Let us know how it is going
10.‎1 BALA SEHLOOHO

Ho Ngola Di-Overt le Withholds

Ho Scientology, ho tsebahala ka nako e telele hore ha motho a e-na le di-overt le withholds (O/Ws), di mo thibela ho phela bophelo bo felletseng, bo mafolofolo le bo thabileng. Di-overt ke lebaka le leholo ka ho fetisisa le etsang hore motho a ithibe ho etsa dintho.

Motho ya nang le di-overt le withholds, ha a kgone ho susumetsa bophelo ba hae le ba bang ba mopotapotileng mme o kgaotsa ho buisana le batho bao le dihlopha tseo a entseng di-overt ho tsona.

Ho ngola di-overt le withholds ho fana ka tsela ya ho tswa. Ka ho tobana le motho (ho shebisisa bonnete ba ntho e itseng), motho a ka ba le boiphihlelo le ho ba mafolofolo dikarolong tsa bophelo ba hae.

Ha o ngola fatshe di-overt le withholds, o tlameha ho latela mehato e ka tlase ebe o totobatsa ntlha ka nngwe. Sena ke hore o tle o be le boiphihlelo le phomolo e kgolo ka ho fetisisa ka ho-ngola.

  1. Ho ngola overt le withhold.
  2. Ngola dintlha tse latelang tse amanang le ketso kapa ketso e sa tobang:
    1. Nako (motsotso o tobileng, hora, letsatsi, kgwedi le selemo ha ntho enngwe e etsahetse)
    2. Sebaka (sebaka se itseng moo ntho e etsahetseng teng)
    3. Foromo (peakanyo ya dintho le tsela e tobileng eo ntho e etsahetseng ka yona)
    4. Ketsahalo (hantle feela, ntho e etsahetseng).

Ho bohlokwa ho ngola nako, sebaka, foromo le ketsahalo ho fumana hantle se entsoeng.

Mohlala 1:

1. Ke ile ka thula koloi ya motswalle wa ka ha ke tswa sebakeng seo ke pakang ho sona mosebetsing mme ditsenyehelo tsa koloi ya hae ya eba didolara tse ka bang makgolo a mahlano.

2. Ka la 30 Phuptjane 2017, ha ke tsamaya mosebetsing, ke ne ke kgutlisetsa koloi morao sebakeng sa ka sa ho paka makoloi mme ka otla mokokotlo wa koloi ya motswalle wa ka Joe. Ho ne ho se motho e mong haufi le sebaka sa ho paka makoloi se ne se batla se se na motho. Ke ile ka kganna, ke sa siye lengolo kapa ho jwetsa Joe, ke tseba hore ke sentse koloi ya hae ka ditsehyehelo tse ka bang makgolo a mahlano tsa didolara ditshenyehelo tsa koloi ya hae, tseo a neng a lokela ho di patala.

(NAKO le letsatsi leo e etsahetseng ka lona: 30 Phuptjane 2017, hake ne ke tloha mosebetsing. SEBAKA seo e etsahetseng ho sana: sebaka sa ho paka makoloi mosebetsing. FOROMO ke ka tsela eo e etsahetseng ka yona: ho otla ka morao koloing ya motswalle wa hae ha ho ne ho se matho e mong, sebaka sa ho paka makoloi se ne se se na motho mme o ile a kganna a sa siya molaetsa kapa a jwetsa Joe. KETSAHALO ke se etsahetseng ka lebaka leo: ke ho senya koloi ya Joe eo a tlamehang ke ho patalla ditshenyehelo tsa koloi ya Joe, didolara tse ka bang makgolo a mahlano.)

Mohlala 2:

1. Ke qhekelletse mosadi wa ka (Sally) ka ho bona mosadi e mong mme ha ho mohla nkileng ka mo jwetsa ka sena.

2. Dilemong tse tharo tse fetileng, ha ke ne ke nyala Sally, ka qala ho mo qhekanyetsa ka ho bona mosadi e mong. Ha ke e-so bolelle Sally ka sena. Hoseng ho hong ka Phuptjane 2014, ke ne ke bolelletse Sally hore ke tla mo isa difiliming bodung boo. Ha ke kgutla mosebetsing, ha ke le lebenkeleng, ke ile ka bona kgarebe ya ka ya kgale (Barbara). Ke ile ka kopa Barbara ho tswa dijong le nna bosiung boo mme a dumela. (O ne a sa tsebe hore ke nyetse.) Ke mo jwetsitse hore ke tla mo lata ka 8:00 P.M. bosiung boo. Ha ke fihla hae ke tswa lebenkeleng, ke ile ka re ho Sally ke le ka tlameha ho kgutlela mosebetsing ho ya etsa dintho tse ding mme nkeke ka kgona ho ya difiliming le yena. Yaba ke tswa dijong le Barbara toropong e nngwe (Ntlong ya Baeti) e le hore ke se ke ka ipeha kotsing ya ho bona emong wa metswalle ya ka.

(NAKO ke letsatsi leo e etsahetseng ka lona: dilemong tse tharo tse fetileng, ka Phuptjane 2014. SEBAKA seo e etsahetseng ho sana: toropong e nngwe Ntlong ya Baeti. FOROMO ke ka tsela eo e etsahetseng ka yona: ho bona kgarebe ya hae ya kgale, ho mo kopa hore a je dijo tsa mantsibuya bosuing boo, ho mo amohela le ho jwetsa Sally hore o tlameha ho kgutlela mosebetsing mme a ke ke a kgona ho ya difiliming le yena. KETSAHALO ke se etsahetseng ka lebaka leo: ho tswa dijong tsa mantshibuya le Barbara toropong e nngwe hore a se ipehe kotsing ya ho bona metswalle ya hae.)

Ho ngola di-overt le withholds ke ketso e bonolo, empa ha se mohato wa bohlokwa wa ho tlosa tse fetileng le ho fetela pele tokolohong e kgolo le thabo le sa feleng.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape