Let us know how it is going
6.‎1 BALA SEHLOOHO

Assist ya Puisano ya Mmele

Assist ya Puisano ya Mmele e sebediswa ho thusa motho hore a kgone ho theha hape puisano le mmele wa hae.

Assist ya Puisano ya Mmele ha e nke sebaka ka tsela efe kapa efe ho fetola Touch Assist kapa Contact Assist. Ha motho a lemetse kapa a ena le dibaka tse itseng tsa mmele moo assist e hlokahalang, fela Touch Assist kapa Contact Assist e ka etswa.

Assist ya Puisano ya Mmele e sebediswa feela moo motho a seng a sa buisane le mmele wa hae nako e telele, jwalo ka mora hore a kule kapa a lemala, kapa o sa sebetse nako e telele. Empa assist e ka etswa feela kamora hore ho sebediswe hlokomelo ya bongaka e hlokahalang kapa thuso tse ding tse hlokahalang di entswe. Ha e etswe sebakeng sa tse ding.

TSAMAISO

1. Laela motho hore a robale ka mokokotlo wa hae. Diaparo kapa dieta tse thata di lokela ho tloswa kapa di tlamollwe. Ha ho hlokahale ho tlosa diaparo ntle le tse boima kapa tse ngata dintho tsa diaparo (jwalo ka jekete kapa baki).

2. Bolella motho eo hore o tlo etsa Assist ya Puisano ya Mmele mme o mo hlalosetse ka bokgutshwanyane tsamaiso ena. Mo jwetse hore o tla be o mo kopa hore “Utlwa matsoho a ka” le hore o tla o tsebisa nako le nako ha a entse jwalo:

“Ke tla be kentse ke o botsa kgafetsa, hore o utlwe matsoho a ka. Nako le nako ntsebise hore o entse jwalo.”

3. Bolella motho, “Kwala mahlo” mme acknowledge ka ho re “Kea leboha” ha a etsa jwalo:

“Kwala mahlo a hao.”

“Kea leboha.”

4. Beha matsoho a hao mahetleng a motho eo o motshware ho tiileng empa e le bonolo. Lekola le motho eo hore o phutholohile ka yona.

5. Fana ka taelo “Utlwa matsoho a ka.” Kamehla fana ka ditaelo pele, ebe o beha matsoho:

“Utlwa matsoho a ka.”

Se ke wa beha matsoho ebe o fana ka taelo; seo se tla be ele ho kgutlela morao.

6. Ha motho a bontsa hore o entse taelo, acknowledge ka ho re, “Kea leboha” kapa “Ho lokile,” “Ho hantle” kapa “Ho lokile,” jj.

7. Tswela pele ho fana ka taelo, ho mothetsa le ho acknowledging motho eo a bontsha hore o entse taelo.

8. Tswella tlase mmeleng, ka hodima sefubeng, mahlakore a sefuba, matsoho ka mahlakoreng a mabedi a mpa (karolo e tlase ya mele moo mpa e leng teng) le thekeng.

9. Ka letsoho le le leng, potoloha mpa ka ho le letona (ho le letona hobane ena ke tataiso ya phallo ya mothapo o moholo). Mala ke tjhupu e telele e tsamaisang ditshila tse tswang ka mpeng ho dintsha mmeleng.

Ha o sebedisa letsoho le le leng ho potoloha mpa, taelo ke “Utlwa letsoho la ka.”

10. Tswela pele ka matsoho a mabedi ho e nyane ya mokokotlo, nngwe lehlakoreng ka leng, mme phahamise ka tiiso.

11. Beha letsoho hodima lehlakore la serope le ka kgatello e tiileng ho dikarolo tsena tsa mmele.

12. Ka matsoho a mabedi, theohela leotong le leng ho ya ho lengole, ebe o theohela leotong le leng ho ya ho lengole.

13. Ka matsoho a mabedi jwale theohela leotong le leng ho tloha mangoleng ho ya menwanang. Ebe o theoha leoto le leng ho tloha mangoleng ho ya menwaneng.

14. Sebetsa phallo e yang hodimo mahetleng ka matsoho ka bobedi, ho tloha menwaneng ho ya mangoleng ho maoto ka bobedi.

15. Nyoloha leoto le le leng ho tloha mangoleng ho ya lehlakoreng la letheka ebe o nyoloha leoto le leng ka tsela e tshwanang.

16. Beha letsoho hodima letheka ka leng ka kgatello e tiileng.

17. Tswela pele ka matsoho a mabedi ho e nyane ya mokokotlo, ha ngwe ka lehlakoreng ka leng, mme phahamise ka tiiso.

18. Potoloha mpa ka letsoho le le leng jwalo ka ha o ntse pele ka tataiso ya ho le letona.

19. Tswela pele ho nyoloha mmeleng, ka matsoho ka mahlakoreng a mabedi a mpa lethekeng, mahlokoreng a sefuba, ka hodima sefuba.

20. Theoha ka letsoho ka leng mme o tswe menwaneng.

21. Beha matsoho ka bobedi ka mora molala, ha nngwe ka lehlakoreng ka leng.

22. Beha matsoho mahlakoreng a sefahleho, phatleng, ka mora hlooho le mahlakore a hlooho.

23. Tswela pele ho beha matsoho a hao maemong a fapaneng hole le hlooho ho ya dipheletsong tsa mmele.

Ho bewa matsoho ka mefuta e mengata ho ka etswa, ​​ho qojwa, ehlile ka dibaka tsa botona kapa dibono ho tsa botona le tsa botshehadi le matswele a basadi. Tswela pele ho nyoloha le ho theosa le mmele mme ka mehla o be hole le hlooho ho ya dipheletsong.

24. Haeba ka nako e nngwe o lemoha hore hona le se etsahalang ka motho eo (ho phomola ha nako e telele ha a araba, bohloko ba mmele kapa ho hlonama kapa tsitsinyo ya mmele, phetoho e fokolang ya mmala sefahlehong) botsa “Ho etsahetseng?”

Motho o tla hlalosa se sa tswa etsahala kapa se etsahalang. Tlohela matsoho a hao maemong, ka kgatello e tshwanang hantle, ha a ntse a bua. Acknowledge mme o tswelepele ka assist.

Assist ya Puisano ya Mmele e tswela pele ho fihlela motho a elellwa kapa a phuthuloha a ba le phomolo ho tse ding. Mothating ona, o re “Kea leboha” ebe o qetella ka ho reng:

“Pheletso ya assist.”

Ha o sitise puisano kapa ho hlokomela, empa tlohela motho hore a qete seo a se buang pele o qetela.

Assist ha ya lokela ho tswelapele ka mora ho hlokomela kapa phomolo.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape