Let us know how it is going
8.‎1 BALA SEHLOOHO

Blow-offs

Ho Scientology, lebaka la nnete le thehilwe bakeng sa ho tloha ka tshohanyetso le ho sa hlaloseheng mesebetsing, malapa, makeishene le dibaka. Maeto ana a bitswa maqhubu a blow-offs.

Ena ke engwe ya dintho tseo Motho a neng a na le monahano wa hore o tseba ka tsona hore empa ha ho mohla a kileng a di sheba. E sena se mo file bothata bo boholo. Motho o ile a utlwa eka tsohle di hlalositswe, empa tlhaloso ya hae ha ya ka ya fokotsa palo ya mathata a tliswang ke maikutlo a ho “tlameha ho tsamaya.”

Mohlala, Motho o nnele a lephehlophehlo mabapi le sekgahla se phahameng sa tlhalo, phetoho ya mosebetsi difekthering le dinthong tse ding tse ngata tse bakwang ke ho tloha ka tshohanyetso ho sa hlaloseheng.

Re bona motho ya nang le mosebetsi o motle, eo mohlomong a ke keng a fumana e molemonyana, a nka qeto ya ho tloha le ho tsamaya. Re bona mosadi, ya nang le monna ya lokileng ka ho phethahala le ba lelapa, ba di siya kaofela. Kapa monna, ya nang le mosadi ya phethahetseng, a arohana le yena mme a tloha ntle ho lebaka le utlwahalang.

Motho o itlhalosa sena ka hore hona le dintho tse mpe tse etsweng ho yena mme o ne a ke ke a hlola a mamella mahlomola, a jwalo a tlameha ho tsamaya. Empa haeba sena e ne e le nnete, Motho e mong le e mong seo a neng a tla tlameha ho se etsa e ne e tla ba ho etsa maemo a ho sebetsa, manyalo, mesebetsi, thupelo ya lenaneo jwalo-jwalo ka tsohle tse ntle hahaolo mme bothata bo ne bo tla rarollwa. Leha ho le jwalo, ho shebisisa maemo a tshebetso le manyalo ho bontsha hore ntlafatso ya maemo hangata e eketsa palo ya blow-offs.

O ka tshwara batho hantle hoo ba ka hlajwang ke dihlong ka (ho tseba hore ha ba lokelwa), ke hoo ba ikutlwa ba tlameha ho tsamaya. Ka lehlakoreng le leng, o ka tswara batho hampe hoo ba se nang boikgethelo haese ho tsamaya. Empa ho tswara batho hantle kapa hampe hoo ba qobellwang ho tsamaya ho ntse ho sa arabe hore hobaneng batho ba bangata ba tlohela mosebetsi kapa lenyalo. Mohlala, mosadi o etsa sohle se matleng a hae ho etsa lenyalo empa monna ka tshohanyetso o ilo dula le mosadi e mong. Kapa motsamaisi o leka ho boloka kgwebo e sebetsa mme mosebeletsi o itsamela feela a sa re hobaneng a tlohile. Maeto ana a sa lebellwang, a senya mekgatlo le maphelo mme ke nako ya hore re a utlwisise.

BATHO BA TLOHA KA LEBAKA LA DI-OVERT LE WITHHOLDS TSA BONA.

Sena ke nnete. Motho ya nang le pelo e hlwekileng—ya tsebang hore o entse diketso tse nepahetseng mme a tshepahala—a ke ke a utlwa bohloko. Motho ya buang hore dintho tse mpe di entswe ho yena ebe o tloha lenyalong la hae kapa mosebetsing o tloha ka baka la di-overt le withholds tsa hae. Ha ho na ho tshwarehang hore na motho o tlohela lelapa, lenyalong, toropo kapa mosebetsing. Sesosa se ya tshwana—di-overt le withholds.

Hoo e ka bang mang kapa mang a ka rarolla bothata le ho lokisa boemo bo bobe haeba a hlile a batla. Empa ha motho a se a sa batle ho e hokahanya, ke di-ketso tsa overt le withholds tsa hae tse fokoditseng bokgoni ba hae ba ho etsa ho hong ka yone, e etsang hore ho tsamaya ho bonahale e le yona feela karabo e ka bang teng. Ho fana ka mabaka a ho tsamaya ha hae, motho ya tsamayang o lora dintho tse entsweng ho yena. Ho etsa hore di-overt tsa hae dibonahale di le nyane, o bua dintho tse mpe ka batho bao a ba utswisitseng bohloko.

Ha motho a tshosa ho tlohelang toropo, lenyalo, mosebetsi, kapa lenaneo la thupelo, ntho e mosa feela eo a lokelang ho e etsa ke ho senola di-ketso tsa overt le withholds tsa hae. Ho seng jwalo motho o qetella a tlohile, ka bohata a nahana hore o utlwisitswe bohloko, empa ha e le hantle a ikutlwa a le molato ka yena le diketso tsa hae.

Hwa makatsa hore na e nyane hakae, ho sa tshotellehe sesosa sa di-overt di bohlokwa ha kae mohlomong di ka baka motho a tlohe ka tshohanyetso.

Ha motho a dumela hore a ke ke a ithiba hore a se ke a lematsa motho ya mo thusitseng, o tla sireletsa motho eo ka ho tsamaya. Ena ke sesosa sa nnete sa blow-off. Ka hona, haeba o ne o ka ntlafatsa maemo a motho a ho sebetsa, o tla etsa hore di-overt tsa hae di bonahale di le mpe le ho feta ho yena, kahoo ho tla ba le bonnete hore o tla tloha.

Karabo bothateng bona ke ho sebedisa ditshebetso tsa Scientology ho phahamisetsa motho boemong bo phahameng ba boikarabello moo a ka nkang mosebetsi mme oo etse ntle le mehopolo yohle e makatsang “Ke tlameha hore o nketsa dintho kahoo nka tloha mme ka o sireletsa dinthong tsohle tse mpe tseo ke o etsang tsona.”

Ke tsela eo ho leng ka yona mme jwale ha re tseba motheo wa bothata, bona re ka etsa ho hong ka hona.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape