Let us know how it is going
5.‎1 BALA SEHLOOHO

Se Nepahetseng le se Fosahetseng

Mehopolo e fapaneng eo batho le dihlopha ba nang le yona ka se nepahetseng le se fosahetseng hangata e bile sesosa sa dikgang le dikgohlano. Batho le dihlopha ba na le mehopolo ena e lwantshanang hobane ba na le melao ya maitshwaro a fapaneng. Ha ho letho le nepahetseng kapa le fosahetseng ka ho felletseng. Empa dithutong tsa Scientology, ho fumanwe se hlileng se tshehetsang taba yohle ya ho nepahala le ho se loke. Tlhahiso ena e ipapisitse le nnete, eseng maikutlo.

Ketso e nepahetseng e nepahetse ho isa tekanyong ya hore e thusa palo e kgolo ya batho kapa dibaka tsa bophelo, ho kenyeletswa lelapa la motho, sehlopha sa hae kapa sehlopha le moloko wa Batho ka kakaretso. Ketso e nepahetseng e thusa ho phela.

Mme ka hona ketso e fosahetseng e fosahetse ho isa tekanyong e utlwisang batho ba bangata bohloko kapa dikarolo tsa bophelo. E fokotsa bophelo ba batho ba bangata.

Tabeng ya ho nepahala kapa ho fosahala, motho a ka ferekana haholo monahanong wa hae. Batho ba bang ba etsa dintho tse fosahetseng haholo mme ba tsitlella hore ba etsa se nepahetseng.

Hona le ho hong ho sa utlwahaleng kapa hwa utlwahala ka “bong bo nepahetseng” ho hlalosang hore na hobaneng sena se etsahala. Ho boletswe feela, hore ho na le maikutlo kapa tsamaiso ho motho e mong le e mong leka ho nepahala. Sena ke sona se etsahalang molemong wa ho utlwisa ba bang bohloko. Hangata re bona sena bathong ba nyatsang ba bang haholo.

Mohlomong o kile wa bona motho ya itshereletsang, a leka ho hlalosa boitshwaro kapa diketso tseo ho hlakileng di fosahetse. Ditlhaloso tse ngata tsa boitshwaro, hose se tshwarehang ho sa utwahaleng kapa ho le thata ho dumela, ho bonolo ha kae kapa ho thata ho di dumela di bonahala di nepahetse hantle ho motho ya di etsang kaha motho eo o tsitlella feela hore o nepile mme ba bang ba fositse.

Motho o leka ho etsa ho nepahala mme o lwantsha ho ba phoso. Sena ha se na kamano le ho ba hantle mabapi le ho hong kapa ho etsa dintho tse nepahetseng. Ke taba e kgothalletswang e sa ameheng ka boitshwaro bo nepahetseng phehello seo ha se na taba le boitshwaro bo nepahetseng.

Motho o leka ho loka kamehla, ho fihlela qetellong.

Jwale, motho o dula a fositse jwang?

Motho a ka fosa ka tsela ena:

O etsa ketso e fosahetseng, ka phoso kapa ka ho hloleha ho hlokomela ho hong. Phoso ya ketso kapa ho se etse ketso e hohlana le tlhoko ya motho ya ho nepahala. Kahoo a ka tswela pele ho pheta ketso e fosahetseng ho paka hore e nepahetse.

E le mohlala, mosadi o dula a tshesa dijo tsa mantsibuya. Leha a omanywa, ditsoso tsa tlhalo jwalo-jwalo, o ntse a tswela pele ho e etsa. O ka fedisa phoso ena ka ho etsa hore a hlalose se leng hantle ka ho pheha ha hae. Sena se kanna sa tlisa kgalefo le ho hwelehetsa. Empa ha o ka tswelapele ho botsa potso, tsamaiso ya hae ya ho tjhesa dijo tsa mantsibuya e tla fela mme o tla emisa ka thabo ho etsa jwalo. A ka ba a hopola nako e fetileng ha a ne a tjhesa dijo tsa hae ka phoso mme a sitwa ho tobana le ho etsa ketso ena e fosahetseng. Hoba jwalo, ka mora moo o ile a tlaheha ho tjhesa dijo tsa mantshibuya.

Ho na le mohopolo wa mantlha ka monahano kapa boitshwaro bofe kapa bofe bo sa utlwahaleng:

Diketso tsohle tsefosahetseng ke ditholwana tsa mehla e latelwang ke ho tsitlallela hore o nepile. Sebakeng sa ho lokisa phoso (e neng e tla kenyelletsa ho ba phoso), motho o tsitlella hore phoso e bile ketso e nepahetseng kahoo wa e pheta.

Ho nepahala ke senotlolo sa ho pholoha. Empla ho na le sefi seo ho bonahalang Motho a sa kgone ho tswa ho sona: di-overt tse bokellanang hodima di-overt, tse matlafaditsweng le ho feta ke motho ya tswelang pele ho tsitlallela ho loka ha hae.

Ka lehlohonolo, hona le mokgwa o tiileng hoba tswa ho sifi sena, ho sebedisa disebediswa tsa Scientology.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape