a, “Utlwa monwana wa yaka” le hore otla o tsebisa nako le nako ha a entse jwalo:

“Ke tlabe ke o botsa, kgafetsa, hore o utlwa monwana wa ka. Nako le nako, ntsibise hore o entse jwalo.”

3. Fana ka taelo ya “Utlwa monwana wa yaka,” mme o thetse ntlha, o sebedisa kgatello ya monwana e leka-lekaneng:

“Utlwa monwana wa yaka.”

Se ke wa ama mme jwale o fane ka taelo; e ne e tla ba morao.

Thetsa ka monwana o le mong. Haeba o sebedisa menwana e mmedi, motho eo a ka ferekana ka oo a neng a lokela ho o utlwa.

4. Ha motho eo a bontsha o entse taelo, acknowledge ka ho re “Kea leboha” kapa “Ho lokile” kapa “Hantle.”

5. Fana ka taelo e latelang, ho thetseng le ho acknowledging ha motho eo a bontsha hore o entse taelo.

Ha o thetsa, qoba dikarolo tsa setho sa bong kapa dibono ka bobedi ba bong le matswele a mosadi.

6. Kamehla o leka-lekanya ka bobedi dikarolo tsa mmele tse ka letsohong le letona le letshehadi. Ha o se o thetsitse lehlakore la motho le letshehadi, o latela ka le letona.

Sena se bohlokwa hobane boko le tshebetso ya puisano ya mmele e kenellang (kwala hammoho). O ka fumana hore bohloko bo ka lehlakoreng le letshehadi boa tloha ha o thetsa ka lehlakoreng le letona, hobane lehlakore le letona le e tshwere.

7. O tswela pele o fana ka taelo, thetsong le acknowledging nako le nako.

8. Etsa bonnete ba hore o kenyelletsa matsoho, ditsu, diphaka le matsoho...

9. …le metso ya menwana.

10. Thetsa menwana ya maoto, maoto, mangole le ditlhafu.

11. Ntle le ho sebetsana le lehlakore le letshehadi le letona la mmele, o tlameha ho sebetsana le dikarolo tse ka morao le ka pele tsa mmele. Ka mantswe a mang, haeba o se o hlokometse boka pele ba mmele, o lokela ho hlokomela le ka morao ba mmele.

Hona ho kenyelletsa mahlakore a mabedi le letshehadi le letona la mokokotlo...

12. ...le mangwele ka morao.

13. Tswelapele ka assist ho fihlela motho eo a hlokomela kapa bana le phomolo.

TOUCH ASSIST BAKENG SA SETHO SE SENG SA MMELE

Haeba motho eo a ena le bothata bo itseng kapa a sa thaba hantle, o ka mo fa Touch Assist ho sebetsana le karolo eo ya mmele.

1. Ha o mothetsa, o atamela sebakeng se amehileng.

2. Ebe o ya hole le sebakeng se amehileng. Ebe oe kgahlametsa hape.

3. Tsamaya hole le sebaka se amehileng. Ebe oe atamela haufinyana.

4. Ebe o ya hole le sebakeng se amehileng ho ya pele. Ebe oe atamela ho fihlela moo o hlileng o thetsa sebaka se amehileng.

5. Ha o se o thetsitse sebaka se amehileng, tsamayela hole le sona ho ya pele mme o tswele pele ka assist.

6. Ha o buisana le karolo e itseng ya mmele, o thetse le karolo ya mmele ka morao.

7. Ho sa tsotelehe hore na ho thuswa bong bofe mmeleng, Touch Assist e dula e kenyeletsa matsoho le maoto le lesapo la mokokotlo.

8. Tswelapele ka assist ho fihlela motho eo a hlokomela kapa bana le phomolo.

9. Bolella motho eo:

“Pheletso ya assist.”

O ka nna wa tlameha ho fana ka Touch Assist letsatsi le letsatsi ho fihlella sephetho. Qalong, o ka nna wa fumana tlhokomediso ya sebaka seo ho kula le kotsi e leng ho tsona. Ho fana ka Touch Assist hape letsatsi le hlahlamang, o ka lebella ntlafatso e seng kae. Ho ka nka matsatsi a mangata ho feta hona, ka Touch Assist e fanweng letsatsi ka leng, pele sephetho se fihlellwa. Taba ke hore palo ya Touch Assist oe etsang ho ntho tshwanang ha e na moedi.

SEBEDISA

Sebedisa ho Dikotsi

O se ke wa etsa Touch Assist e le ketso ya pele ho motho ya lemetseng ha o ka etsa Contact Assist. Haeba hantle sebaka seo ho lemala se fumaneha, etsa Contact Assist. Contact Assist e ka latelwa ke Touch Assist kapa ketso efe kapa assist efe kapa efe. Haeba hantle sebaka sa kotsi se sa fumanehe, Touch Assist e ka sebediswa.

Sebedisa ho Batho ba Akgehileng

Touch Assists e ka nna ya etswa le ho motho ya akgehileng. O buisana le motho eo ka ho nka butle letsoho la hae kahara la hao mme o mo jwetse:

“Ha o se o utlwile monwana wa ka, pepeta letsoho la hao.”

Motho eo o tla fana ka e nyane koketso ya kgatello. Ebe o tswela pele ka Touch Assist, thetsa mangole, dirope, maoto, hlooho, ditsebe jwalo-jwalo. O tla qala ho utlwisisa le ho latela seo lokelang ho se etsa kamora nakwana.

Sebedisa ho Diphoofolo

Touch Assists di ka sebediswa ho hlahisa ditholwana tse ntle ho diphoofolo.

Ha o etsa Touch Assist ho ntja kapa katse e lemetseng, o lokela ho rwala ditshireletsi tsa matsoho tse tenya, hobane di kanna tsa ngwapa le ho loma.

Tshebediso ya Batho ba Dithethefatsi

Touch Assist e ka etswa ho motho ya fuweng di pidisi tsa mahloko kapa dithethefatsi tse ding. Hona ha ho a loka, empa ka dinako tse ding sea hlokahala ka tlasa maemo a tshohanyetso.

Moo ha motho a lemetse, maikemisetso a hao o lokela ho fumaneha ho yena le ho mofa Touch Assist pele ho mang kapa mang a mo fang pidisi ya mahloko. Haeba mmele o senyehile hampe haholo, motho eo o ka nna eba o ntse a utlwa bohloko kamora assist ya hao, empa o tla be o fumane tse ding tsa tshabo.

HLOKOMEDISA

Ho Opelwa ke Hlooho

Se ke wa etsa Touch Assist ho motho ya nang le hlooho e bohloko. Patlisiso e bontshitse hore hangata hlooho e kaba ka mehla e bakwa ke ntho e etsahalang kelellong eo Touch Assist e tlaba tshebetso e fosahetseng ya.

Dikotsi tsa Hlooho

Haeba motho o ile a tswa kotsi hloohong, jwalo ka ho kgohlwa ka leihlong kapa a otlwa hloohong ka thupa, a ka fumana Touch Assist. Ho jwalo le ka dikotsi tsa meno kapa mosebetsi wa meno o bohloko.

KAKARETSO

Touch Assist e bonolo ho ithuta ebile e ka ba e tsotehang haholo diphethong tsa yona. E na le molemo ya ho ba bonolo ho ruta ba bang. Kahoo e sebedise hantle ho thusa ba o potileng, mme o ba rute ho thusa ba bang hape.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape