Let us know how it is going
7.‎1 BALA SEHLOOHO

Locational Assist

E nngwe ya assists e bonolo ka ho fitisisa ho fana ka Locational Assist. Locational Assist e etswa ka ho lebisa hlokomelo e tlohile ho motho sebakeng se bohloko sa mmele wa hae kapa mathata a hae le ho tswa hodima dintho tse sebakeng se mo potileng.

E re o batla ho etsa assist ho motho ya nang le bothata bo sa feleng. Ke yona e thata ka ho fetisisa ho etsa assist ho yona. Motho o na le bohloko, empa ha a tsebe hore kae. Ha a tsebe hore keng se mo etsahalletseng. O utlwa bohloko feela. Sebedisa Locational Assist. O tla fumana hore assist ena e tla sebetsa ha assists tse di ke ke.

TSAMAISO

1. Wena le motho e mong le dule kapa le tsamaye, ka lehlakore ka lehlakore, kahare kapa ka ntle.

2. Bolella motho eo o tlo etsa Locational Assist, mme o mo hlalosetse ka bokgutshwanyane hore o tla be o supa dintho mme o mo kope hore a di shebe:

“Ke tlilo o botsa kgafetsa, ho sheba dintho tse fapaneng mona. Ke tla e supa ntho eo ha ke o jwetsa hore o e shebe.”

3. Supa ntho mme o bolelle motho eo:

“A ko shebe (ntho).”

Kgetha dintho tse fapaneng tseo o tla di sebedisa ho taelo. Mohlala, lemati, lebota, sefate, jj.

4. Ha motho eo a entse seo, acknowledge ka “Kea leboha” kapa “Ho lokile” kapa “Ho hantle.”

5. Tswela pele ho fana ka taelo e ntjha nako le nako mme o supile dintho tse fapaneng sebakeng seo. Etsa bonnete ba hore o acknowledge motho eo nako le nako ha a qeta ho sheba ntho eo o mo jwetsitseng hore a e shebe.

6. Tswela pele o etsa sena ho fihlela motho a fadimehile kapa a ena le ntlafatso kapa phomolo ya mofuta o itseng.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape