Let us know how it is going
4.‎1 BALA SEHLOOHO

Botshepehi le Tokoloho

Botshepehi bo bolela ho bua nnete mme ho se letho leo o le patang. Motho ya buang nnete mme a sa bue leshano kapa ho leka ho kgelosa ba bang. O ka tshejwa.

Kamora hore o fihle boemong bo phahameng ba bokgoni, o tla ba wa pele wa ho tsitlallela ditokelong tsa hae (ditokelo le bolokolohi, jwalo ka bolokolohi ba puo, bo fuwang batho ke molao) ho dula le batho ba tshepahalang.

Ke phoso ho sebedisa “tokoloho” e le ngangisano ho sireletsa batho bao ba neng ba tla senya feela.

Ditokelo tsa motho ka mong di entswe ho tlisa tokoloho ho batho ba tshepahalang. Empa batho ba tshepahalang hangata ba lekile ho sebedisa ditokelo tsena ho boloka diketso tsa bona tse mpe di se ke tsa senolwa.

Tokoloho ke ya batho ba tshepahalang. Motho ya sa tshepahaleng a keke a lokoloha haeba a na le dintho tseo a di patang. Ha diketso tsa hae di ke ke tsa tsebahala, jwale ke motshwaruwa ka boena. O ikutlwa a tlameha ho ipolokela ho batho ba bang hobane a tshaba hore o tla ba utlwisa bohloko hape. Ha o sireletsa batho ba sa tshepahaleng, o ba qobella ho phela bophelo ba mahlomola le bodutu.

Hona le tsela e le nngwe fela ya ho tswa bakeng sa bolotsana ba motho ya sa tshepahaleng mme seo a lokelang ho se etsa ke ho tobana le boikarabello ba hae setjhabeng mme ha waba le puisano le batho ba bang, lelapa la hae le lefatshe.

Tokoloho bakeng sa Motho ha e bolele tokoloho ya ho ntsha Motho kotsi. Bolokolohi ba puo ha bo bolele tokoloho ya ho ntsha kotsi ka mashano.

Motho a ke ke a lokoloha ha ho ntse ho na le ba mo potileng ba nang le dintho tseo ba di patang ka diketso tsa bona tse kotsi.

Ho lokoloha, motho o tlameha ho tshepahala ho yena le ho batho bao a phelang le ho sebetsa le bona.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape