Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Botshepehi le ho Tshepahala

Ho ka bolelwa hore botshepehi ke ho tseba le hoetsa seo o se tsebang ho ba nnete le ho nepahala, ho sa tsotellehe letho ho fapaneng. Ke eng se etsang hore o lahlehelwe ke seriti sa hao, mme, le, boitlhompho? E ka fumanwa hape jwang?

Hona ke eng se etsang hore batho ho itlosa ho bophelo? Ba siya mosebetsi o motle oo ba neng ba o thabela? Kapa ba tele mesebetsi eo pele e neng e bolela ho hoholo ho bona? Batho ba tsebahala ho qhala lenyalo ebe ba tloha ntle ho lebaka le utlwahalang. Ho fihlela jwale ha ho so ka ho ba le bothata bo tebileng jwalo.

Motho a ka ikutlwa a le mobe ka seo a se entseng nakong e fetileng mme a bonahala a sa fumane phomolo. Empa ho ikwahlaya ka tse fetileng ha ho hloke ho o hulela hole le ho nka karolo ha jwale.

L. Ron Hubbard o fumane se hlileng se etsang hore batho ba itlosa lenyalong, dihlopheng, mosebetsing ya bona esita le ditorong tsa bona tsa bokamoso bo thabileng.

Scientology e na le mekgwa-tsamaiso le disebediswa tse nepahetseng ho thusa motho ho itlosa ditlamorao tsa diphoso tsa nako e fetileng. Ka disebediswa tsena, motho a ka ithusa le ba mo potileng ho ikutlwa e le karolo ya sehlopha hape, ho kgutlisa seriti le boitlhompho mme a mo nolofalletsa ho fumana kapa ho matlafatsa tshepo le setswalle sa ba bang.

Thuto ena e tla o fa metheo ya kutlwisiso ya mathata a amanang le botshepehi le nnete le disebediswa tse ding tsa bohlokwa tseo o ka di sebedisang ho ithusa kapa ho thusa ba bang ho phela bophelo bo thabileng.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Bobe le Botle

Molemo o bolela ho etsa dintho tse thusang, ho aha, ho etsa hore dintho di be betere, ho etsa hore batho ba thabe, jwalo-jwalo. Bobe bo bolela ho etsa dintho tse kotsi kapa tse bakang bohloko bo boholo, ho kwata, masisa-pelo, jwalo-jwalo. Ke ntho e mpe kapa e fosahetseng.

Motho o lokile. O leka ho etsa dintho tse tla thusa ba bang le ho ntlafatsa dintho. Ha a batle ho intsha kotsi kapa ho utlwisa batho ba bang bohloko. Ha motho a utlwisa ba bang bohloko, o tla itshenya ho pholosa batho kapa dintho tseo a di utlwisitseng bohloko.

Empa ho bolelwa eng ka hore ntho e “ntle” kapa e “mpe,” e “nepahetse” kapa e “fosahetse”? Karabo e amana le ho pholoha. Pholoha e bolela ho kgona ho dula bo phela kapa ho tswela pele ho phela kapa ho ba teng. Ho feta moo, ho bolela ho phela halelele kamoo o ka kgonang.

Ketso efe kapa efe e thusang ho phela e nkuwa e lokile. Diketso tse ntle ka ho fetisisa ke tse tlatsetsang eseng ho motho ka boyena feela, empa le ho lelapa la hae, sehlopha sa hae, dintho tse bonahalang, Moloko wa Batho kapa bophelo.

Ntle le moo, ho ba molemo, thuso ya kaho (kapa thuso bakeng sa ntlafatso) eo ketso e e tlisang e tlameha ho ba kgolo ho feta tshenyo eo e e bakang. Ka mohlala, pheko e ntjha ya bolwetse e ka ba pheko e amohelehang haeba e ka pholosa maphelo a lekgolo empa ya bolaya motho a le mong.

Molemo hape o ntse o nepile ho feta kamoo o fositseng. Molemo ke ho atleha ho feta kamoo o sa atlehang, ka tsela e thusang kapa e ntlafatsang batho ba bang le dintho.

Bobe ke se fapaneng le botle. Ha ketso (ntho eo motho a e etsang) e senya ho feta ha e haha, e mpe. Ha ketso e thusa ho inehela ho (hloleha kapa ho shwa) ho feta kamoo ethusang ho phela, ke ketso e mpe. Ntho efe kapa efe e mpe e tlisang timetso ya batho, dihlopha kapa e fokotsang bokamoso ba moloko wa batho.

Ka kakaretso, boitshwaro bo botle ke ho pholoha. Boitshwaro bo bobe ke ho se phele.

Ketso kapa qeto ya (mohopolo kapa qeto eo motho a e nkang) e nepahetse ha eba e thusa hore ha ho pholohe motho, lelapa, sehlopha, Moloko wa Batho kapa bophelo bo etsang qeto.

Ketso kapa qeto e fosahetse ho isa tekanyong ke e senang pholoso ho motho, lelapa, sehlopa, Moloko wa Batho kapa bophelo. Phoso e kgolo eo motho a ka e etsang ke ho shwa.

Motho kapa sehlopha seo, ka karolelano, se nepahetseng ho feta se fosahetseng se lokela ho phela. Motho kapa sehlopha seo, ka karolelano, se nepahetseng ho feta se fosahetseng se tla inehela.

Boitshwaro bo sa tshepahaleng ke bo senang ho pholoha. Ha o re o tla etsa ho hong mme o ho etsa, o a tshepahala mme hoo ke ho phela—empa ha feela o etsa seo o reng o tla se etsa. Ho ba fokolang, batho ba boi (batho ba etsang ketso ya bofokodi) le ba sa utlwahaleng (batho ba se nang kelello le ba se nang kahlolo e molemo), ho se tshepahale, ho utlwisa ba bang bohloko le ho senngwa ha tshepo ya bona ho ka bonahala e le yona feela tsela ya bophelo.

Batho ba etsa dintho tse sa tshepahaleng kapa tse senyang ka lebaka la tshabo. Mashano a buuwa hobane motho a tshaba se tla etsahala ha a bua nnete. Kahoo raleshano ke lekwala kamehla ebile lekwala kamehla o leshano.

Mohlomong ho ne ho bonahala ho tlwaelehile ebile ho nepahetse hantle ho batho ba bang hore ba phela setjhabeng se tletseng dithethefatsi, ditlokotsebe, le bohlanya. Sena ha se ntho e tlwaelehileng ebile ha se hlokahale. Ho a kgonahala hore batho bohle ba phele bophelo bo thabileng, bo atlehileng. E qala ka ho utlwisisa phapang pakeng tsa botle le bobe, se nepahetseng le se fosahetseng.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape