Let us know how it is going
3.‎1 BALA SEHLOOHO

Mokgwa wa ho Fumana Mokga wa Boraro

Mokga wa Boraro ke motho ya bakang mathata dipakeng tsa batho ba babedi, ho motho le ho sehlopha, kapa ho sehlopha se seng ka ho jala tlhahisoleseding e fosahetseng.

Sepheo sa dipatlisiso ke ho fumana hore na ke mang ya neng a ntse a jala ditlaleho tse fosahetseng hore a bake dikgohlano pakeng tsa batho kapa dihlopha. Ho fumana Mokga wa Boraro, o tlameha ho botsa ba nang le dipotso tsa kgohlano tse kang ena:

    1. Na o kile wa bolellwa hore o ne o sa ratwe, o sa amohelwe kapa o le mathateng?
    2. Ho ne ho thweng?
    3. Ke mang ya di buileng?
    1. Na o kile wa bolellwa hore ho na le motho ya mobe?
    2. Ho ne ho thweng?
    3. Ke mang ya di buileng?
    1. Na o kile wa bolellwa hore ho na le motho ya neng a etsa phoso?
    2. Ho ne ho thweng?
    3. Ke mang ya di buileng?
    1. Na o kile wa bolellwa hore sehlopha se sebe?
    2. Ho ne ho thweng?
    3. Ke mang ya di buileng?

O lokela ho botsa feela ka sebaka seo o lekang ho fumana Mokga wa Boraro. Mohlala, pampiring ya hao ya dipotso, o tla botsa, “Mosebetsing wa hao, na o bolelletswe hore o ne o sa ratwe, o sa amohelwa kapa o le bothateng?” kapa “Lenyalong la hao ______?” kapa “Lelapeng lena, ______?” jj.

Potso e kanna ya ba le dikarabo tse ngata, ka hona, siya sebaka se lekaneng hore motho a arabe potso e nngwe le e nngwe.

O tla fumana hore lebitso le le leng le hlahella hangata ho feta a mang kaofela.

Ka ho latela tsamaiso ena, o tla fumana hantle hore na ke mang ya bakileng dikgohlano pakeng tsa ditho tsa lelapa, metswalle, basebetsimmoho le dihlopha mme o tla kgona ho rarolla dikgohlano tseo hore ba phele le ho sebetsa ka kgotso.

Ha ho so ka ho ba le tharollo ya dikgohlano tse kang ena pele ho Scientology. Ke tharollo ya mathata a mangata le ditshita tse ileng tsa tshwenya banna ka nako e telele.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape