Let us know how it is going

BOTSHEPEHI LE HO TSHEPAHALA

THUTO YA KAKARETSO

Re ya o Amohela ho Thuto ya Inthanet ya Botshepehi le ho Tshepahala

Ho ka bolelwa hore botshepehi ke ho tseba le hoetsa seo o se tsebang ho ba nnete le ho nepahala, ho sa tsotellehe letho ho fapaneng. Ke eng se etsang hore o lahlehelwe ke seriti sa hao, mme, le, boitlhompho? E ka fumanwa hape jwang?

Hona ke eng se etsang hore batho ho itlosa ho bophelo? Ba siya mosebetsi o motle oo ba neng ba o thabela? Kapa ba tele mesebetsi eo pele e neng e bolela ho hoholo ho bona? Batho ba tsebahala ho qhala lenyalo ebe ba tloha ntle ho lebaka le utlwahalang. Ho fihlela jwale ha ho so ka ho ba le bothata bo tebileng jwalo.

Motho a ka ikutlwa a le mobe ka seo a se entseng nakong e fetileng mme a bonahala a sa fumane phomolo. Empa ho ikwahlaya ka tse fetileng ha ho hloke ho o hulela hole le ho nka karolo ha jwale.

L. Ron Hubbard o fumane se hlileng se etsang hore batho ba itlosa lenyalong, dihlopheng, mosebetsing ya bona esita le ditorong tsa bona tsa bokamoso bo thabileng.

Scientology e na le mekgwa-tsamaiso le disebediswa tse nepahetseng ho thusa motho ho itlosa ditlamorao tsa diphoso tsa nako e fetileng. Ka disebediswa tsena, motho a ka ithusa le ba mo potileng ho ikutlwa e le karolo ya sehlopha hape, ho kgutlisa seriti le boitlhompho mme a mo nolofalletsa ho fumana kapa ho matlafatsa tshepo le setswalle sa ba bang.

Thuto ena e tla o fa metheo ya kutlwisiso ya mathata a amanang le botshepehi le nnete le disebediswa tse ding tsa bohlokwa tseo o ka di sebedisang ho ithusa kapa ho thusa ba bang ho phela bophelo bo thabileng.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Thutong ena o tla ithuta:

  • Lebaka leo motho a lahlehelwang ke maikutlo a hae a boleng le boihlompho.
  • Ke eng e etsang hore batho ba itokolle dikamanong tsa bona, mesebetsing ya bona, ka dihlopha tsa bona kapa esita le ditorong tsa bona.
  • Tsebo e nepahetseng e o thusang ho tlosa bobe ba nakong e fetileng — ho fokotsa mahlomola a bakilweng ke ditlolo.

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.