Let us know how it is going
2.‎1 BALA SEHLOOHO

Ho Sibolla ho Eketsehileng

Taba ya bohlokwa eo o lokelang ho e ela hloko ha o fumana Mokga wa Boraro ke ditlaleho tse fosahetseng. Ditlaleho tse fosahetseng ke dipolelo tse ngotsweng kapa tse buuwang tse nang le mashano.

Ho fumanwe hore Mokga wa Boraro hohang o ka tlodiswa mahlo hobane motho eo o phatlalatsa ditlaleho tse fosahetseng ka batho ba bang.

Mohlala, haeba motho a etsa phoso mme a leka ho itshireletsa kgahlanong le ho qoswa, o beha molato ho motho e mong ebe motho eo o kena mathateng mme Mokga wa Boraro wa sebele o dula a patehile.

Mokgwa wa ho sebetsana le sena ke ho etsa hore motho ya qositsweng ka ho etsa ntho e fosahetseng a bolellwe kapa a fuwe tlhahisoleseding ke motho ya mo qosang hore a be le monyetla wa ho paka hore ke nnete kapa ke leshano.

Ka tlase ho Mokga wa Boraro o tshwenyang e le ka nnete diketso tsohle ke ditlaleho tse fosahetseng. Ditlaleho tse fosahetseng di ka kenyelletsa temoho e fosahetseng—motho ya “bonang” ntho e seng teng mme a e tlaleha e le nnete.

Ho thibela motho ho qoswa ka leshano, motho ofe kapa ofe ya nang le taolo sehlopheng ha a lokela ho amohela qoso mme a nke bohato ntle le dipatlisiso tsa hae ho lekola hore na qoso ke nnete kapa ke ketso ya Mokga wa Boraro. Sena se tla thibela kotlo ya batho ba sa etsang letho le fosahetseng.

Ho sireletsa motho ya tshepahalang, nako efe kapa efe ha motho a fana ka tlaleho e mpe ka mang kapa mang, tlaleho e lokela ho hlahlojwa ho netefatsa hore ke nnete.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape