Let us know how it is going
4.‎1 BOIKWETLISO BO SEBETSANG

Kabelo e Sebetsang

Dikabelo Tse Sebetsang

Hlokomela: Dihlahlobo tsena tsa ho qetela ke tsa boikgethelo. Ha o qobellwe ho di etsa. Ba kenyeleditse mona hore o di etse ho o thusa ho fumana kutlwisiso e eketsehileng le bokgoni ba ho sebedisa disebediswa tsa thuto.

Sebedisa dipotso tse thathamisitsweng sehloohong sena “Mokgwa wa ho Fumana Mokga wa Boraro” ho rarolla kgohlano pakeng tsa batho ba babedi ka ho etsa tse latelang:

1. Fumana motho, banyalani kapa sehlopha se kileng sa ba le kgohlano e ke keng ya rarolleha.

2. Buisana le batho ba amehang mme o fumane dikarabo tsa dipotso tse thathamisitsweng atikeleng, ena “Mokgwa wa ho Fumana Mokga wa Boraro.” Ngola dintlha mme o thathamise mabitso ohle ao ba o fang wona.

3. Ha o qetile ho etsa inthaviu mme o na le bonnete ba hore o fumane dikarabo tsohle tsa dipotso tsa hao, bala palo ya makgetlo ao mabitso a ka hlahellang lenaneng leo o le entseng.

4. Bolella batho ka bobedi bao o neng o ntse o buisana le bona ka inthaviu lebitso la motho ya hlahellang makgetlo a mangata ho mokgwaritsong wa hao. Bolella motho kapa banyalani kapa sehlopha hore na Mokga wa Boraro ke mang. Haeba kgohlano e rarolleha, e tla ba ke phetho.

5. Haeba kgohlano e sa rarollehe mme e ntse e le teng pakeng tsa batho ba amehang, pheta mehato e boletsweng ka hodimo ho fihlela o kgona ho hlwaya Mokga wa Boraro ya nepahetseng mme kgohlano e tla rarolleha.

HLOKOMELA: Pheta ketsahalo ena hangata kamoo ho hlokahalang hore o be o phutholohe ka botlalo ka tsamaiso.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape