Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Metheo ya Tlhophiso

Bohle re ya bona hore haeba dintho di ne di hlophisitswe hantle, batho ba ka be ba phela ha monate. Kaofela re bile le boiphihlelo ka kgwebo kapa mmuso, sekolo kapa sehlopha se neng se sa hlophiseha hantle mme ra kena pherekanong, ho dieha le ho ferekana ho leka ho sebetsana le pherekano ena.

Ho leka ho qala ho hong—leano, mohopolo o mong o motjha oo o neng o ena le wona, mohlomong ho qala kgwebo e ntjha—ntle le mokgatlo e ka ba taba e ditorong. Mokgatlo ke ona o etsang hore katleho ya botho e kgonehe kgwebong, bophelo ba lelapa, boithabiso le mesebetsing efe kapa efe ya sehlopha eo o ka nkang karolo ho yona. Ho fihlela dipheo tsa hao, ho sa tsotelehe hore na di kgolo ha kae kapa di nyane, o hloka ho tseba ho hlophisa dintho.

Thutong ena, o tla ithuta melao e akaretsang ya tlhophiso, ho sebedisa tsena le mehato eo o ka enkang ho hlophisa bophelo ba hao, sehlopha, mokgatlo kapa kgwebo. Ka ho ithuta le ho sebedisa tlhahisoleseding ena, o tla kgona ho fumana katleho e kgolo mesebetsing.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Mokgatlo Ke Eng?

Haeba o leka ho etsa ntho e itseng, o ka kena mathateng haeba o sa tsebe ho hlophisa tshebetso, morero kapa khampani eo o nang le yona le eo o e tsamaisang.

Lentswe hlophisa le bolela ho hlophisa dintho le diketso ho tlisa seo motho kapa sehlopha e se batlang.

Mokgatlo ke karohano ya diketso le mesebetsi e fapaneng e le hore di kgethehe. E ikgethang e bolela hore mefuta e ikgethileng ya diketso, mesebetsi e behilwe sehlopheng se le seng mme mefuta e meng ya diketso, kapa mesebetsi di beilwe ka sehlopheng se seng jwalo-jwalo.

O ka hlophisa diketso tse mmalwa ho inkela. Ho etsa sena, o tla qala ka ho bona se lokelang ho etswa. O ne o tla etsa seo o ka se kgonang pele. Ebe o tla tswela pele ho etsa dintho tse ding kaofela tseo o neng o hloka ho di etsa ka moo o neng o kgona.

Ka ho etsa mehato ena, otla tseba ho kgona ho qeta seo o se qadileng.

Sehlopha se ka hlophiswa e le hore setho se seng le se seng sa sehlopha se ka phethela diketso tsa sona tse kgethehileng. Diketso tsena tse nyane di eketsa sehlahiswa sa hoqetela se fedile.

Le sehlahiswa ke ntho e phethilweng e ka fapanyetsanwang. Phapanyetsano e bolela ho fana ntho ya bohlokwa bakeng sa ntho ya bohlokwa. Ena e kaba tshebeletso kapa ntho efe kapa efe. Sehlahiswa se fetoha sehlahiswa ha se iswa ho motho e mong kantle ho mokgatlo. Kapa se ka fetisetswa ho setho se seng ka hare ho mokgatlo.

Ka tsela ena, sehlopha se ka fihlela morero wa sona o moholo o akaretsang—jwalo ka ho etsa ntho e itseng kapa ho fana ka tshebetso.

Ho na le phapang dipakeng tsa ho bona hore batho ba etsa mesebetsi ya bona le ho etsa mosebetsi ka bowena. Batho ba bang bana le bothata ka sena. Molaodi wa mosebetsi ka dinako tse ding ha a tsebe ho e hlophisa. Kahoo o leka ho etsa tsohle a le mong. Ho etsa ka boyena, sehlopha sa hae se tla qhalana mme a hlolehe. Hobaneng? Hobane batho bohle ba mosebetsing, hona jwale ha ba na mosebetsi kapa mesebetsi eo ba lokelang ho e etsa. Mesebetsi ya bona e nkuwe ke molaodi.

Ke nnete hore motho ya nang le boiphihlelo ka ho etsa ho hong a ka kgona ho e etsa betere. Leha ho le jwalo, ha ho motho a ka etsang ho feta seo a ka se etsang. Empa sehlopha se hlophisitsweng-hantle se ka etsa bongata ba mosebetsi o etswang ke motho a le mong feela.

Motho ya nang le tsebo e ngata ya ho etsa ntho e itseng a ka nyahama hobane batho ba mo sebeletsang ha ba etse seo a neng a lebelletse hore ba se etse. A ka nna a leka ho e etsa dintho kaofela a le mong sebakeng sa ho hlophisa sehlopha ba kopane mme ba sebetsa ka katleho mmoho.

Haeba sehlopha sa hao se sa atlehe ka tsela eo o e batlang mme batho ba hao ba sa etse mesebetsi ya bona ka tsebo, o tlameha ho nka mehato e mmedi:

  1. Sebetsana le bothata boo hanghang
  2. Hlophisa sehlopha sa hao ho sebetsana le dintho tse jwalo le ho etsa mesebetsi ya bona

O ka kgomarela ho palo ya 1, e ka hodimo. Haeba o ka kgomarela o leka ho sebetsana le bothata kapele, o ka lebella ho ba le mathata mme o ikutlwe o sithabetse. Ke hobane le wena o hlolehile ho etsa nomoro ya 2, hlophisa sehlopha sa hao.

Kahoo ho hloleha ho hoholo ha sehlopha leha e le sefe ke ho se kgone ho hlophisa.

Lebaka le ka sehlohong la hose hlophise ketsahalo, khampani, esita le lelapa, ke ho se utlwisisi ho hlophisa.

Mohlala, motsamaisi o bolellwa hore ke yena molaodi ya bonang hore Morero X o fedile. Ha a tsebe haholo ka yona. O na le basebetsi ba babedi ba tsebang. Ntho e fosahetseng ke ho leka ho etsa Morero X ka boyena. Kapa ho fana ka ditaelo tse ngata tse senang kelello.

Ntho e nepahetseng eo motsamaisi enwa a ka e etsang ke ho nka mohiruwa ya tsebang haholo ka seo a lokelang ho se etsa mme a mofe motho e mong jwalo ka mothusi. Ebe o ba jwetsa hore ba sebetse morero ha mmoho. Jwale motsamaisi o tlameha ho ithuta haholwanyane ka Morero X a sa sitise basebetsi ba etsang morero.

Hang ha motsamaisi a ithutile ka morero, a ka bona hore o entswe le hore o entswe hantle. Empa a ntse a dumella basebetsi bao a ba behileng morerong hore ba o phethe.

Haeba o na le morero oo o batlang ho o etsa, tsela ya ho e etsa ke yena:

Qala ho bokella tlhahiso-leseding ka dintho tsohle tse tla ba teng morerong.

Ebe o hlophisa sehlopha mefuta e tshwanang ya diketso tse hlokwang bakeng sa morero hore ebe mosebetsi o le mong.

Jwale fana ka mesebetsi ena ho batho hore ba e etse.

Hang ha o file batho mesebetsi, theha mekgwa ya puisano puisano ho tsamaya dipakeng tsa ditho tsa sehlopha.

Fa sehlopha disebediswa tseo ba di hlokang ho etsa mesebetsi ya bona.

Hlophisa puisano le tshebedisano mmoho le batho ba bang, dihlopha kapa mekgatlo ka moo ho hlokahalang hore morero o etswe.

Kamora hore tsohle di etswe, ntho e lokelang ho etswa ke ho tlohella ditho tsa sehlopha hore di phathahane ka ho etsa mosebetsi wa tsona.


Mosebetsi ofe kapa ofe, ho sa tsotelehe e nyane hakae, e tlameha ho hlophiswa.

Molaodi e mong le e mong o tlameha ho hlophisa diketso kapa mesebetsi e mengata e lokelang ho etswa hape a kgone ho sebetsa a le mong mme a phethe mosebetsi.

Ka ho sitwa ho etsa jwalo, molaodi o tla fumana tjhelete e nyane haholo mme a sebetse ka thata. Ditho tse ding tsa sehlopha di tla ripitlellwa.

Ho na le sehloho se bitswang mokgatlo. Sehloho sena jwale se se se entswe ka mokgwa o hlophisehileng sistimi o ka ithutwang. Ka ho ithuta sona o ka atleha ho seo o batlang ho se fihlella.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape