Let us know how it is going
9.‎1 BALA SEHLOOHO

Assist bakeng sa Motho ya sa Tsebeng Letho

Motho ya akgehileng, esita le motho ya idibaneng (boemo ba ho akgeha boo motho a ke keng kgona ho tsoswa), nako e telele a ka thuswa ha ho sebediswa Assist bakeng sa Motho ya sa Tsebeng Letho. Ka assist ena o ka thusa motho eo hore a buisane le wena le tikoloho ya hae mme kahoo o mo tlose ho unconsciousness a kgutlele bophelong. Ke assist e bonolo ho ithuta le ho e etsa.

KGOPOLO

Ka ho etsa hore motho ya akgehileng a thetse dintho tse haufi jwalo ka mosamo, fatshe kapa mmele wa hae (ntle le ho utlwisa setho sa hae sa mmele se lemetseng), o ka thusa taolo le hlokomelo ya hae le ho mo tlisa nakong ya jwale.

TSAMAISO

1. Nka letsoho la hae butle ka hara letsoho la hao mme o mojwetse:

“Ke tlo ofa assist ho hlaphohelwa.”

2. Ebe o bolella motho eo:

“Utlwa seo ______ (ntho).”

3. Ka bonolo tsamaisa letsoho la motho ebe o tobetsa ntho e nngwe mme o mofe nako e kgutshwane haholo hore a utlwe. Sebedisa lesela la bethe, mosamo, bethe, jj. Ha oe emele efe kapa efe karabo, empa otla neha motho nakwana hore a utlwe ntho eo.

4. Acknowledge motho eo ka ho re “Kea leboha.”

5. Fana ka taelo e latelang ebe o tsamaise letsoho la motho hore le thetse ntho e nngwe.

Ka mohlala:

“Utlwa lesela la bethe.”

(Beha letsoho la motho ya akgehileng hodima lesela la bethe.)

(Kgefutsa)

“Kea leboha.”

“Utlwa mosamo oo.”

(Tsamaisa letsoho la motho ya akgehileng mme o le behe hodima mosamo.)

(Kgefutsa)

“Kea leboha.”

Jwalo jwalo.

6. Tswela pele ho fana ka ditaelo, tsamaisa letsoho la motho ya akgehileng mme o acknowledging yena.

7. Ha motho eo a hlaphohetswe kelellong, o qetela ka hore:

“Pheletso ya assist.”

Haeba o sebetsana le motho ya idebetseng, o ka nna wa se mo consciousness ka assist e le nngwe. Seo o se batlang boemong bo jwalo ke sesupo sa ho emisa assist ke ntlafatso maemong a motho. Ho na le dipontsho kapa matshwao a fapaneng a tla o jwetsa hore o fumane ntlafatso. Ho phefumoloha ha motho ho ka ba bonolo, mmala wa hae wa letlalo o ka ntlafala, a ka bonahala a le betere kapa a lokolohile ho feta ha o ne o qala assist. Ela hloko haholo bakeng sa diphetoho tse jwalo. Di bontsa hore o ntse o hatela pele. Ha hona le ntlafatso ka motho ya idibetseng, qetela ka ho re, “Ho lekane hwa kajeno” mme tsebisa motho eo hore na o tla etsa assist neng hape.

Sistimi ya Letshwao la Letsoho

Sistimi ya matshwao e ka sebediswa le motho ya akgehileng ho mo botsa le ho fumana dikarabo tsa “Eya” kapa “Tjhe.” Sistimi ya matshwao e bonolo: Kopanya letsoho la motho ka bonolo ka hara la hao hore a kgone ho le pepeta. Mo bolelle:

“O ka nkaraba ka ho pepeta letsoho la ka. Pepeta ha nngwe ho ‘Eya’ mme habedi bakeng sa ‘Tjhe.’”

O ka botsa dipotso tse bonolo ho fumana hore na o fumane ho ntlafala:

“Na wa nkutlwa?”

kapa

“Na wa tseba hore na o hokae?”

Hangata motho o tla araba, ha eba ka nepo, leha a ntse a akgehile. Haeba ho sena karabo kapa karabo e fosahetseng, tswela pele ka assist.

Sistimi ena e bohlokwa haholo ha o fana ka assist ho motho ya idibetseng. Mohlala, o ka lemoha phetoho ho motho nakong ya assist, jwalo ka mahlo a hae a ya thothomela kapa a panya hanyane. Sistimi ya Letshwao e ka sebediswa hona jwale ho botsa motho:

“Na o ikutlwa betere?”

kapa

“Na wa tseba hore o hokae?”

Haeba o fumana hore o ya ntlafala, o kgaotsa ka assist. Ntle le moo, tswela pele ho fihlela a ba a ntlafala.

Mohlala o mong wa tshebediso ya sistimi ena e ka ba ho qala ho assist motho ya idibetseng eo o neng o ntse o mo assists kamehla. Qalong ho assist e jwalo o ka theha tsamaiso ya ho pepeta letsoho dipontsho sistimi mme wa botsa motho eo:

“Na o ntse o ikutlwa betere kajeno?”

kapa

“O ntse oya betere ho feta ha ke ne ke le mona la ho qetela?”

Hore na o fumana karabelo efe (ntle le motho ya kgutlang kelellong hona hoo le hona moo), o ntse o tswela pele bakeng sa Assist ya Motho ya sa Tsebeng Letho ho fihlela o ntlafala bakeng sa mananeo ana.

Assist e phethehile ha motho a hlokomela kelellong. Sena se ka nna sa etsahala ka potlako kapa ka dinako tse ding se ka hloka assists tse ngata pele se phethahala.

Mosebetsi wa hao ke ho dula ho sona, ho nka assist ka nngwe ntlafatsong ya motho. Ha motho a hlokomela hape, assist e fedile, empa hona ha se pheletso ya ho mo thusa. Ho bolela hore jwale o ka fetela pele ho assists tse ding.

Ho Laola Tikoloho

O ka nna wa tlameha ho kenya taolo ho tikoloho pele assist e ka qala. Mohlala, haeba o ne o etsa assist sepetlele, o tla hloka ho netefatsa hore basebetsi ba tsa bongaka ba ke ke ba o sitisa ha o fana ka assist.

Kakaretso

Assist ena e bonolo e ka kgutlisa bophelo le ho phela ho motho ya neng a akgehile. Ha e etswa hantle, ditholwana e ka ba tse makatsang haholo ka ho fitisisa boo o kileng wa bo bona!

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape