Let us know how it is going
3.‎1 BALA SEHLOOHO

Contact Assist

Contact Assist e etswa ka ho beha karolo ya mmele e lemetseng hantle le sebakeng seo o lemetseng teng. Ke assist e tlwaelehileng haholo bakeng sa dikotsi le ditemalo.

Karabelo ya mantlha bophelong ke ho qoba dibaka tseo motho a utlwileng bohloko ho tsona. Sena se etswa morerong wa ho pholoha, empa ha e etswe ka monahano o utlwahalang. Mohlala, haeba motho a ka thula tafole mme o intshitse kotsi, o tla atisa ho qoba ho fihla sebakeng seo hape. O ne a tla nahana hore o qoba tafole, empa ha ele hantle o qoba hantle sebaka seo sa kotsi. Le haeba tafole e ka nkuwa, o ne a tla tswela pele ho qoba sebaka seo a lemetseng ho sona. Lena ke lebaka la motheo la Contact Assist.

Nako e tobileng eo ya kotsi kapa ya temalo e leng teng, etsa jwalo ka Contact Assist. E ka latelwa ke mefuta e meng ya assists, empa Contact Assist e lokela ho etswa pele.

TSAMAISO

1. Nka thuso ya pele e hlokahalang mme o hlophise ka tatelano sebaka pele o qala assist.

2. Nka motho eo sebakeng seo kotsi e etsahetseng ho sona. Haeba ntho e tjhesa, o e tlohela e fole pele. Haeba ntho e le ya motlakase, tima motlakase.

3. Bolella motho eo hore jwale o se otla etsa Contact Assist. Ka bokgutshwanyane hlalosa tsamaiso ena:

“Ke tla o kopa hore o tsamaye butle kotsing jwalo ka ha e etsahetse ka teng.”

4. Etsa hore a kene boemong botshwanang a neng a le ho bona pele kotsi e etsahala. Haeba a ne ana le sesebediswa letsohong la hae, kapa a sebedisa e le nngwe, o lokela hore a behe maikutlo a tshwanang le yona.

5. Bolella motho eo:

“Tsamaya butle ka kotsi jwalo ka ha e etsahetse.”

E re a etse hantle se etsahetseng ka nako ya ho lemala ka ho etsa hore a thetse sebaka se nepahetseng ka karolo ya mmele e lemetseng. O mo etsa a thetse ka bonolo ntho e mo utlwisang bohloko.

Haeba o hlabilwe monwana wa hae ke moutlwa o neng o le serapeng sa dipalesa, o etsa hore a thetse ka bonolo karolo e tshwanang ya monwana o le mong o neng o hlabilwe ke moutlwa o tshwanang hantle. Haeba a kwalletse letsoho lemating, wena o tla mo kgutlisa mme, ka letsoho le lemetseng, thetsa sebaka hantle sa monyako, ho etsa motsamao o tshwanang hantle le o etsahetseng ka nako ya kotsi.

Ha ho na ditaelo tse itseng tse amehang le yona. Ho bua hanyane, ho ba molemo ho wena.

6. Ha motho a entse taelo, acknowledge ka ho re: “Kea leboha” kapa “Ho lokile” kapa “Ho hantle.”

7. Pheta sena kgafetsa kgafetsa, nako le nako o pheta taelo le ho acknowledging.

8. Tswelapele ho fihlela bohloko bo ikgethileng ba mmele bo qala ho tsamaya ebe motho o ya hlokomela (kutlwisiso ka tshohanyetso ka ho hong). O tlameha ho etsa hore a thetse ntlha e tobileng ho hlahisa sephetho sena hantle. Ha sena se etsahala, qetella assist ka ho bolella motho:

“Pheletso ya assist.”

TLATSETSO TLHAHISOLESEDING

Se Ke Wa Qobella Motho Eo

Contact Assist e tlameha ho etswa butle ka nako tse ding. Ha re re ngwana o hlabile lesapo la tlhafu motjhining o kutang jwang mme jwale ha a batle ho atamela haufinyana le 100 mitara (tse 30 mitara) ho tloha motjhining o kutang jwang. O ne o tla mo etsa Contact Assist le lesapong la tlhafu le mmele wa hae ka nako eo (dimithara tse 100 ho tloha motjhining o kutang jwang), o mo etsa hore a tsamaye ka tsisinyeho ya kotsi etshwanang.

Butle-butle, wena fokotsa sebaka seo a ikemiseditseng ho se atamela mme qetellong otla ya hodimo mme a etse Contact Assist le motjhini o kutang jwang. Wena ha wa lokela le ka mohla wa hulanya motho eo ka dikgoka wa mo isa sebakeng seo ho lemala kapa kotsi e etsahetseng teng.

“O lemong” Contact Assists

Contact Assists e ka etsahala bong (o le mong), empa mong o lokela ho etsa jwalo ho fihlela bohloko ba mmele bo fela.

Mofuta ofe kapa ofe wa ho lemala o ka sebetswa le Contact Assist. Kamehla ke mofuta o motle wa assist ya ho lemala ha sebaka se nepahetseng se fumaneha. Contact Assists ena le tshebediso e sa lekanyetswang. Ka dinako tse ding di bile le mehlolo—empa di dula di thusa.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape