Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Mokgwa wa ho Rarolla Dikgohlano

Ka dinako tse ding batho ba na le bothata ba ho utlwana.

Ka lebaka le itseng le sa tsejweng, batho ba babedi bao ho bonahalang eka ha ba entse eng kapa eng ho e mong ba ka ba fumanwa ka tshohanyetso menahanong. Ha o leka ho rarolla dintho tse kgopisang, ho sa tsotelehe seo o se etsang ho ba thusa, kgohlano e ke ke ya fela.

Banyalani ba bonahala ba ntse ba phetse hantle, ebe ka tsatsi le leng ba qala ho ngangisana le ho fumana diphoso tsa bona. Ha e bonahale eka e ka kgona ho rarolleha, ho sa tsotelehe hore na ho etswa eng ho leka ho e rarolla. Lenyalo le a qhalana ebe le qetella ka tlhalano.

Mme ebe re bala ka dinaha tse pedi tseo ka tshohanyetso di qalang kgohlano e fetohang ntwa. Batho ba a bolawa mme ho na le masisapelo a mangata, empa ha ho motho ya bonahalang a utlwisisa hore na qalo ya kgohlano e ne e le eng le hore na hobaneng. Ho bonahala eka ha e ka kgona ho rarolleha.

Ho etsahalang? Na ke se seng se etsahalang, ho sa tsotelehe hore na re etsang? Na ke pheletso? Na ke ntho e ke keng ya utlwisiswa kapa ya rarollwa? Tjhe. Ha se e nngwe ya tsena. Ka sebele ke ntho e ka utlwisiswang, e ka rarollwang le ho rarollwa ka botlalo.

L. Ron Hubbard o ile a sibolla dintho tse ngata tse makatsang ka dikgohlano. O fumane hantle e nngwe le e nngwe ya dipakeng tsa batho, dihlopha esita le ditjhaba—mme o ile a sebetsa mehato e hlakileng le e bonolo ho rarollae nngwe le e nngwe ya tsona.

Thutong ena, o tla ithuta lebaka la dikgohlano tsohle mme o ithute ho sebedisa disebediswa ho di rarolla, ho tlisa kgotso le thabo bophelong ba hao le maphelong a ba bang.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Tharollo ya Dikgohlano

Disosa tsa pefo le kgohlano hara batho le ditjhaba ho ithutilwe ka tsona nako e telele haholo.

Ditjhaba tse ngata tse kgolo tseo e neng e le setsi sa lefatshe, jwalo ka Egepeta ke kgale di ne di nyamele leroleng. Moo pele ba neng ba le mafolofolo haholo, ha ho na letho le etsahalang kajeno. Dithako tsa metse e kileng ya eba meholo e bontsha hore ho bile le dikgohlano tse ngata nakong e fetileng. Leha e le ka mosebetsi le bohlale bohle (tsebo) le ditakatso tse ntle tsa batho, nalane ya motho e ahilwe kgohlanong. Ka hona, ho tlameha ho ba le ho hong ho sa tsejweng mabapi le hore na ke hobaneng ha kgohlano e etsahala.

Ho fumanwe hore ho na le molao o tsamaellanang le dikgohlano tsohle.

Molao ho bonahala e ka hona:

MOTHO WA BORARO O LOKELA A BE A LE TENG MME A SA TSEBAHALE HO QABANG E NNGWE LE E NNGWE HORE KGOHLANO E BE TENG. Qabang ke kgang e akgang kgalefo kapa ntwa mme kgohlano ke ho hloka kutlwano kapa kgang, ha ngata e tswelang pele nako e telele. Mokga ke motho mme le Mokga wa Boraro ke motho wa boraro kgohlanong e pakeng tsa batho ba babedi. Ha se karolo ya kgohlano pakeng tsa batho ba babedi, empa ke yena ya e bakang.

Kapa

HORE QABANG E BE TENG, MOKGA WA BORARO O SA TSEJWENG O HAKETSE KA HO E HLAHISA PAKENG TSA BATHO BA BABEDI BA HANYETSANANG.

Kapa

LEHA HANGATA HO NA LE TUMELO E TLWAELEHILENG YA HORE NTWA E KA BA YA BATHO BA BABEDI, MOKGA WA BORARO O LOKELA HO BA TENG MME O TLAMEHA HO E NTSHETSA PELE HORE KGOHLANO YA NNETE E ETSAHALE.

Ho bonolo haholo ho bona hore batho ba babedi ba qabaneng ba a lwana. Ba bonahala haholo. Ho thata ho bonahala kapa ho nahana hore ho etsahetseng ke hore Mokga wa Boraro o teng mme o bakile qabang.

Mokga wa Boraro hangata ke motho eo ho seng motho ya nahanang hore o teng le hore ke mang ya sebakeng seo empa a hana seabo sefe kapa sefe sa kgohlano. Mokga ona wa Boraro o patehileng, ka dinako tse ding o bonahalang eka o tshehetsa lehlakore le le leng feela, ho tla fumanwa hore ke yena ya bakileng kgohlano pele.

Molao wa Mokga wa Boraro o bohlokwa ho rarolla dikgohlano dikarolong tse ngata tsa bophelo. Rarolla ho bolela ho rarolla bothata.

Ke sesosa sa ntwa.

E mong o bona batho ba babedi ba tjodietsana mabitso a mabe, ba lwana ba bile ba otlana. Ha ho motho e mong ya haufi. Hantlentle ke bona, ba bakile ntwa, ho jwalo? Nnete ke hore Mokga wa Boraro o qadile kgohlano pele banna ba tlisa kotsi.

Ho fumana hore na ntwa e qadile jwang, o tla fumana lesedi le makatsang leo ho leng thata haholo ho le dumela. Seo ke bothata. Ha ho na le ntho e makatsang, ha ho bonolo ho e dumela. Mokgwa o mong wa ho pata dintho ke ho etsa hore di makatse.

Mohlala, Mosebetsi A le Mosebetsi B, ba ntse ba phehisana kgang. Ba a lwana. E mong o beha e mong molato. Bobeding ba bona ha ho ya nepileng kahoo kgang ha e rarollehe kaha sesosa sa yona sa nnete ha se fumanwe.

Motho o sheba taba e jwalo ka botlalo. O fumana ntho eo ho leng thata ho e dumela. Mosadi wa Mosebetsi A o robetse le Mosebetsi B mme o tletleba ho e mong le e mong wa bona ka e mong.

Mohlala o mong ke Molemi J le Morui wa mehlape K, ba qetileng dilemo ba lwana ntwa ka kgohlano e bang teng kgafetsa. Ho na le mabaka a ntwa a bonahalang a utlwahala. Empa e ntse e tswelapele ebile ha e rarollehe. Ha o batla ka hloko o fumana Mokga wa Boraro, Rabanka L, eo, ka lebaka la tjhelete eo Molemi J le Morui wa mehlape K ba lahlehetsweng ke yona ntweng, o kgona ho ba kadima tjhelete lehlakore ka leng. Ka hona, ntwa e ntse e tswelapele. O tla fumana naha ya bona ka botlalo haeba ka bobedi ba lahlehelwa.

O ka sheba kgang ya motho, dikgohlano tsa sehlopha esita le dintwa tsa naha mme o tla fumana Mokga wa Boraro haeba o batla ka thata. A ke ke a belaellwa ke batho ka bobedi ba lwanang kapa, haeba a belaelwa, o nahanwa e le ya sa lebellwang. Leha ho le jwalo, ditokomane tse hlokolosi di qetella di fumane hore ke nnete.

Tlhahisoleseding ena e na le thuso haholo.

Ha banyalani ba phehisana kgang, tsela e nepahetseng ya ho sebetsana le sena ke ho etsa hore batho ka bobedi ba batle le ho fumana Mokga wa Boraro. Ba ka tla ka mabaka a mangata a kgang qalong. Mabaka ana ha se batho. Na o batla Mokga wa Boraro, motho wa sebele. Ha bobedi ba bona bo fumana Mokga wa Boraro mme ba dumela hore ke nnete, e tla ba pheletso ya qabang.

Ka nako tse ding mekga e mmedi, e qabanang, e tla kgetha motho ya fosahetseng ka phoso ho mo beha molato. Sena se emisa qabang, empa kaha ha se Mokga wa Boraro, kgohlano ha e fele empa se teng, ka mora nakwana, ho ba le diqabang tse ngata. Ena ke tsela eo o ka tsebang hore na o fumane Mokga wa Boraro o nepahetseng.

Ditjhaba tse pedi tse lwanang di lokela ho kopana le ho fumana Mokga wa Boraro wa nnete. Ba tla dula ba fumana o le mong haeba ba sheba, mme ba ka fumana o nepahetseng, jwalo ka ha o tla fumanwa o le teng.

Ha batho ba babedi ba fumana Mokga wa Boraro o nepahetseng, ha ba lwane le motho eo. Hangata ba a mo qoba.

Ntho tse kwatisang lenyalong di atile. Manyalo a ka bolokwa ke batho ka bobedi ba batlisisang hantle hore na ke mang ya bakileng dikgohlano qalong. Ho ka nna ha ba le (nalaneng yohle ya lenyalo) Mekga ya Boraro e mmalwa, empa o le mong ka nako.

Diqabang pakeng tsa motho a le mong le mokgatlo hangata di bakwa ke Mokga wa Boraro kapa sehlopha sa boraro. Mokgatlo le motho ya amehang ba lokela ho kopana mme ba kgetholle Mokga wa Boraro ka ho bua le ho bontshana tlhahisoleseding yohle eo ba e fuweng mabapi le bona ka bobedi.

Mebuso le batho ba nkang karolo merusung le bona ba ka kgutlisetswa tumellanong haeba ho fumanwa motho ho emela lehlakore le leng le le leng mme ba jwetsane seo ba se jwetsitsweng le hore ba se jwetsitswe ke mang.

Hangata dipuisano tse jwalo di fetoha moo ho qosanwang le ho beha e mong molato. Ba tlameha feela ho bolela se boletsweng ke batho ba bang, kahoo ba ka atleha ho fumana Mokga wa Boraro.

Molao wa Mokga wa Boraro ha o bolele hore ha ho na maemo a mabe a ka bakang kgohlano. A teng. Empa hangata tsena ho kgonwa ho sebetsana le tsona ka seboka ntle le haeba ho na le Mokga wa Boraro o etsang hore kgohlano e tswelepele.

Nalaneng, ka nako tse ding re ba le maikutlo a fosahetseng a nakong e fetileng ha a bolelwa ke batho ba babedi ba behanang molato mme Mokga wa Boraro o bakang kgohlano ya bona ha o so ka o bonwa kapa o hlokomelwa. Ha re bua ka sesosa sa ntwa le se neng se patilwe kamora tsona, re lokela hore ebe re re ke Mekga ya Boraro.

Ha ho na dikgohlano tse ke keng tsa rarollwa ntle le haeba batho ba di bakileng—Mokga wa Boraro—ba dula ba patehile.

Ona ke molao wa tlholeho.

Ho bohlokwa ho o tseba.

O sebedise ho kgohlanong efe le efe kapa sebakeng seo o lekang ho tlisa kgotso.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape