Let us know how it is going
2.‎1 BALA SEHLOOHO

Khoutu ya Maitshwaro

Nako le nako ha batho ba bokana ho sebetsa e le dihlopha, ba etsa ditumellano, hore na ho hlile ho boletswe kapa tjhe, mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng—ka mantswe a mang, se tla thusa sehlopha ho pholoha mme se tla ba kotsi ho pholoheng ha sona.

Sena se bitswa khoutu ya maitshwaro—sete ya ditumellano tseo motho ka mong a nkileng qeto ya ho di latela ho netefatsa hore sehlopha se ya phela.

Ha ntho e na le ditshobotsi tsa pholoho, ho thwe ke ya maitshwaro. Ketso ya pholoho ke ketso ya maitshwaro. Mme dintho tse kgahlano le ho pholoha di nkuwa e le tsa boitshwaro bo bobe.

Hore na o na le sehlopha sa batho ba babedi ba sebetsang mmoho, batho ba babedi ba thehang lenyalo kapa naha wohle e ntse e thewa—ha ho na taba hore na sephopha se nka qeto efe tumellanong e itseng. Ekaba tumellano ya letsatsi, tumellano ya kgwedi kapa tumellano ya dilemo tse makgolo a mahlano tse tlang.

Ho roba e nngwe ya ditumellano tsena e tsebahala e le tlolo. Ha ditho tsa sehlopha di roba maitshwaro a khoutu ao ho dumellanweng ka wona, hangata ba ikutlwa eka ba ke ke ba bolella ba bang ka yona. Ditlolo tsa molao di ka baka sesosa se sa rerwang mme tsa lebisa ho senyeheng ha ditumellano, tse entseng hore sehlopha se we.

Ho Scientology, bothata bo bakilweng ke ditlolo tse jwalo bo ile ba hlahlojwa ka botlalo. Hona le dikarolo tse pedi tsa bothata bona mme tsena di hlalositswe sengolweng se latelang.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape