Let us know how it is going
4.‎1 BALA SEHLOOHO

Organizing Board

Karolo ena e o bontsha Organizing Board kapa Org Board ka bokhutswanyane. E thehilwe qalong hore e sebediswe ke mekgatlo ya Scientology. E fetotswe hore o ka e sebedisa mosebetsing ofe kapa ofe, khampani kapa mokgatlo. Boto ena e ka sebediswa ke mokgatlo o monyane haholo kapa ke o nang le batho ba dikete ntle le phetoho. Ho dula maemo a fokolang kapa ho feta. Ke yona feela phetoho. Ho feta moo, e ka sebediswa ke motho ho hlophisa bophelo ba hae le ho bo ntlafatsa.

Kakaretso

Organizing Board e arotswe dikarolo tse supileng tse fapaneng tse bitswang dikarohano. Tsena di balwa 1 ho isa ho 7. Engwe le engwe e etsa mesebetsi e hlokahalang ho hlahisa sehlahiswa se ikgethileng ho karohano eo.

Bakeng sa efe kapa efe mokgatlo hore o atlehe, kaofela mesebetsi yohle e kwahetsweng ke mabitso ana a karohano e tlameha ho etswa. Tsena ke: Motsamaisi, Puisano, Phatlalatso, (kgothaletso le papatso ya ditshebeletso le dihlahiswa tsa mekgatlo), Letlotlo, Thlahiso, Ditswaneleho, (ho netefatsa boleng ba ditshebeletso kapa dihlahiswa tsa mokgatlo), le Setjhaba (ho tsebisa setjhaba se setjha ka ditshebeletso le dihlahiswa tsa mokgatlo).

Mokgatlo o haellwang karohano e le nngwe kapa tse mmalwa ho tsena o tla hloleha.

Le ha boto ya karohano ya bosupa e bonahala e na le dikarohano tse ngata tse ka lekanang sehlopha, se seholo feela, howa etsahala, jwalo ka ha ho boletswe kahodimo, e lekana mokgatlo ofe kapa ofe boholo bofe kapa bofe.

Organizing Board ena e kentswe ho tloha ka letsohong le letshehadi mme e tswela pele ka ho le letona, ho qala ka Karohano 1 le ho fetela pele ka dikarohano ho ya Karohano 6 le ho tswa. Motho kapa phatsa ha e phalle Karohano 7. Karohano ena e hokahanya mesebetsi ya mokgatlo kaofela, ho bolelang hore e bona hore batho le dikarohano ba sebetse mmoho ka katleho.

Mohlala, nka salunu e kgolo e setaelang moriri:

Mosadi o kena ka saluning mme o dumediswa ke moamohedi wa baeti ya leng lefapheng la Karohano ya Dikhokahanyo.

Moreki a ka ba le dipotso mabapi le ditshebeletso tsa saluni mme a lebiswa ho e mong wa basebetsi ba saluni ho hlalosa mekgwa e fapaneng ya setaele e etswang ke saluni—ho taka, ho kuta, jwalo-jwalo. Motho eo o ne a tla ba lefapheng la Karohano ya Phatlalatso.

Tefo e etswa ho mokoki wa tjhelete lefapheng la Karohano ya Letlotlo.

Ebe moreki o bona motho o staelang meriri ka Karohano 4, Karohano ya Tlhahiso, a be a staelang meriri ya hae.

Pele a tsamaya, e mong wa basebetsi, ba sebetsang Karohano ya Setjhaba salunung, o mo jwetsa ka ho ikopanya le metswalle ya hae ho ba bolella ka saluni mme o fana ka theolelo ho tumellano ya hae e latelang haeba e mong wa metswalle ya hae a tla ditshebeletsong tsa saluni.

Kahoo moreki enwa o tsamaile mohato ka mohato ka Org Board ya saluni. Tshebediso e tobileng ya Org Board ena ho lekana mokgatlo wa boholo bofe kapa bofe e ka bonwa habonolo.

Mesebetsi e etswang ke karohano ka ngwe ya Org Board e arotswe ka lefapha la mabenkele, hangata e le 3 ka palo, e etsang mashome a mabedi a motso o le mong-ka kakaretso. Lefapha ka leng le na le sehlaiswa kapa dihlahiswa tse itseng, tseo ha di kopanwang hammoho, di hlahisang sehlahiswa se akaretsang sa karohano.

Mohlala, lefapha la Karohano ya Dipuisano le na le sehlahiswa sa ho qetela se sebetsang hantle, tlhahiso le boitswaro basebetsi. Boitswaro mona ho bolela ho etsa se nepahetseng le se molemohadi bakeng sa sehlopha le bohle ba amehang.

Lefapha la pele ha karohano ena ke Lefapha la ho Tsamaisa Ditsela le Basebetsi. Le tsamaisa basebetsi ba batjha mesebetsing eo ba e abetsweng. E na le sehlahiswa sa basebetsi ba sebetsang ba fuwang maemo kapa mesebetsi mme ba kwetliseditswe ho etsa mosebetsi wa bona. Mesebetsi e meng ya lefapha lena e tjena:

  • hira basebetsi;
  • e sebetsa ka mokgwa o nepahetseng wa ho sebedisa basebetsi ba seng ba ntse ba le teng mme ba ba behile ka nepo ho Org Board ho thusa kgolo wa mokgatlo;
  • fumana basebetsi ba batjha le ba seng ba ntse ba le teng hore ba ithute dikatiba tsa bona mme ba ithute (ho sebetsa tlasa motho ya nang le boiphihlelo) ho etsa mesebetsi ya bona.

Lefapha la bobedi ke Lefapha la Dikgokahano, le sebetsana le dikgokahano tsohle tse kenang le tse tswang mokgatlong, hammoho le puisano dipakeng tsa basebetsi ba mokgatlo. Sehlahiswa sa yona ke dikgokahano tse amohelwang habonolo ebile di tliswa kapele. E etsa tse latelang:

  • araba mehala ebe o lebisa mehala ho motho ya nepahetseng;
  • o amohela mangolo a kenang mme ka potlako a abele basebetsi ba mokgatlo;
  • etsa bonnete ba hore mokgatlo o romella puisano ho batho ba etsang kapa ba ka etsang kgwebo le yona;
  • theha sistimi ya puisano ya mokgatlo hore basebetsi le batsamaisi ba yona ba ka romellana le ho amohela melaetsa.

Lefapha la Ditlhahlobo le Ditlaleho, tse nang le sehlahiswa sa boitswaro, ba hlahisa basebetsi, ke lefapha la boraro. E etsa tse latelang:

  • hlokomela merero ya mokgatlo ofe kapa ofe le ho tlaleha tswelo pele ya bona ho batsamaisi kahoo, moo ho hlokahalang, ho ka nkuwa mehato e nepahetseng ho lokisa mathata;
  • bokella mme o boloke dipalo-palo tsa mokgatla. Dipalo-palo ke tekanyo yaboleng ba dihlahiswa tse fapaneng tse hlahiswang ke mokgatlo beke le beke. Batsamaisi ba sheba sena mme ba nka kgato efe kapa efe e hlokahalang ho ntlafatsa tlhahiso le katleho;
  • bona hore ho na le boemo bo phahameng ba boitswaro ka hara mokgatlo.

Dipuisano Karohano ya Org Board e shebahala tjena:

Karohano ka nngwe e latela sebopeho se tswanang le hlooho e arohaneng le mafapha a mararo lefapha ka leng le nang le hlooho ya lefapha. Phetolelo e nolofaditsweng ya Org Board ya Dikarolo tse Supileng ya latela. E hlalosa tshebetso ya dikarohano ka moo e ka sebediswang ke mokgatlo o fe kapa ofe, khampani kapa sehlopha.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape